Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 52
  • Bibele e Re’ng ka ho Thunngoa ha Bana Likolong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Re’ng ka ho Thunngoa ha Bana Likolong?
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke hobane’ng ha lintoa li ntse li eketseha?
  • Ke’ng e ka re thusang hore re mamelle lintho tsena tse sehloho?
  • Na lintoa li tla fela?
  • Bibele e Re’ng ka ho Thunngoa ha Batho ho Ntseng ho Etsahala Lefatšeng Lohle?
    Lihlooho Tse Ling
  • Bibele e Re’ng ka Lintoa Tse Bakoang ke Lipolotiki?
    Lihlooho Tse Ling
  • Pefo e Tla Fela Joang ka ho sa Feleng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Nka Sebetsana Joang le Boemo ba ha ke Oetsoe ke Tlokotsi?
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 52
Lipalesa li behiloe keiting ea sekolo moo batho ba ileng ba thunngoa teng.

LULANG LE LEBETSE!

Bibele e Re’ng ka ho Thunngoa ha Bana Likolong?

Ka la 24 May 2022 ho ile ha etsahala ntho e sehloho toropong e nyenyane ea Uvalde Texas, Amerika. Koranta ea The New York Times e re, “monna e mong o thuntse bana ba 19 le matichere a mabeli . . . Sekolong sa Mathomo se bitsoang Robb.”

Ketsahalo ena e etsahala hangata matsatsing ana. Koranta ea USA Today e bontšitse hore “batho ba 249 ba thuntsoe likolong selemong se fetileng ho feta selemo leha e le sefe ho tloha ka 1970.”

Ke hobane’ng ha ho etsahala lintho tsena tse mpe? Ke’ng e ka re thusang hore re mamelle lintho tsena tse sehloho? Na ho na le tšepo ea hore lintoa li tla ke li fele? Bibele e araba lipotso tsena.

Ke hobane’ng ha lintoa li ntse li eketseha?

  •  Bibele e re re phela “matsatsing a ho qetela” ao batho e neng e tla ba “ba se nang lerato la tlhaho” le ba “bohale bo tšosang” e leng se bolelang hore ba ne ba tla etsa lintho tse sehloho le ho rata ntoa. Bibele e re batho bao ba ne ba tla “tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang.” (2 Timothea 3:​1-5, 13) Ho ithuta lintlha tse eketsehileng ka taba ena, bala sehlooho se reng “Na Bibele e Ile ea Bua Esale Pele ka Hore na Batho ba Tla Nahana le ho Itšoara Joang Kajeno?”

Batho ba bangata baa ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a sa thibele lintho tse bohloko tse kang ho thunngoa ha bana likolong. Bala sehlooho se reng “Batho ba Lokileng ba Etsahalloa ke Lintho Tse Bohloko​—Hobane’ng?” e le hore u fumane karabo e tsoang Bibeleng.

Ke’ng e ka re thusang hore re mamelle lintho tsena tse sehloho?

  •  “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore . . . ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.”​—Baroma 15:4.

Bibele e ka u thusa hore u mamelle ha ho ntse ho e-ba le lintoa. Ho fumana lintlha tse ling, bala sehlooho se hlahang ho Tsoha! se reng “Na Liketso Tse Mabifi li Tla ke li Fele?”

Bala sehlooho se reng “Litlaleho Tsa Litaba Tse Nyarosang na li Ama Bana ba Hao” e le hore u fumane lintlha tse ka thusang batsoali bao bana ba bona ba tšosoang ke lintho tseo ba li bonang litabeng.

Na lintoa li tla fela?

  •  “O tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong.”​—Pesaleme ea 72:14.

  •  “Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela. Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.​—Mikea 4:3.

Molimo o tla etsa ntho eo batho ba ke keng ba khona ho e etsa. ’Muso oa hae o tla felisa lintoa le libetsa tsohle. Bala sehlooho se reng “’Musong oa Molimo ‘Khotso e Tla ba Ngata’” e le hore u ithute lintlha tse ling ka ’Muso oa Molimo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela