Matla a ho Bapatsa
MEHLENG ea khale, khefu ea papatso thelevisheneng e ne e kenyelletsoa ka mantsoe ana, “Joale a re ke re mameleng mantsoe a seng makae a tsoang ho batšehetsi ba rōna.” Batšehetsi ke lik’hamphani tse lefang hore lihlahisoa tsa tsona li bapatsoe. Le hoja “mantsoe a seng makae a tsoang ho batšehetsi” e se e le moroallo, batšehetsi ba ntse ba tšehetsa mecha ea litaba le ea boithabiso ka lichelete—thelevishene, limakasine, likoranta le seea-le-moea. Ka lebaka leo, batšehetsi ba leka ho laola hore na ho hlaha eng ’me ha ho hlahe eng mecheng eo.
Ho etsa mohlala: Ka 1993, k’hamphani e etsang likoloi tse mabothobotho ea Jeremane e ile ea ngolla limakasine tse 30, e fana ka litaelo tsa hore lipapatso tse bontšang likoloi tsa eona li lokela ho hlahisoa “feela sebakeng se loketseng sa mohlophisi.” Lengolo leo le ne le hlalosa hore litokollo tsa makasine tse nang le lipapatso tsa eona li ne li sa lokela ho hlahisa boitsebiso leha e le bofe bo tšoaeang phoso likoloi tsa eona, lihlahisoa tsa Jeremane kapa Jeremane ka boeona. Ka ho hlakileng, ha ho makatse hore ebe k’hamphani ena e sebelisang liranta tse limilione li 74,6 papatsong ea limakasine, e lebeletse hore li hlahe “sebakeng se loketseng sa mohlophisi.”
Hape, hase ho makatsang ha limakasine tse bapatsang mese e mecha ea banyaluoa li sa lumele ho bapatsa mese ea banyaluoa e sebelisitsoeng, kapa ha likoranta tse thathamisang babuelli ba litša le mehaho li sa u bolelle hore na u ka reka ntlo e sa buelloeng ke bona joang. Ka tsela e tšoanang, ha rea lokela ho makala ha mocha o bapatsang lisakerete kapa lilothari o sa nyatse ho tsuba kapa ho becha.
Tloaelo ea Moreki
Kahoo, matla a ho bapatsa a fetela ka nģ’ane ho thekiso ea thepa. A khothalletsa moreki ho phela ka mokhoa o itseng, tloaelo e teng lefatšeng lohle e likolohang linthong tse bonahalang.
Na ho na le ho itseng ho phoso ka seo? Ho itšetlehile ka hore na u botsa mang. Babapatsi ba beha lebaka la hore batho ba rata ho reka le ho ba le lintho; ho bapatsa ho khotsofatsa lithahasello tsa bona. Ho feta moo, ba bolela hore ho bapatsa ho hlahisa mesebetsi, ho tšehetsa lipapali le bonono ka lichelete, ho thusa ho fana ka mocha oa litaba o ka finyelloang habobebe, ho khothalletsa tlhōlisano, ho ntlafatsa lihlahisoa, ho boloka litheko li le tlaase le ho nolofalletsa batho hore ba iketsetse khetho ha ba reka lintho tseo ba fumaneng boitsebiso ka tsona.
Ba bang ba bolela hore ho bapatsa ho etsa hore batho ba se ke ba tsitsa le hore ba se khotsofalle seo ba nang le sona, ho hlahisa le ho hōlisa litakatso tse sa feleng. ’Matlisisi Alan Durning oa ngola: “Lipapatso, feela joaloka mehla ea rōna, li lula li feto-fetoha, li phehella menyaka, li tletse likhopolo tsa ho ba motho ea itseng le ho susumetsoa ke lifeshene tsa morao-rao; li tlotlisa motho, li fana ka khopolo ea hore ho sebelisa thepa e itseng ke tsela ea ho ikhotsofatsa le ho tiisa hore tsoelo-pele ea theknoloji ke matla a lebisang lehlohonolong la rōna.”
Matla a Hona ho Uena
Na ho bapatsa ha khoebo ho thusa ho bōpa seo re leng sona le seo re se batlang? Ho ka etsahala. Leha ho le joalo, hore na tšusumetso eo e ba e khōlō kapa e fokolang ho itšetlehile ka litšusumetso tse ling.
