Ho Utloa Bohloko ha Batho—Ke Hobane’ng ha Molimo a ho Lumella?
QALONG ea histori ea motho, ka sebele ho ne ho se meokho e bakoang ke masoabi kapa bohloko. Ho utloa bohloko ha batho ho ne ho le sieo. Moloko oa batho o ile oa qalisoa ka tsela e phethahetseng. “Molimo oa bona tsohle tseo o li entseng hoba li molemo haholo.”—Genese 1:31.
Empa ba bang baa hanyetsa, ‘Pale ea Adama le Eva tšimong ea Edene ke setšoantšo feela.’ Hoa soabisa hore ebe baruti ba bangata ba Bokreste-’mōtoana ba rialo. Leha ho le joalo, Jesu Kreste ea neng a e-na le matla a phahameng o ile a tiisa ka boeena hore liketsahalo tsa Edene ke tsa histori. (Mattheu 19:4-6) Ho feta moo, tsela feela ea ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumelletse ho utloa bohloko ha batho ke ea ho hlahloba liketsahalo tsena tsa histori ea motho moo e qalang teng.
Motho oa pele, Adama, o ne a filoe mosebetsi o khotsofatsang oa ho hlokomela tšimo ea Edene. Hape, Molimo o ile a mo behela pakane ea ho atolosa lehae la hae la Edene hore e be serapa sa thabo sa lefatše lohle. (Genese 1:28; 2:15) Ho thusa Adama hore a phethe mosebetsi ona o moholo, Molimo o ile a mo fa molekane oa lenyalo, Eva, ’me a ba bolella hore ba be le bana, ’me ba ate le ho laola lefatše. Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala ho hong hape ho tiisa hore morero oa Molimo bakeng sa lefatše le moloko oa batho oa atleha. A entsoe ka setšoantšo sa Molimo, motho o ne a e-na le bolokolohi ba ho ikhethela; kahoo, ho ne ho hlokahala hore le ka mohla thato ea motho e se ke ea hohlana le ea Molimo. Ho seng joalo, ho ne ho tla ba le pherekano bokahohleng, ’me morero oa Molimo oa ho tlatsa lefatše ka lelapa la motho le nang le khotso o ne o ke ke oa phethahala.
Ho ikokobeletsa puso ea Molimo ho ne ho sa itlele feela. E ne e lokela ho ba pontšo e lerato ea bolokolohi ba motho ba ho ikhethela. Ka mohlala, re bala taba e reng ha Jesu Kreste a ne a tobane le teko e matla, o ile a rapela: “Ntate, hoja u ka rata ho suthisa senoelo sena pel’a ka! empa ho se ke ha etsoa thato ea ka, ho etsoe ea hao.”—Luka 22:42.
Ka ho tšoanang, ho ne ho le ho Adama le Eva ho paka hore na ba batla ho ikokobeletsa puso ea Molimo. Bakeng sa morero ona, Jehova Molimo o ile a lokisetsa teko e bonolo. Sefate se seng ho tse serapeng se ne se bitsoa “sefate sa ho tseba botle le bobe.” Se ne se emela tokelo ea Molimo ea ho lekanyetsa litekanyetso tsa boitšoaro bo nepahetseng. Ka puo e hlakileng, Molimo o ile a ba thibela ho ja tholoana ea sefate sena se khethehileng. Haeba Adama le Eva ba ne ba ke ke ba mamela, ba ne ba tla qetella ba shoele.—Genese 2:9, 16, 17.
