Ho Lumella ha Molimo Mahlomola ho Haufi le ho Fela
HOHLE moo u shebang teng, ho na le mahlomola. Batho ba bang ba ipakela ’ona. Ba tšoaroa ke mafu a fetisoang ka ho kopanela liphate kapa ba angoa ke liphello tsa tšebeliso e mpe ea lithethefatsi kapa tahi kapa ho tsuba. Kapa ba ka ba le mathata a bophelo ka lebaka la mekhoa e fosahetseng ea ho ja. Leha ho le joalo, mahlomola a mangata a bakoa ke lintho kapa liketsahalo tseo motho feela ea tloaelehileng a ke keng a li laola: ntoa, pefo ea merabe, tlōlo ea molao, bofutsana, tlala ea sekoboto, boloetse. Ho hong hape hoo ha e le hantle batho ba ke keng ba ho laola ke mahlomola a amanang le botsofali le lefu.
Bibele e re tiisetsa hore “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Joale, ke hobane’ng ha Molimo ea lerato a lumeletse hore mahlomola aa ’ohle a tsoele pele ka makholo a lilemo a mangata hakaale? O tla lokisa boemo neng? Ho araba lipotso tse joalo, ho hlokahala hore re hlahlobe morero oa Molimo ka batho. Sena se tla re thusa hore re utloisise lebaka leo ka lona Molimo a lumeletseng mahlomola le seo a tla se etsa ka ’ona.
Mpho ea Boikhethelo
Ha Molimo a bōpa motho oa pele, o ile a etsa ho fetang feela ’mele o nang le boko. Ho feta moo, Molimo ha aa ka a bōpa Adama le Eva hore e be liroboto tse se nang kelello. O ile a kenya matla a boikhethelo ka ho bona. ’Me seo e bile mpho e babatsehang, kaha “Molimo [o ile] a bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng ’me, bonang! e ne e le molemo haholo.” (Genese 1:31) E, “mosebetsi oa hae o phethahetse.” (Deuteronoma 32:4) Kaofela ha rōna re ananela mpho ena ea boikhethelo hobane ha re batle hore mehopolo eohle ea rōna le liketso tsohle tsa rōna li laoloe ho se mohla re bang le lentsoe nthong leha e le efe.
Leha ho le joalo, na mpho e ntle ea boikhethelo e ne e lokela ho sebelisoa ho se na meeli? Litaelong tse filoeng Bakreste ba pele, Lentsoe la Molimo lea araba: “E-bang joaloka batho ba lokolohileng, leha ho le joalo le se ke la ba le tokoloho ea lōna joaloka lesira le patang bobe, empa joaloka makhoba a Molimo.” (1 Petrose 2:16) Molemong oa bohle, ho lokela hore ho be le meeli. Kahoo, boikhethelo bo ne bo lokela ho lekanyetsoa ke molao. Ho seng joalo, ho ne ho tla fella ka moferefere.
Molao oa Mang?
Ke molao oa mang o neng o tla lekanyetsa meeli e loketseng ea tokoloho? Karabo ea potso ena e amana le lebaka la sehlooho leo ka lona Molimo a lumeletseng mahlomola. Kaha Molimo o bōpile batho, o tseba hamolemo hore na ho hlokahala hore ba utloe melao efe molemong oa bona le molemong oa ba bang. Bibele e e beha ka tsela ena: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.”—Esaia 48:17.
Ka ho hlakileng, ntlha ea bohlokoa ke ena: Batho ha baa bōpeloa hore ba iketsetse lintho kantle ho tataiso ea Molimo. O ba entse ka tsela eo ka eona katleho ea bona le thabo ea bona li itšetlehileng ka ho utloa melao ea hae e lokileng. Moprofeta oa Molimo, Jeremia, o itse: “Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.”—Jeremia 10:23.
