Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • kl khao. 8 maq. 70-79
  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?
  • Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MAHLOMOLA HA A TSOE HO MOLIMO
  • QALO E PHETHAHETSENG
  • PHEPHETSO E LONYA
  • MOKHOA OA HO LOKISA LITSEKO
  • HO PAKILOE ENG?
  • U TLA ETSA ENG?
  • Ke Hobane’ng ha Lintho Tse Bohloko li Etsahala?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Ho Utloa Bohloko ha Batho—Ke Hobane’ng ha Molimo a ho Lumella?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lebaka Leo ka Lona Bokhopo bo Tsoelang Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ho Phela ka Tsela e Khahlisang Molimo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Bala Tse Ling
Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
kl khao. 8 maq. 70-79

Khaolo ea 8

Ke Hobane’ng ha Molimo a Lumella Mahlomola?

1, 2. Hangata batho ba itšoara joang ka mahlomola a botho?

Ha likoluoa li e-⁠ba teng, li senya thepa le ho bolaea batho, ba bangata ha ba utloisise hore na ke hobane’ng ha ho etsahala lintho tse tšabehang joalo. Ba bang ba tšoenngoa ke tekanyo eo sehlōhō, le ho se laolehe ha tlōlo ea molao le pefo li leng teng ka eona. Le uena e ka ’na eaba u ile ua ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha Molimo a lumella mahlomola?’

2 Kahobane ha baa fumana karabelo e khotsofatsang potsong ena, ba bangata ba lahlehetsoe ke tumelo ho Molimo. Ba na le maikutlo a hore ha a thahaselle moloko oa batho. Ba bang ba amohelang ho utloa bohloko e le karolo ea bophelo baa halefa ’me ba beha Molimo molato bakeng sa bobe bohle bo teng mokhatlong oa batho. Haeba u bile le maikutlo a joalo, ha ho pelaelo hore u tla thahasella lipolelo tsa Bibele haholo litabeng tsena.

MAHLOMOLA HA A TSOE HO MOLIMO

3, 4. Ke hobane’ng ha re ka tiisa hore bobe le mahlomola ha li tsoe ho Jehova?

3 Bibele e re tiisetsa hore mahlomola ao re a bonang ho re potoloha ha a bakoe ke Jehova Molimo. Ka mohlala, morutuoa oa Mokreste Jakobo o ile a ngola: “Ha a le tlas’a teko, a ho se be le ea mong ea reng: ‘Ke ntse ke lekoa ke Molimo.’ Etsoe Molimo a ke ke a lekoa ka lintho tse mpe leha e le hore eena ka boeena o leka leha e le mang ka tsona.” (Jakobo 1:​13) Kaha ho joalo, Molimo o ne a ke ke a baka mathata a mangata a hlasetseng moloko oa batho. Ha a tlisetse batho liteko hore li ba etse hore ba tšoanelehele bophelo leholimong, leha e le hore o etsa hore batho ba utloe bohloko bakeng sa liketso tse mpe tseo ho thoe’ng ba li entse bophelong bo fetileng.​—⁠Baroma 6:⁠7.

4 Ho phaella moo, le hoja ho entsoe lintho tse ngata tse tšabehang ka lebitso la Molimo kapa la Kreste, ha ho letho ka Bibeleng le fanang ka maikutlo a hore e mong oa bona ho na le mohla a kileng a amohela liketso tse joalo. Molimo le Kreste ha ho moo ba amanang le ba ipolelang hore baa ba sebeletsa empa ba qhekella, ba bolaea le ho utsoa, le ho etsa lintho tse ling tse ngata tse bakelang batho mahlomola. Ha e le hantle, “tsela ea e mobe ke manyala ho Jehova.” Molimo “o hole le ba babe.”​—⁠Liproverbia 15:​9, 29.