Qaleho ea ho Utloa Bohloko ha Batho
Ka letsatsi le leng mora oa Molimo oa moea o ile a qala ho etsa hore tsela ea Molimo ea ho busa e be taba eo ho phehisanoang ka eona. A sebelisa noha e le kofuto ea hae ea puisano, o ile a botsa Eva: “A efela Molimo o itse: Le se ke la ja lifate tsohle tsa tšimo na?” (Genese 3:1) Kahoo pelaelo e ile ea qala ho kenngoa kelellong ea Eva mabapi le hore na tsela ea Molimo ea ho busa e ne e nepahetse.a Ha a araba, Eva o ile a fana ka karabo e nepahetseng, eo a neng a ithutile eona ho monna oa hae. Leha ho le joalo, eaba sebōpuoa sa moea se hanyetsa Molimo ’me sa qala leshano ka liphello tse tla hlahisoa ke ho se mamele, sa re: “Ha e le ho shoa, le ke ke la shoa; Molimo o mpa o tseba hobane, mohla le li jang, mahlo a lōna a tla tutuboloha, ’me le tla ba joalo ka melimo, le tsebe botle le bobe.”—Genese 3:4, 5.
Hoa soabisa hore ebe Eva o ile a thetsoa hore a nahane hore ho se mamele ho ke ke ha fella ka ho utloa bohloko ha batho, empa ho tla fella ka bophelo bo molemonyana. Ha a ntse a tsoela pele ho talima tholoana ena e ne e ntse e bonahala e lakatseha haholoanyane, ’me o ile a qala ho e-ja. Hamorao, o ile a phehella Adama hore le eena a e je. Se utloisang bohloko ke hore Adama o ile a khetha ho tsepamisa kelello ea hae tabeng ea ho amoheloa ke mosali oa hae ho e-na le ho amoheloa ke Molimo.—Genese 3:6; 1 Timothea 2:13, 14.
Ka ho susumetsa borabele bona, sebōpuoa sena sa moea se ile sa iketsa mohanyetsi oa Molimo. Kahoo se ile sa bitsoa Satane, e tsoang lentsoeng la Seheberu le bolelang “mohanyetsi.” Hape se ile sa etseletsa Molimo, sa iketsa moetselletsi. Kahoo se boetse se bitsoa Diabolose, e tsoang lentsoeng la Segerike le bolelang “moetselletsi.”—Tšenolo 12:9.
Ho utloa bohloko ha batho ho ile ha qala ka tsela ena. Libōpuoa tsa Molimo tse tharo li ne li sebelisitse hampe mpho ea tsona ea bolokolohi ba ho ikhethela, tsa khetha tsela ea bophelo ea boithati e leng khahlanong le ’Mōpi oa tsona. Joale ho ile ha hlaha potso, Molimo o ne a tla sebetsana le borabele boo joang ka tsela ea toka e neng e tla tsosolosa kholiseho ea libōpuoa tse ling tsohle tse bohlale tsa hae ho akarelletsa le mangeloi a tšepahalang leholimong le bana bao Adama le Eva ba neng ba tla ba le bona?
Karabelo ea Molimo e Bohlale
Ba bang ba ka ’na ba bontša hore ho ka be ho bile molemo hoja Molimo o hlile a felisa Satane, Adama, le Eva hang-hang. Empa seo se ka be se sa ka sa rarolla litseko tse ileng tsa phahamisoa ke borabele bona. Satane o ne a hlahisitse pelaelo ka tsela ea Molimo ea ho busa, a bolela hore batho ba ne ba tla thabela bophelo bo molemonyana haeba ba ne ba ka lokoloha pusong ea Molimo. Hape, ho atleha ha hae tabeng ea ho etsa hore batho ba babeli ba pele ba fetohele puso ea Molimo ho ile ha phahamisa litaba tse ling tseo ho phehisanoang ka tsona. Kaha Adama le Eva ba ile ba etsa sebe, na see se ile sa bolela hore ho ne ho e-na le se phoso tseleng eo Molimo a neng a bōpile motho ka eona? Na Molimo o ne a ka ba le e mong lefatšeng ea neng a tla lula a tšepahala ho eena? ’Me ho thoe’ng ka bara ba Jehova ba moea ba ileng ba bona borabele ba Satane ka mahlo? Na ba ne ba tla khomarela ho loka ha puso ea Hae? Ho hlakile hore ho ne ho hlokahala nako e lekaneng bakeng sa ho lokisa litaba tsena tseo ho phehisanoang ka tsona. Ke ka lebaka leo Molimo a lumeletseng Satane hore a ’ne a phele ho fihlela mehleng ea rōna.