Molimo o ile a beha moloko oa batho tlas’a taolo ea melao ea hae ea tlhaho, e kang molao oa khoheli. Ka ho tšoanang, o ile a beha batho tlas’a taolo ea melao ea hae ea boitšoaro, e reretsoeng ho etsa sechaba se nang le kutloano. Kahoo, ka lebaka le utloahalang, Lentsoe la Molimo lea phehella: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao.”—Liproverbia 3:5.
Kahoo, ha ho mohla lelapa la batho le ka atlehang ho itaola kantle ho puso ea Molimo. Ha ba leka ho iketsetsa lintho kantle ho tataiso ea hae, batho ba ne ba tla qapa litsamaiso tse neng li tla loantšana tsa sechaba, moruo, lipolotiki le bolumeli, ’me ‘motho o ne a tla busa motho ho mo ntša kotsi.’—Moeklesia 8:9.
Ho Ile ha Senyeha Hokae?
Molimo o ile a qalisa batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva, maemong a phethahetseng. Ba ne ba e-na le ’mele le likelello tse phethahetseng le lehae leo e neng e le serapa sa paradeise. Hoja ba ile ba ikokobelletsa puso ea Molimo, ba ka be ba ile ba lula ba phethahetse ba bile ba thabile. Hamorao, ba ka be ba ile ba fetoha batsoali ba lelapa lohle le phethahetseng, le thabileng la batho ba phelang lefatšeng la paradeise. Oo e ne e le morero oa Molimo ka moloko oa batho.—Genese 1:27-29; 2:15.
Leha ho le joalo, baholo-holo ba rōna ba pele ba ile ba sebelisa boikhethelo ba bona hampe. Ka phoso ba ile ba nahana hore ba ka atleha ho iketsetsa lintho kantle ho tataiso ea Molimo. Ka boikhethelo ba bona, ba ile ba tlōla meeli ea melao ea hae. (Genese, khaolo ea 3) Kahobane ba ile ba hana puso ea hae, o ne a se a sa tlameha ho ba boloka ba phethahetse. ‘Ba ile ba etsa ka mokhoa o senyang, ha baa ka ba lula e le bana ba hae, ’me sekoli e ne e le sa bona.’—Deuteronoma 32:5.
Ho tloha ka nako eo ka eona Adama le Eva ba sa kang ba mamela Molimo, ’mele ea bona le likelello tsa bona li ile tsa qala ho senyeha. Mohloli oa bophelo ke Jehova. (Pesaleme ea 36:9) Kahoo, ka lebaka la ho ikarola ho Jehova, banyalani ba pele ba batho ba ile ba fetoha ba sa phethahalang ’me qetellong ba shoa. (Genese 3:19) Tumellanong le melao ea liphatsa tsa lefutso, bana ba bona ba ne ba ka fumana feela seo batsoali ba bona ba neng ba e-na le sona. Ba ne ba e-na le eng? Ho se phethahale le lefu. Kahoo, moapostola Pauluse o ile a ngola: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong [Adama] le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.”—Baroma 5:12.
Tseko e ka Sehloohong—Bobusi
Ha Adama le Eva ba fetohela Molimo, ba ile ba phephetsa bobusi ba hae, ke hore, tokelo ea hae ea ho busa. Jehova a ka be a ile a ba timetsa eaba o qalisa bocha ka banyalani ba bang, empa seo se ka be se sa rarolla tseko ea hore na ke puso ea mang e nepahetseng le e molemohali bakeng sa batho. Ha batho ba filoe nako ea ho theha lichaba tsa bona ho ea ka likhopolo tsa bona, ba ne ba tla bontša kantle ho pelaelo leha e le efe hore na ebe ho ipusa kantle ho tataiso ea Molimo ho ka hla ha atleha kapa che.
Lilemo tse likete tsa histori ea batho li re senolela eng? Ka makholo ao ’ohle a lilemo, batho ba lekile mefuta e mengata ea litsamaiso tsa sechaba, tsa moruo, tsa lipolotiki le tsa bolumeli. Leha ho le joalo, bokhopo le mahlomola li tsoetse pele. Ha e le hantle, ‘batho ba khopo ba tsoetse pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang,’ haholo-holo nakong ea rōna.—2 Timothea 3:13.