Haeba re tataisoa ke melao-motheo le litekanyetso tsa Bibele, re tla hlokomela hore ha ho letho le phoso ka ho ba le lintho tse bonahalang. Etsoe Molimo o ile a hlohonolofatsa Abrahama, Jobo, Solomone le ba bang ka leruo le leholo.
Ka lehlakoreng le leng, haeba re sebelisa melao-motheo ea Mangolo, re tla qoba ho se khotsofale ha batho ba batlang khotsofalo le thabo ka ho phehella lintho tse bonahalang mocha-o-chele. Molaetsa oa Bibele ha o re “Reka ho fihlela ho khaoha moo ho khoehlang.” Ho e-na le hoo, ea re bolella:
Tšepa Molimo. “Fana ka litaelo ho ba ruileng tsamaisong ea hona joale ea lintho hore ba se ke ba iphahamisa, le hore ba behe tšepo ea bona, eseng maruong a sa tsitsang, empa ho Molimo, ea re fang lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele.”—1 Timothea 6:17.
Khotsofala. “Ha rea tlisa letho lefatšeng, leha e le hore re ka tloha le ntho leha e le efe. Kahoo, ha re e-na le tsa ho phela le liaparo le tšireletso, re tla khotsofalla lintho tsena.”—1 Timothea 6:7, 8.
E-ba ea leka-lekaneng. “Ke lakatsa ha basali ba ikhabisa ka moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong, eseng ka mekhoa ea ho loha moriri le khauta kapa liperela kapa liaparo tsa theko e boima haholo, empa ka tsela e tšoanelang basali ba ipolelang hore ba fa Molimo tlhompho ea borapeli, e leng, ka mesebetsi e molemo.”—1 Timothea 2:9, 10.
Tseba hore bohlale ba bomolimo bo phahametse maruo. “Ho lehlohonolo motho ea fumaneng bohlale, ea fihletseng kutloisiso; hobane khoebo ea jona e fetisa silefera, ho ata ha jona ho fetisa ha khauta. Bo fetisa liperela ka bohlokoa, tsohle tse lakatsehang ha li lekane le bona. Bo kakatletse bolelele ba litšiu letsohong le letona, le menono le boholo letsohong le letšehali. Litsela tsa bona ke litsela tse khahlehang, mebila ea bona ke khotso. Ke sefate sa bophelo ho ba bo ruileng, ba bo lotolotsang ba na le lehlohonolo.”—Liproverbia 3:13-18.
Itloaetse ho fana. “Ho na le thabo e eketsehileng ho faneng ho feta e teng ho amoheleng.”—Liketso 20:35.
E mong a ka ’na a pheha khang ea hore letoto lena la lihlooho ka bolona ke mofuta o itseng oa papatso, o “buellang” khopolo ea hore lintho tsa bohlokoa tsa moea li lokela ho tla pele ho lintho tsa bohlokoa tse bonahalang. Ha ho pelaelo hore u tla lumellana le qeto eo.
[Lebokose le leqepheng la 27]
Ho Phatlalatsa ’Muso oa Molimo
Tsela e ’ngoe e molemo ka ho fetisisa ea ho finyella batho ka molaetsa o susumetsang ke efe? Buka ea Advertising: Principles and Practice e re: “Lefatšeng le phethahetseng le inahaneloang mohlahisi e mong le e mong oa thepa e itseng o ne a tla khona ho bua ka seqo le moreki e mong le e mong ka sehlahisoa seo a se rekisang kapa tšebeletso eo a fanang ka eona.” Bakreste ba ’nete ba ’nile ba ithaopela ho phatlalatsa ’Muso oa Molimo ka tsela ena ka lilemo tse ka bang 2000 joale. (Matheu 24:14; Liketso 20:20) Ke hobane’ng ha likhoebo tse eketsehileng li sa sebelise mokhoa oo oa ho finyella batho? Buka eo ea hlalosa: “Ho bitsa chelete e ngata haholo. Maeto a etsoang ke barekisi a ka ja chelete e fetang $150 [R745] leeto ka leng.” Ho hlakile hore Bakreste ba ithaopetse ho “phatlalatsa” ’Muso oa Molimo. Ke karolo ea borapeli ba bona.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Molaetsa oa Bibele ha o re “Reka ho fihlela ho khaoha moo ho khoehlang”