Ha e le Adama le Eva, letsatsing la ho se mamele ha bona, Molimo o ile a ba ahlolela lefu. Kahoo tšebetso ea ho shoa e ile ea qalisa. Bana ba bona, ba ileng ba emoloa ka mor’a hore Adama le Eva ba etse sebe, ba ile ba futsa sebe le lefu ho batsoali ba bona ba sa phethahalang.—Ba-Roma 5:14.
Satane o ile a qalisa ka batho ba babeli ba pele ka lehlakoreng la hae la taba eo ho phehisanoang ka eona. O sebelisitse nako eo a lumeletsoeng ho e sebelisa bakeng sa ho leka ho etsa hore bana ba Adama kaofela ba be tlas’a taolo ea hae. Hape o atlehile tabeng ea ho khelosa mangeloi a mangata hore a kopanele borabeleng ba hae. Leha ho le joalo, bongata ba bara ba Molimo ba moea ka botšepehi bo khomaretse ho loka ha puso ea Jehova.—Genese 6:1, 2; Juda 6; Tšenolo 12:3, 9.
Taba eo ho neng ho phehisanoa ka eona e ne e le puso ea Molimo khahlanong le ea Satane, e leng taba e neng e ntse e le teng mehleng ea Jobo. Monna enoa ea tšepahalang o ile a ipaka ka boitšoaro ba hae hore o khetha puso e lokileng ea Molimo ho e-na le bolokolohi ba bosatane, joalokaha banna ba tšabang Molimo ba kang Abele, Henoke, Noe, Abrahama, Isaaka, Jakobo le Josefa ba ne ba se ba entse. Jobo e ile ea e-ba sehlooho sa puisano e neng e etsoa leholimong ka pel’a mangeloi a Molimo a tšepahalang. Ha a tšehetsa puso ea Hae e lokileng, Molimo o ile a re ho Satane: “Na ha ua ka ua lemoha Jobo, mohlanka oa ka, na? Hobane ha ho motho ea joalo ka eena lefatšeng, ea tsamaeang ka ho loka le ka bokhabane, ea tšabang Molimo, ea sesefang bobe.”—Jobo 1:6-8.
Ha a hana ho lumela hore o hlōtsoe, Satane o ile a bolela hore Jobo o sebeletsa Molimo feela ka mabaka a boithati, kaha Molimo o ne a hlohonolofalitse Jobo ka ho enneng ka nala ea lintho tse bonahalang. Kahoo Satane o ile a re: “U mpe u otlolle letsoho la hao joale, u ame tseo a nang le tsona kaofela, ’me u tla bona hore na a ke ke a u rohaka pontšeng.” (Jobo 1:11) Satane o ile a eketsa, a belaella botšepehi ba libōpuoa tsohle tsa Molimo. O ile a re: “Tsohle tseo motho a nang le tsona, a ka li ntšetsa bophelo ba hae.” (Jobo 2:4) Tlhaselo ena ea ketselletso e ne e sa akarelletse Jobo feela empa e ne e akarelletsa le barapeli bohle ba Molimo ba tšepahalang ba leholimong le lefatšeng. Satane o ne a bolela hore ba ne ba tla tela kamano ea bona le Jehova haeba bophelo ba bona bo ne bo le kotsing.
Jehova Molimo o ne a e-na le tšepo e feletseng botšepehing ba Jobo. Se fanang ka bopaki ba sena, ke hore o ile a lumella Satane ho etsa hore Jobo a utloe bohloko bo hlahelang batho. Ka botšepehi ba hae, Jobo ha aa ka a tlosa qoso lebitsong la hae ka boeena feela empa, taba ea bohlokoa haholoanyane ke hore o ile a tiisa hore puso ea Jehova e lokile. Ho ile ha hlaka hore Diabolose o leshano.—Jobo 2:10; 42:7.