Lekholong la bo20 la lilemo saense le indasteri li ile tsa fihla tlhōrōng ea katleho. Empa hape ho ile ha e-ba le mahlomola a mabe ka ho fetisisa historing eohle ea moloko oa batho. ’Me ho sa tsotellehe khatelo-pele e etsoang ho tsa bongaka, molao oa Molimo e sa ntsane e le ’nete: Batho ba ikarotseng ho Molimo—mohloli oa bophelo—baa kula, baa tsofala ebile baa shoa. Ho pakiloe ka ho hlakileng hakaakang hore batho ba ke ke ba ‘tsamaisa mehato ea bona’!
Bobusi ba Molimo Boa Tiisoa
Teko ena e bohloko ea ho iketsetsa lintho kantle ho tataiso ea Molimo e bontšitse ntle ho pelaelo hore le ka mohla puso ea batho kantle ho eena e ke ke ea atleha. Ke puso ea Molimo feela e ka tlisang thabo, bonngoe, ho phela hantle ’meleng le bophelo. Ho feta moo, Lentsoe la Jehova Molimo le sa foseng, Bibele e Halalelang, le bontša hore re phela “matsatsing a ho qetela” a puso ea batho kantle ho tataiso ea Molimo. (2 Timothea 3:1-5) Ho mamella ha Jehova sena hammoho le ho mamella bokhopo le mahlomola ho haufi le ho fela.
Haufinyane Molimo o tla kenella litabeng tsa batho. Mangolo aa re bolella: “Matsatsing a marena ao [mebuso ea batho e teng hona joale] Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso [leholimong] o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang [batho ba ke ke ba hlola ba busa lefatše hape]. O tla silakanya o felise mebuso ena [puso ena ea hona joale] kaofela, ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.”—Daniele 2:44.
Sehlooho sa Bibele ke ho tlosoa ha qoso bobusing ba Jehova Molimo ka ’Muso oa leholimo. Jesu o ile a se etsa thuto ea hae e hlaheletseng. O ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.”—Matheu 24:14.
Ha puso ea Molimo e nkela puso ea motho sebaka, ke bo-mang ba tla pholoha hona ke bo-mang ba ke keng ba pholoha? Ho Liproverbia 2:21, 22, rea tiisetsoa: “Ba lokileng [ba tšehetsang puso ea Molimo] ke bona ba tla lula lefatšeng, ’me ba sa tšoauoeng phoso ke bona ba tla sala ho lona. Ha e le ba khopo [ba sa tšehetseng puso ea Molimo], ba tla felisoa lefatšeng.” Mopesaleme ea bululetsoeng ke Molimo o ile a bina: “Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng . . . Empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata. Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:10, 11, 29.
Lefatše le Lecha le Tsotehang
Tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo, baphonyohi ba bofelo ba tsamaiso ea joale ea lintho ba tla kenngoa lefatšeng le hloekisitsoeng bokhopo le mahlomola. Moloko oa batho o tla fuoa taeo e fanoeng ke Molimo, ’me hamorao “lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova joalokaha metsi a koahetse leoatle.” (Esaia 11:9) Thuto ena e hahang, e thusang, e tla fella ka hore ho be le sechaba se tletseng khotso e le kannete, se nang le kutloano. Kahoo, ha ho sa tla hlola ho e-ba le ntoa, polao, pefo, peto, bosholu kapa tlōlo e ’ngoe hape ea molao.
Melemo e tsotehang e bonahalang e tla fumanoa habonolo ke batho ba bontšang kutlo ba phelang lefatšeng le lecha la Molimo. Ho tla tlosoa liphello tsohle tse mpe tsa ho fetohela puso ea Molimo. Ho se phethahale, ho kula, botsofali le lefu li tla fela. Bibele ea re tiisetsa: “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” Ho feta moo, Mangolo aa tšepisa: “Ka nako eo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, ’me litsebe tsa ba sa utloeng litsebeng li tla buleha. Ka nako eo ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla, ’me leleme la ea sa khoneng ho bua le tla hooa ka nyakallo.” (Esaia 33:24; 35:5, 6) E tla ba ho thabisang hakaakang ho tlala bophelo letsatsi le leng le le leng—ka ho sa feleng!
