Phatlalatso e na le Matla a ho Kholisa
PHATLALATSO e tlatsa tlhoko e ’nileng ea ba teng ha e sa le batho ba qala ho reka le ho rekisa. Ke bonono bo bileng teng ka lilemo.
Phatlalatso ea mehleng ena e qalile kamor’a Ntoa ea II ea Lefatše. Ho hōla ha libaka tsa khoebo le katleho ea bo-1950 li ile tsa tlolela lilemong tsa bo-1960. ‘Le ka mohla lintho ha li e-s’o ka li ba molemo tjena!’ ana ebile mantsoe a Harold Macmillan, eo e neng e le tona-khōlō ea Brithani nakong eo. Pono ea hae ea lintho e ile ea bonahala e le ’nete.
Katleho ea moruo e ile ea bolela matla a eketsehileng a ho reka, a lebisitseng tlhahisong e eketsehileng ea thepa le ho eketsoa ha thekiso. Lebili la ho hlahisa thepa le ho tlatsa litlhoko tsa batho le ne le phethehile, tsohle li likoloha setsing se le seng—phatlalatsong.
Kajeno, ho rekisa ke mosebetsi o atlehileng o kopanyelletsang thekiso ea lintho ka likarete tsa ho reka ka mokitlane—Brithani ho sebelisoa tse limillione tse 22,6 ka letsatsi, ho feta naha leha e le efe Europa.
Tšimolohong ea lekholo lena la lilemo, libaka maqepheng a likoranta le limakasine li ile tsa rekisetsoa batho ba ileng ba li tlatsa ka mabitso a thepa eo ba e rekisang. Mohlala oa sena ke phatlalatso ea “Lik’hamera tsa Eastman Kodak.” Lilemo tse lekholo tse fetileng, chelete e neng e lefuoa ka selemo ke Kodak bakeng sa makasine o phatlalatsang thepa ena United States e ne e le R700! Empa hona joale United States, chelete e fetang eo e sebelisoa ke motho a le mong phatlalatsong ea khoebo ka selemo!
United States ke lehae la mehleng ena la phatlalatso. Ho tlohela ka ntoa ea bobeli ea lefatše, lichaba tse ling tsa Bophirimela li latetse mohlala oa eona, ’me linaha tse futsanehileng moruong li latela mohlala o tšoanang kajeno. Mekhatlo ea khoebo ea machaba e thusa ka ho hōlisa tšusumetso ea eona.
Phatlalatso e fetohile khoebo e khōlō le e matla—ba bang ba e bitsa tsebo ea mahlale. Ho sa tsotellehe hore na e hlalosoa joang, ho thata ho qoba ho kenella ha eona bophelong ba rōna. Ho sa tsotellehe hore na re sheba hokae, hore na re etsa eng, phatlalatso e ka pele ho rōna, e batla ho re lumelisa. Ea re kholisa, ea re qela, e beha mabaka le rōna, e hapa tlhokomelo ea rōna. Ebang re lemoha sena kapa che, kaofela ha rōna re angoa ke phatlalatso, hamolemo kapa hampe.
Monghali oa khoebo ena e matla le e kholisang ke mang? Hona e sebetsa joang?
U Hlophisa Phatlalatso Joang?
Haeba u batla ho kenya phatlalatso koranteng e hatisoang toropong ea lōna, u ka letsetsa ofising ea likoranta. Empa ho kenya phatlalatso thelevisheneng kapa libotong tse khōlō tsa naha ke taba e ’ngoe e fapaneng. Ho etsa joalo, ho tla u hloka thuso ea mokhatlo oa phatlalatso. Ho potoloha lefatše ho na le mekhatlo e mengata eo u ka khethang ho eona, empa pele a re talimeng mokhatlong oa New York Madison Avenue, o tloaetsoeng ka Ad Alley moo mekhatlo ea pele ea phatlalatso e qalileng teng.
Rosser Reeves o ile a fetola mekhoa e sebelisoang ea phatlalatso ka 1954, lilemo tse ka bang leshome kamor’a hore a thuse ho qalisa le ho hōlisa Ted Bates & Company Ad Alley. Ho tloha tšimolohong eo e fokolang, a haha mokhatlo o koahelang qitikoe eohle linaheng tse 50, o entseng liranta tse limillione tse likete tse 6 ka 1984. Mekhatlo e meng e ile ea latela, e ipokella letlotlo lena le oeleng makhoabane kamor’a ntoa.