Leha ho le joalo, mohlala o molemo ka ho fetisisa oa botšepehi tlas’a teko e bile Jesu Kreste. Molimo o ile a ntša bophelo ba Mora enoa oa moea leholimong a bo kenya pōpelong ea moroetsana. Ka hona Jesu ha a ka ba a futsa sebe le ho se phethahale. Ho e-na le hoo o ile a hōlela ho ba motho ea phethahetseng, ea lekanang hantle le motho oa pele, pele motho eo a lahleheloa ke ho phethahala ha hae. Satane o ile a etsa hore Jesu e be mohlaseluoa ea khethehileng, a mo hlahisetsa meleko e mengata le liteko, tse ileng tsa fihla tlhōrōng ea tsona ka lefu le tlotlollang. Empa Satane o ile a hlōleha ho senya botšepehi ba Jesu. Jesu o ile a phahamisa ho loka ha puso ea Ntate oa hae ka ho feletseng. Hape o ile a paka hore motho ea phethahetseng Adama o ne a se na lebaka le utloahalang la ho kopanela le Satane borabeleng. Adama a ka be a ile a tšepahala tlas’a teko ea hae e neng e le nyenyane haholoanyane.
Ke’ng Hape e Pakiloeng?
Ho fetile lilemo tse ka bang 6 000 tsa ho utloa bohloko ha batho esale Adama le Eva e e-ba marabele. Nakong ena Molimo o lumeletse moloko oa batho ho leka mefuta e mengata e sa tšoaneng ea puso. Tlaleho e tšosang ea ho utloa bohloko ha batho e paka hore motho ha a khone ho ipusa. Ha e le hantle, hona joale ho atile pherekano libakeng tse ngata tsa lefatše. Ho lokoloha ho Molimo, joalokaha ho buelloa ke Satane, ho baka tlokotsi.
Jehova ha a ka ba a tlameha ho paka ntho leha e le efe ho eena ka boeena. Oa tseba hore tsela ea hae ea ho busa e lokile ’me e molemong oa libōpuoa tsa hae ka ho feletseng. Leha ho le joalo, e le hore a ka araba lipotso tsohle tse phahamisitsoeng ke borabele ba Satane ka tsela e khotsofatsang, o lumelletse libōpuoa tsa hae tse bohlale hore li be le monyetla oa ho bontša hore li khetha puso ea hae e lokileng.
Meputso ea ho rata Molimo le ho tšepahala ho eena e feta hōle nakoana ea ho utloa bohloko matsohong a Diabolose. Taba ea Jobo e bontša sena. Jehova Molimo o ile a folisa Jobo bokuling boo Diabolose a neng a mo baketse bona. Ho feta moo, Molimo “a hlohonolofatsa qetello ea Jobo ho fetisa qalo ea hae.” Qetellong, ka mor’a hore nako ea bophelo ba hae e eketsoe ka lilemo tse 140, “Jobo a shoa, a tsofetse, a atetsoe ke matsatsi.”—Jobo 42:10-17.
Jakobo eo e leng mongoli oa Bibele oa Mokreste o lebisa tlhokomelo ho sena, ha a re: “Le utloile ka mamello ea Jobo ’me le bone phello eo Jehova a e tlisitseng, hore Jehova o na le kameho e lerato e mofuthu ebile oa qenehela.”—Jakobo 5:11, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe.
Joale nako ea Satane le lefatše la hae e fihlile qetellong. Haufinyane, Molimo o tla felisa ho utloa bohloko hohle hoo borabele ba Satane bo ho tliselitseng moloko oa batho. Esita le bafu ba tla tsosoa. (Johanne 11:25) Joale, batho ba tšepahalang ba kang Jobo ba tla ba le monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Mahlohonolo ana a nakong e tlang ao Molimo a tla a tšollela bahlanka ba hae a tla tlosa qoso ho eena ka ho sa feleng e le ’Musi eo ka sebele a nang le “kameho e lerato e mofuthu ebile [a] qenehela.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a ’Muelli oa molao le mongoli oa mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, Philip Mauro, ea ileng a hlahloba taba ena eo ho phehisanoang ka eona ha a tšohla “Tšimoloho ea Bobe,” o ile a etsa qeto ea hore e bile “sesosa sa matšoenyeho ’ohle a moloko oa batho.”