5. Tse ling tsa litšoaneleho tsa Jehova ke life, hona o ikutloa joang ka libōpuoa tsa hae?

5 Bibele e hlalosa Jehova a le “bonolo haholo boikutlong ’me o mohau.” (Jakobo 5:​11) E bolela hore “Jehova o rata ho loka.” (Pesaleme ea 37:​28; Esaia 61:⁠8) Hase ea ratang ho iphetetsa. Ka kutloelo-bohloko o hlokomela libōpuoa tsa hae ’me kaofela ha tsona o li fa se molemohali bakeng sa boiketlo ba tsona. (Liketso 14:​16, 17) Jehova o entse joalo ho tloha tšimolohong feela ea bophelo lefatšeng.

QALO E PHETHAHETSENG

6. Litšōmo tse ling li bua ka mokhoa o sa tobang joang ka histori ea pele ea moloko oa batho?

6 Kaofela ha rōna re tloaelane le ho bona le ho utloa bohloko le mahlomola. Ka hona ho ka ’na ha e-⁠ba thata ho nahana ka nako eo ho se nang mahlomola, empa ke kamoo lintho li neng li le kateng qalong ea histori ea batho. Esita le litšōmo tsa lichaba tse ling li bua ka qalo e joalo e thabisang. Litšōmong tsa Magerike, ea pele ea “Linako tse Hlano tsa Motho” e ne e bitsoa “Nako ea Thabo e Khōlō.” Ho eona batho ba ne ba phela bophelo bo thabisang, ba lokolohile mosebetsing, bohlokong, le tšenyong ea botsofali. Machaena a re nakong ea puso ea ’Musi ea Mosehla (Huang-Ti) oa tšōmong, batho ba ne ba phela ka khotso, ba thabela kutloano esita le maemo a leholimo le libatana. Bapersia, Baegepeta, batho ba Tibet, ba Peru, le ba Mexico kaofela ba na le litšōmo ka nako e thabisang le phetheho qalong ea histori ea moloko oa batho.

7. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a bōpa lefatše le moloko oa batho?

7 Litšōmo tsa lichaba e mpa feela e le ho phetoa ha tlaleho e ngotsoeng khale ka ho fetisisa ea histori ea batho, Bibele. E re tsebisa hore Molimo o ile a beha batho ba babeli ba pele, Adama le Eva, paradeiseng e bitsoang tšimo ea Edene ’me a ba laela: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona.” (Genese 1:​28) Batsoali ba rōna ba pele ba ile ba thabela phetheho ’me ba ne ba e-⁠na le tebello ea ho bona lefatše lohle le fetoha paradeise e ahiloeng ke lelapa la batho ba phethahetseng le phelang khotsong e sa feleng le thabong. Oo e ne e le morero oa Molimo ka ho bōpa lefatše le moloko oa batho.​—⁠Esaia 45:⁠18.

PHEPHETSO E LONYA

8. Adama le Eva ba ne ba lebelletsoe ho utloa taelo efe, empa hoa etsahala eng?

8 Hore ba lule ba amoheloa ke Molimo, Adama le Eva ba ne ba tla lokela ho ithiba ho ja “sefate sa ho tseba botle le bobe.” (Genese 2:​16, 17) Haeba ba ne ba ile ba utloa molao oa Jehova, ho ka be ho sa ka ha e-⁠ba le mahlomola a sentseng bophelo ba batho. Ka ho utloa taelo ea Molimo, ba ka be ba ile ba bontša lerato la bona ho Jehova le botšepehi ba bona ho eena. (1 Johanne 5:⁠3) Empa joalokaha re ithutile Khaolong ea 6, lintho ha lia ka tsa e-⁠ba ka tsela eo. A khothallelitsoe ke Satane, Eva o ile a ja tholoana e tsoang sefateng seo. Hamorao, Adama le eena o ile a kopanela ho jeng tholoana e thibetsoeng.