Ho fihlela ka lilemo tse hlano tse fetileng, lifeme tse ngata tsa phatlalatso tsa Brithani li ne li loaloa ke United States, empa ha ho sa le joalo. Ha Mokhatlo oa Saatchi & Saatchi oa Brithani o reka Ted Bates & Company ka 1986, o ile oa fetoha mokhatlo o moholo lefatšeng oa phatlalatso. Leha ho le joalo, United States e ntse e etsa chelete e kaholimo ho halofo liphatlalatsong tsohle tsa lefatše ka selemo.
Re bua ka bokae? Liranta tse fetang limilione tse likete tse 300 ka selemo, ’me ho ea ka The Economist, phaello ea mokhatlo oa phatlalatso e fihla ho liranta tse limillione tse likete tse 46.
Empa matla a phatlalatso ha a theoa cheleteng. Joalokaha ho hlalositse Bill Bernbach, e mong oa ba etelletseng pele mokhatlong oa phatlalatso oa Madison Avenue: “Rōna kaofela ba sebelisang mecha ea litaba re bōpa mokhatlo oa batho. Re ka o senya. Re ka o fetola libatana. Kapa re ka o phahamisa.” Matla a makatsang a phatlalatso a theiloe moo. A sebelisoa ka boikarabelo bo bokae?
“Thekiso e Hatellang”
Ho ea ka Mokhatlo oa Phatlalatso oa Brithani, “thekiso e hatellang” ke “phatlalatso e qobellang, e kholisang, e susumetsang ka matla.” Empa tlhaloso ea Amerika, “thekiso e leqhoko,” e hlalosa sena hamolemo. E fapane ka ho feletseng le phatlalatso “e bonolo e kholisang.” Ke eng se kopanyelletsoang, hona re ameha joang?
Ha thepa ’marakeng e sa rekoe, bahlahisi ba thepa ba tla qala ho rekisa thepa ea bona ka mokhoa o bohale le o leqhoko. Linaheng tse ngata tsa Bophirimela, likoloi, lisete tsa thelevishene, le thepa e ’ngoe li rekisoa ka mokhoa o qobellang haholo oa phatlalatso.
Boemo ba tsa meriana United States bo fana ka mohlala o bontšang tšusumetso ea phatlalatso e qobellang. Sehlooho makasineng oa Time se ne se baleha tjena: “Lipetlele li Ithuta Phatlalatso e Qobellang.” Joaloka ha lipetlele li talimane le ho eketseha ha libethe tse se nang bakuli le tlhōlisano pakeng tsa lipetlele le likliniki, ho qapiloe phatlalatso e leqhoko. Phatlalatso ea sepetlele se seng sa California e ne e botsa: “Na u na le Majoe Phiong? U tla Bitsa Mang . . . Bapshatli ba Majoe!”
Leha ho le joalo, bothata bo bong ka phatlalatso ena e qobellang ke hobane ho thata ho e hana. Matla a eona a ho kholisa a ka ba maholo hoo re ka iphumanang re qobeletsoe ho reka ntho eo re sa e hlokeng kapa eo re sa e thahaselleng hakaalo. A ke re etse mehlala e ’meli e tsebisahalang.
Ho Fepa ka Botlolo le Ho Anyesa
Molao oa Mokhatlo oa Bophelo bo Botle oa Lefatše o thibela ho phatlalatsoa ha lebese la phofo la mahala ho bo-’mè ba anyesang. Sepheo sa oona ke ho sireletsa ho anyesoa ha lesea kahobane lebese la ’mè le na le lithibela-mafu. Hape ho anyesa ho hatella ho hlahisoa ha mahe a ’mè, ho sebeletsa e le mofuta o mong oa ho thibela pelehi, ’me ho a thusa linaheng tseo ho se nang mefuta e meng ea ho thibela pelehi.
Ho abuoa ha lebese la phofo morao tjena Lipetleleng tse ling tsa Sechaba tsa Brithani ho ile ha hopotsa batho ka liphello tse mpe tsa lebese lena. Liphello tsa phuputso ea lilemo tse hlano Liverpool, Engelane, li senotse hore “bo-’mè ba nang le masea ha ba utloisise litaelo [tsa lebese la phofo] ’me libotlolo le litami ha li bolokoe li hloekile.” ’Matlisisi Ngaka A. J. H. Stephens oa ekeletsa: “Mabese a phofo a sireletsehile haeba feela a tsoakiloe hantle le ho bolokoa a hloekile.” [Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.] Empa mathata a ba mangata haholo haeba ho sa etsoe joalo.