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 8]
MELIMO E SEHLŌHŌ EA BATHO
MELIMO ea boholo-holo hangata e ne e tšoantšetsoa e le e nyoretsoeng mali le e nang le takatso e fetelletseng. E le ho e thabisa, batsoali ba bile ba chesa bana ba bona ba ntse ba phela mellong. (Deuteronoma 12:31) Ka lehlakoreng le leng, bo-rafilosofi ea bohetene ba ile ba ruta hore Molimo o ne a se na maikutlo a joalo a kang bohale kapa qenehelo.
Maikutlo a bululetsoeng ke bademona a bo-rafilosofi bana a ile a susumetsa batho ba neng ba ipolela hore ke ba Molimo, Bajode. Rafilosofi oa Mojode Philo, ea phetseng nakong e le ’ngoe le Jesu, o ile a tiisa hore Molimo “ho hang ha a na tšekamelo takatsong leha e le efe e matla.”
Esita le sehlotšoana sa bokhelohi se thata sa Bajode sa Bafarisi ha sea ka sa phonyoha tšusumetso ea filosofi ea Magerike. Ba ile ba amohela lithuto tsa Plato tsa hore motho o entsoe ka moea o sa shoeng o thibelletsoeng ka ’meleng oa motho. Ho feta moo, ho latela rahistori oa lekholong la pele la lilemo Josephus, Bafarisi ba ne ba lumela hore meea ea batho ba khopo “e utloa bohloko ba kotlo ea ka ho sa feleng.” Leha ho le joalo, Bibele ha e fane ka motheo bakeng sa maikutlo a joalo.—Genese 2:7; 3:19; Moeklesia 9:5; Ezekiele 18:4.
Ho thoe’ng ka balateli ba Jesu? Na ba ile ba itumella ho susumetsoa ke filosofi ea bohetene? Ha a hlokomela kotsi ena, moapostola Pauluse o ile a lemosa Bakreste-’moho le eena: “Itebeleng, motho a se ke a le hulanya ka bohlale ba batho le ka mashano a lefeela, ka ho ea ka lithuto tsee batho ba neanang tsona, ka ho latela litaba tsa qalo tsa lefatše, e seng Kreste.”—Ba-Kolosse 2:8; bona le 1 Timothea 6:20.
Ka masoabi, ba bangata ba ipolelang hore ke balebeli ba Bakreste ba lekholong la bobeli le la boraro la lilemo ba ile ba hlokomoloha temoso eo ’me ba ruta hore Molimo ha a na maikutlo. The Encyclopedia of Religion e re: “Ka kakaretso, litšobotsi tsa Molimo li ne li utloisisoa haholo ha li ne li tiisoa monahanong oa Sejode le oa filosofi oa nako eo . . . Khopolo ea hore Molimo Ntate a ka ba le maikutlo a joaloka qenehelo . . . ka kakaretso e ’nile ea nkoa e sa amohelehe bonyane ho fihlela qetellong ea lekholo la bomashome a mabeli la lilemo.”
Ka hona, Bokreste-’mōtoana bo ile ba amohela thuto ea bohata ea molimo ea sehlōhō ea otlang baetsalibe ka ho ba etsa hore ba utloe bohloko ba tlhokofatso ea ka ho sa feleng eo ba ntseng ba ikutloa ho eona. Ka lehlakoreng le leng, Jehova Molimo ka ho hlaka o bolela Lentsoeng la hae Bibele, hore “moputso oa sebe ke lefu,” eseng tlhokofatso e sa feleng eo motho a ntseng a ikutloa ho eona.—Ba-Roma 6:23.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Above: Acropolis Museum, Greece
Courtesy of The British Museum
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Morero oa Molimo oa ho fetola lefatše lena paradeise ea Edene o tlameha ho phethahala!