9. Satane o ile a phahamisa tseko efe e amang Jehova?

9 Na u bona ho teba ha se etsahetseng? Satane o ne a hlasela boemo ba Jehova joaloka Ea Phahameng ka ho Fetisisa. Ka ho re, “Ha e le ho shoa, le ke ke la shoa,” Diabolose o ile a hanyetsa mantsoe a Molimo, “U tla shoa.” Mantsoe a tsoelang pele a Satane a ile a fana ka maikutlo a hore Jehova o ne a bolokile Adama le Eva ba le lefifing mabapi le monyetla oa hore ba ka tšoana le Molimo, kahoo ba sa Mo hloke hore a etse qeto ea se setle le se sebe. Ka hona phephetso ea Satane e ile ea hlahisa pelaelo ka tokelo le ho tšoaneleha ha boemo ba Jehova e le ’Musi oa Bokahohleng.​—⁠Genese 2:​17; 3:​1-⁠6.

10. Satane o ile a hlahisa ka bolotsana maikutlo afe a mabe ka batho?

10 Satane Diabolose o ile a boela a hlahisa ka bolotsana hore batho ba ne ba tla lula ba utloa Jehova hafeela ho utloa Molimo ho ne ho le molemong oa bona. Ka mantsoe a mang, ho ile ha belaelloa botšepehi ba batho. Satane o ile a tiisa qoso ea hore ha ho motho ea neng a tla lula a tšepahala ho Molimo ka boithatelo. Polelo eo e lonya ea qoso ea Satane ka ho hlakileng e senoloa tlalehong ea Bibele ka Jobo, mohlanka ea tšepahalang oa Jehova ea ileng a feta tlas’a teko e khōlō neng-neng pele ho 1600 B.C.E. Ha u bala likhaolo tse peli tsa pele tsa buka ea Jobo, u ka utloisisa ka botebo lebaka la mahlomola a batho le hore na ke hobane’ng ha Molimo a a lumella.

11. Jobo e ne e le motho oa mofuta ofe, empa Satane o ile a etsa qoso efe?

11 Jobo, “ea tsamaeang ka ho loka le ka bokhabane,” o ile a hlaseloa ke Satane. Pele, Satane o ile a beha Jobo molato oa ho ba le maikutlo a mabe ka ho phahamisa potso ena, “Na ke feela ha Jobo a tšaba Molimo na?” Joale, Diabolose ka mano o ile a senya Molimo le Jobo lebitso ka ho ba qosa ka hore Jehova o rekile botšepehi ba Jobo ka ho mo sireletsa le ka ho mo hlohonolofatsa. Satane a phephetsa Jehova, “U mpe u otlolle letsoho la hao joale, u ame tseo a nang le tsona kaofela, ’me u tla bona hore na a ke ke a u rohaka pontšeng.”​—⁠Jobo 1:​8-⁠11.

12. (a) Ke lipotso life tse neng li ka arabeloa haeba feela Molimo a lumelletse Satane ho leka Jobo? (b) Teko ea Jobo e ile ea fella ka eng?

12 Na Jobo o ne a sebeletsa Jehova feela ka lebaka la tsohle tse molemo tseo a li fumaneng ho Molimo? Na botšepehi ba Jobo bo ne bo tla tiea tlas’a teko? Na Jehova eena o ne a tšepa mohlanka oa hae ka ho lekaneng ho mo lumella hore a lekoe? Lipotso tsena li ne li ka arabeloa haeba Jehova a ne a ka lumella Satane ho tlisetsa Jobo liteko tse bohloko ka ho fetisisa. Tsela ea botšepehi ea Jobo tlas’a teko e lumelletsoeng ke Molimo, joalokaha e hlalositsoe bukeng ea Jobo, e ipakile e le ho tlosoa qoso ka ho feletseng mabapi le ho loka ha Jehova le botšepehi ba motho.​—⁠Jobo 42:​1, 2, 12.