Tlas’a tataiso e lerato ea Molimo, baahi ba lefatše leo le lecha ba tla sebelisa matla le bohlale ba bona ho haha paradeise ea lefatše lohle. Bofutsana, tlala le ho hloka lehae li tla ba sieo ka ho sa feleng, etsoe boprofeta ba Esaia bo re: “Ka sebele ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng; ba ke ke ba lema ’me e mong a je.” (Esaia 65:21, 22) Ha e le hantle, “ka sebele e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele.”—Mikea 4:4.
Lefatše le tla arabela hantle tlhokomelong e lerato ea Molimo le ea batho ba bontšang kutlo. Mangolo a re tiisetsa sena: “Lefeella le sebaka se se nang metsi li tla thaba, le thota ea lehoatata e tla thaba ’me e thunye joaloka safrone. . . . Metsi a tla tšikhunya lefeelleng, le melapo e phoroselang e tšikhunye thoteng ea lehoatata.” (Esaia 35:1, 6) “Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.”—Pesaleme ea 72:16.
Ho thoe’ng ka batho ba limilione tse likete ba shoeleng? Ba leng khopolong ea Molimo ba tla boela ba phele, etsoe “ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” (Liketso 24:15) E, bafu ba tla boela ba phele. Ba tla rutoa linnete tse tsotehang mabapi le puso ea Molimo ’me ba fuoe monyetla oa ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng.—Johanne 5:28, 29.
Ka lintho tsena, Jehova Molimo o tla etsolla ka ho feletseng boemo bo bobe ba mahlomola, ho kula le lefu bo ’nileng ba kenya moloko oa batho bokhobeng ka lilemo tse likete. Ho kula ho ke ke ha hlola ho e-ba teng! Kholofalo e ke ke ea hlola e e-ba teng! Lefu le ke ke la hlola le e-ba teng! Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele [li tla be] li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.
Ke kamoo Molimo a tlang ho felisa mahlomola kateng. O tla felisa lefatše lena le senyehileng ’me a kenye tsamaiso ea lintho e ncha ka ho feletseng eo “ho loka ho tla aha” ho eona. (2 Petrose 3:13) Tsee ke litaba tse molemo hakaakang! Re hloka lefatše leo le lecha ka tieo. ’Me ho ke ke ha hlokahala hore re lete nako e telele pele re le bona. Ho tsoa phethahatsong ea boprofeta ba Bibele, rea tseba hore lefatše le lecha le monyako, ’me ho lumella ha Molimo mahlomola ho haufi le ho fela.—Matheu 24:3-14.
[Lebokose le leqepheng la 8]
Ho Hlōleha ha Puso ea Batho
Mabapi le puso ea batho, Helmut Schmidt eo e kileng ea e-ba Mochanselara oa Jeremane o ile a re: “Rōna batho . . . kamehla re ’nile ra busa lefatše ka mokhoa o sa fellang, ’me hangata e le hampe haholo. . . . Ha ho mohla re kileng ra le busa ka khotso e feletseng.” Human Development Report 1999 e ile ea re: “Linaha tsohle li tlaleha hore moralo oa tsona oa sechaba oa senyeha, ka pherekano sechabeng, tlōlo e eketsehileng ea molao, pefo e eketsehileng ka malapeng. . . . Litšokelo lia eketseha lefatšeng, li phahamela matla a lichaba a ho li thibela, ’me li ba ka holimo ho se etsoang ke machaba.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 8]
“Ka sebele ba tla fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata.”—Pesaleme ea 37:11
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 5]
Third from top, mother and child: FAO photo/B. Imevbore; bottom, explosion: U.S. National Archives photo