Ka 1983 peho e tšosang ho Africa Now e senotse hore selemo ka seng litlaleho tse limillione tse leshome tsa mafu a tšoaetsang le phepo e mpe a bakeloa ke tšebeliso ea lebese la botlolo. Pelenyana, ka 1974, mokhatlo oa lithuso o Loanelang Bahloki o boletse hore linaheng tse futsanehileng moruong masea a millione a ile a shoa ka baka la lithekiso tsa lebese la phofo. Lebaka? ” “’Maraka o leqhoko le ho buelloa ha mabese a phofo,” ho tlalehile Africa Now.
The Observer e totobalitse kotsi ea ho haelloa ke tsebo ea melao e hlokahalang ea bophelo ha ho lokisetsoa lebese lena: “Bopaki bo boholo bo tsoang linaheng tse futsanehileng moruong bo bontša hore baphatlalatsi ba ne ba khothalletsa bo-’mè ba sa rutehang hore mabese a phofo a molemo ho feta lebese la ’mè, le hore masea a ne a shoa ka baka la libotlolo tse sa hlatsuoeng hantle.” Mabakeng a mang, kamor’a hore bo-’mè ba neoe mabese a mahala a phofo, ba ne ba hlōleha ho fumana chelete ea ho reka a mang. Nakong eo lebese la bona le chele. Phatlalatso eo e qobellang e hlahisa liphello tse kotsi.
Phello ea Koae
Ka bo-1980, phatlalatso ea sakarete ho basali Brithani e ile ea atleha haholo hoo esita le hoja ho lumeloa likotsi tsa bophelo, ho tsuba ha basali ho theohile feela ka karolo ea bohlano lilemong tse 15 tse fetileng, ha ho bapisoa le ho theoha ka karolo ea boraro ho banna.a Ka baka leo, “kankere ea matšoafo e bolaea basali ba bangata joaloka kankere ea matsoele, ’me basali ba eketsehang ba hlokofatsoa ke mafu a ‘banna’ a pelo le sefuba,” ho tlalehile The Sunday Times ea London.
Lekhotla la Thuto ea Bophelo la Brithani le amehile haholo ka sena, empa le ka hlōla joang matla a phatlalatso e etsang liranta tse limillione tse 5,3 le khoebo ea koae e etsang liranta tse limillione tse 350?
Khopolo e ’ngoe ke ho thibela phatlalatso ea koae. Linaha tse ling li entse thibelo e felletseng ea koae—Norway e entse joalo ka 1975, naha ea boahisani ea Finland ea latela mohlala oo lilemo tse tharo hamorao, le Sudan ka 1983. Linaheng tse ling, joaloka Jeremane Bophirimela, United States, le Rephabliking ea Afrika Boroa, mekhatlo e meng e buella lithibelo tse eketsehileng tsa liphatlalatso tsa sakarete.
Empa Brithani, moo bahlahisi ba sakarete ba etsang khoebo “’marakeng o thata,” phatlalatso e qobellang e tsoela pele ka likoranta, haholo-holo limakasine tsa basali. Hobane’ng moo? Kahobane “basali ke mohloli o motle haholo oa chelete,” ho hlokometse The Sunday Times. Ha mophatlalatsi a hireloa ho rekisa sehlahisoa se itseng, taba ea boitšoaro ha e tsotelloe ho hang.
Tšebeliso ea Phatlalatso ea Lipapali
Ke ho tloaelehileng hore bahlahisi ba tšehetse lipapali tseo ba amanang le tsona, ka mohlala, lithaere le petrole bakeng sa likoloi tsa mabelo. Empa mekhatlo ea koae e ameha joang ka ho tšehetsa ka liranta tse limillione tse 28,8 Brithani ka 1985? “Papali e lokela ho etsa hore batho ba phele hantle ’me ho tsuba ho ba kulise,” ho hlokomelisitse Setho sa Palamente, “ka hona tšehetso ea mokhatlo oa koae ha e nyalane ho hang le khopolo ea ho hōlisa bophelo ka papali.” Empa leha ho le joalo tšehetso e joalo ke ho ipolokela chelete ka tsela e hlahisang phaello e ngata. A ke re hlahlobe lebaka.
Kapele batho ba amanya papali le lebitso la koae e phatlalatsoang, empa eo ke qalo feela. Ka ho sebelisa matšoao a maholo, a beiloeng ka bohlale ho likoloha sebaka seo lipapali li leng ho sona le ho li bontšoa thelevisheneng, liphatlalatso tsa sakarete li ka bonoa lithelevisheneng tse limillione, ’me lifeme tsa koae ha li lefe leha e le sente e ntšo bakeng sa hoo. Ka tsela ena li boetse li tsoa ka tlase thibelo ea lilemo tse 20 ea liphatlalatso tsa koae thelevisheneng United Kingdom.