13. Re ameha joang ho se etsahetseng Edene le ho Jobo?

13 Leha ho le joalo, se etsahetseng tšimong ea Edene le ho motho enoa Jobo, se na le moelelo o tebileng. Litseko tseo Satane a ileng a li phahamisa li akarelletsa moloko oohle oa batho, ho akarelletsa le rōna kajeno. Lebitso la Molimo le ile la senngoa, ’me bobusi ba hae bo ile ba phephetsoa. Ho loka ha pōpo ea Molimo, motho, ho ile ha belaelloa. Litseko tsena li ne li lokela ho lokisoa.

MOKHOA OA HO LOKISA LITSEKO

14. Ha a tobane le phephetso e lonya, motho ea qositsoeng a ka ’na a etsa eng?

14 Ha re etsa papiso, ha re re u motsoali ea nang le bana ba ’maloa lelapeng le thabileng. Ha re re mohlomong e mong oa baahelani ba hao o hasa mashano, a u qosa ka ho ba motsoali e mobe. Ho thoe’ng haeba moahelani eo a re bana ba hao ha ba u rate, a re ba lula le uena feela hobane ba sa tsebe letho le leng le molemo, le hore ba ne ba tla u siea haeba e mong a ne a ka ba bontša tsela. U ka ’na ua re, ‘Ke ntho e se nang kelello!’ E, empa u ne u tla ho paka joang? Batsoali ba bang ba ne ba ka ’na ba halefa haholo. Ka ntle le ho hlahisa mathata a eketsehileng, karabelo e joalo e mabifi e ne e tla tšehetsa mashano ao. Tsela e khotsofatsang ea ho sebetsana le bothata bo joalo e ne e tla ba ho neha moqosi oa hao monyetla oa ho paka qoso ea hae le hore bana ba hao ba fane ka bopaki ba hore ba u rata e le kannete.

15. Jehova o ile a khetha ho sebetsa phephetso ea Satane joang?

15 Jehova o tšoana le motsoali ea lerato. Adama le Eva ba ne ba ka bapisoa le bana, ’me Satane o tšoanela karolo ea moahelani ea leshano. Ka bohlale Molimo ha a ka a timetsa Satane, Adama, le Eva hang-hang empa o ile a lumella bafosi bana hore ba tsoele pele ba phela ka nakoana. Hona ho ile ha fa batsoali ba rōna ba pele nako ea hore ba qale lelapa la batho, hape ho ile ha fa Diabolose monyetla oa ho paka hore na qoso ea hae e ne e le ’nete kapa che e le hore litseko li ne li ka lokisoa. Leha ho le joalo, ho tloha qalong, Molimo o ile a tseba hore batho ba bang ba ne ba tla tšepahala ho eena ’me kahoo ba pake hore Satane o leshano. Re leboha hakaakang hore ebe Jehova o ile a tsoela pele ho hlohonolofatsa le ho thusa ba mo ratang!​—⁠2 Likronike 16:⁠9; Liproverbia 15:⁠3.

HO PAKILOE ENG?

16. Ho tlile joang hore lefatše le be tlas’a matla a Satane?

16 Hoo e ka bang historing eohle ea batho, Satane o ’nile a ba le bolokolohi ba ho qapa merero ea hae ea bolotsana ea puso holim’a moloko oa batho. Har’a lintho tse ling, o sebelisitse tšusumetso holim’a mebuso ea lipolotiki ’me o ntšelitse pele malumeli ao ka bolotsana a lebisang borapeli ho eena ho e-⁠na le ho bo lebisa ho Jehova. Kahoo Diabolose o fetohile “molimo oa tsamaiso ena ea lintho,” ’me o bitsoa “’musi oa lefatše lena.” (2 Bakorinthe 4:⁠4; Johanne 12:​31) Ka sebele, “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” (1 Johanne 5:​19) Na hoo ho bolela hore Satane o pakile polelo ea hae e le ’nete ea hore o ne a ka hulela moloko oohle oa batho thōko le Jehova Molimo? Le hanyenyane! Ha a ntse a lumelletse hore Satane a ’ne a be teng, Jehova o ’nile a tsoela pele ho phethahatsa morero oa hae. Joale, Bibele e senola eng mabapi le ho lumella ha Molimo bokhopo?

17. Re lokela ho hopola eng mabapi le sesosa sa bokhopo le mahlomola?

17 Bokhopo le mahlomola ha li bakoe ke Jehova. Kaha Satane ke ’musi oa lefatše lena le molimo oa tsamaiso ena ea lintho, eena le ba ka lehlakoreng la hae baa ikarabella bakeng sa boemo bo teng mokhatlong oa batho le bakeng sa masisa-pelo ’ohle ao moloko oa batho o a utloileng. Ha ho motho eo ka nepo a ka reng Molimo ke eena ’maki oa bothata bo joalo.​—⁠Baroma 9:⁠14.

18. Ho lumella ha Jehova bokhopo le mahlomola ho pakile eng mabapi le khopolo ea ho ipusa ka ntle ho Molimo?

18 Ho lumella ha Jehova bokhopo le mahlomola ho pakile hore ho ipusa ka ntle ho Molimo ha hoa tlisa lefatše le molemo. Ka ho ke keng ha latoloa, histori e ’nile ea tšoauoa ka litlokotsi tse latellanang. Lebaka la sena ke hobane batho ba khethile ho phehella tsela ea bona ea ho ipusa ’me ba bontšitse ho se hlomphe Lentsoe la Molimo le thato ea hae. Ha batho ba Jehova ba boholo-holo le baeta-pele ba bona ka ho hloka botšepehi ba phehella ‘tsela ea bona’ ’me ba hana lentsoe la hae, liphello ea e-⁠ba tse tšabehang. Ka moprofeta oa hae Jeremia, Molimo o ile a ba bolella: “Ba bohlale ba ea hlabisoa lihlong, ba thothomele, ba tšoaroe; bonang, ba khesitse lentsoe la Jehova, ba na le bohlale bofe?” (Jeremia 8:​5, 6, 9) Kaha o ile a hlōleha ho latela litekanyetso tsa Jehova, moloko oa batho ka kakaretso o tšoana le sekepe se se nang lesokoana, se tsukutlehang leoatleng le befileng.

19. Ke bopaki bofe bo teng ba hore Satane a ke ke a etsa hore batho bohle ba furalle Molimo?

19 Ho lumella ha Molimo bokhopo le mahlomola ho boetse ho pakile hore Satane o hlōlehile ho etsa hore moloko oohle oa batho o furalle Jehova. Histori e bontša hore kamehla ho ’nile ha e-⁠ba le batho ka bomong ba ’nileng ba lula ba tšepahala ho Molimo ho sa tsotellehe hore na ba oeloa ke liteko kapa litsietsi life. Ka makholo a lilemo, matla a Jehova a ’nile a bonahatsoa molemong oa bahlanka ba hae, ’me lebitso la hae le boletsoe lefatšeng lohle. (Exoda 9:​16; 1 Samuele 12:​22) Baheberu khaolo ea 11 e re bolella ka lethathamo le lelelele la ba tšepahalang, ho akarelletsa le Abele, Henoke, Noe, Abrahama, le Moshe. Baheberu 12:⁠1 e ba bitsa “leru le leholo hakaalo la lipaki.” E ne e le mehlala ea tumelo e sa thekeseleng ho Jehova. Le mehleng ea kajeno, ba bangata ba fane ka bophelo ba bona ka botšepehi bo sa sekisetseng ho Molimo. Ka tumelo ea bona le lerato la bona, batho ba joalo ba paka ka ho feletseng hore Satane a ke ke a etsa hore batho bohle ba furalle Molimo.