Ka 1982 babohi ba thelevishene ba lekanyetsoang ho limillione tse 350 linaheng tse 90 ba ile ba bona Martina Navratilova a hlōla Tlhōlisanong ea Bompoli ea Tenese Wimbledon a apere liaparo tsa papali tse nang le ’mala o tšoanang hantle le oa sephutheloana sa sakarete se tummeng. “Seo ha se amane ka letho le lisakarete. Ke mang ea tsotellang?” ena ebile karabelo ea e mong oa baphatlalatsi tletlebong ea mokhatlo oa Thelevishene oa BBC. Lithibelo tse ling tse matla li se li entsoe ho felisa mofuta ona oa phephetso lipapaling, empa ha ho bonolo ho ba ka pele ho liphatlalatso tse joalo tse phehellang le tse patehileng.
Ho Phehella ka Tsela e Ntle
Liphatlalatso li ka hōlisa mosebetsi le ho hōlisa moruo—tlatsetso e amoheloang sechabeng. Liphatlalatso li ka qala ’maraka oa thekiso moo o leng sieo. Ak’u bone liphello tse matla tsa phatlalatso ea taemane Japane.
Ho fapana le linaheng tsa Bophirimela moo lesale la tebeletso la taemane e leng sehlohlolo se tloaelehileng sa lefereho le atlehileng, batho ba Japane ba hōlisitsoe ka meetlo e fapaneng. Ka 1968 basali ba Japane ba ka tlase ho karolo ea 5 lekholong ba ile ba amohela lesale la tebeletso la taemane. Empa phutuho ea ho hōlisa taemane e qalile hona selemong seo, ’me ka baka leo, banyaluoa ba Majapane ba etsang karolo ea 60 lekholong ba ne ba roetse masale a taemane ka 1981. “Ka lilemo tse 13 feela, moetlo oa Japane o lilemo li 1 500 o ile oa fetoloa ka ho feletseng,” ho hlalositse E. J. Epstein bukeng ea hae The Diamond Invention. Matla a susumetsang a phatlalatso a joalo.
Phatlalatso e ka sebelisa ho lemosa batho ka kotsi. Ka 1986 ’muso oa Brithani o ile oa khetha mokhatlo oa phatlalatso oa London ho lemosa naha ka tšokelo e kotsi ea AIDS. Lehae le leng le le leng naheng le ile la amohela bukana ea mahala, ho ekeletsa le liphatlalatso sea-le-moeeng le thelevisheneng, le likoranteng le limakasineng.
Empa tlaleho e bontšang katleho ea phatlalatso e fumanoa morao koana lilemong tse likete tse peli tse fetileng, ho bao ebileng balateli ba khothetseng ba Jesu Kreste. Na u tseba hore Bakreste bao ba lekholo la pele la lilemo ba ne ba na le phihlelo e kae phatlalatsong? Ke taba e thahasellisang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Brithani ho na le batsubi ba sakarete ba limillione tse 17—karolo ea 32 lekholong ke basali ’me karolo ea 36 lekholong ke banna.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Ke Eng se Rekisang Phatlalatso?
PHATLALATSO ea mehla ea joale e bitsa chelete e ngata. Liphatlalatso tsa khoebo tsa thelevishene li ka bitsa liranta tse likete, ho itšetlehile ka hore likoranta le limakasine li ka abuoa ka boholo bo bokae. Na batho ba tla li bala? Na ba tla li hopola? Na ba tla nka bohato ka tsona? Ho tiisa hore ba etsa joalo, boqapi ba mahlale bo kentse letsoho haholo tokisetsong ea liphatlalatso. Thepa e hohelang mahlo, e laolang pono ea moshebelli ka mahlaseli a khanya, ka potlako e senola hore ke karolo efe e lokiselitsoeng e ka hapang thahasello e khōlō. Empa leha ho le joalo, lithetso li lokela ho susumetsa takatso ea ho reka. Lingaka tsa kelello li bolela hore li na le likarabo hobane li hlahloba boitšoaro ba boko phatlalatsong. Empa ’nete ea sala: “Haeba phatlalatso ea khoebo ea TV e rateha haholo, e tla susumetsa haholoanyane” ho tlaleha Setsi sa Ogilvy sa Lipatlisiso le Tsoelopele.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Phatlalatso e ile ea etsa phapang e khōlō thekisong ea masale a taemane Japane