20. Ho lumella ha Jehova bokhopo le mahlomola hore li tsoele pele ho pakile eng tabeng ea Molimo le moloko oa batho?

20 Qetellong, ho lumella ha Jehova bokhopo le mahlomola hore li tsoele pele ho fane ka bopaki ba hore ke Jehova feela, ’Mōpi, ea nang le matla le tokelo ea ho busa moloko oa batho bakeng sa tlhohonolofatso le thabo ea bona ea ka ho sa feleng. Ka makholo a lilemo, moloko oa batho o lekile mefuta e mengata ea puso. Empa phello e bile efe? Mathata a rarahaneng le litlokotsi tse tobaneng le lichaba kajeno ke bopaki bo bongata ba hore kannete, joalokaha Bibele e totobatsa, ‘batho ba rena holim’a ba bang ho ba etsa hampe.’ (Moeklesia 8:⁠9) Ke Jehova feela ea ka re pholosang le ho phethahatsa morero oa hae oa mathomo. O tla etsa see joang, hona neng?

21. Ho tla etsoa eng ho Satane, hona ho tla sebelisoa mang ho phetha see?

21 Hang ka mor’a hore Adama le Eva e be liphofu tsa leraba la Satane, Molimo o ile a tsebahatsa morero oa Hae mabapi le mokhoa oa ho pholoha. Jehova o ile a bolela sena ka Satane: “Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peo ea hao le peo ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e lōma serethe.” (Genese 3:​15) Phatlalatso eo e ile ea tiisa hore Diabolose o ne a ke ke a lumelloa hore a etse liketso tsa hae tse mpe ka ho sa feleng. E le Morena oa ’Muso oa Bomessia, Peō e Tšepisitsoeng, Jesu Kreste, o tla ‘khoba Satane hlooho.’ E, “haufinyane,” Jesu o tla silakanya lerabele leo Satane!​—⁠Baroma 16:⁠20.

U TLA ETSA ENG?

22. (a) U tlameha ho tobana le lipotso life? (b) Le hoja Satane a ntšetsa khalefo ea hae ho ba tšepahalang ho Molimo, ba ka kholiseha ka eng?

22 Kaha u tseba litseko tse amehang, u tla ema lehlakoreng la mang? Na u tla paka ka liketso tsa hao hore u motšehetsi ea tšepahalang oa Jehova? Kaha Satane o-⁠oa tseba hore nako ea hae e khutšoanyane, o tla etsa sohle seo a ka se khonang ho ntšetsa khalefo ea hae ho ba batlang ho ipoloka ba tšepahala ho Molimo. (Tšenolo 12:​12) Empa u ka retelehela ho Molimo bakeng sa thuso hobane “Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong.” (2 Petrose 2:⁠9) A ke ke a u lumella hore u lekoe ho feta kamoo u ka mamellang, ’me o tla etsa mokhoa oa hore u khone ho mamella liteko.​—⁠1 Bakorinthe 10:⁠13.

23. Re ka lebella eng ka kholiseho?

23 Ka kholiseho, a re lebelleng nako eo ha Morena Jesu Kreste a tla nka bohato khahlanong le Satane le bohle ba mo latelang. (Tšenolo 20:​1-⁠3) Jesu o tla felisa bohle ba kopanelang boikarabelo bakeng sa malimabe le mofere-fere tseo moloko oa batho o utloileng bohloko ka baka la tsona. Ho fihlela nakong eo, mofuta o mong o bohloko ka ho khethehileng oa mahlomola ke oa ho lahleheloa ke baratuoa ba rōna ka lefu. Bala khaolo e latelang ho fumana hore na ho etsahala eng ho bona.

LEKA TSEBO EA HAO

Re tseba joang hore Jehova ha a bakele batho mahlomola?

Ke litseko life tse ileng tsa phahamisoa ke Satane Edene ’me tsa hlakisoa mehleng ea Jobo?

Ho lumella ha Molimo mahlomola ho pakile eng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela