Phatlalatso e Bohlokoa Hakae?
PIKOKO e ’mala o motala ea India e hlahisa mebala e metle. Masiba a eona, a fetang ’mele oa eona ka makhetlo a mahlano, a nang le matheba a matle a kang mahlo, a sarolloha ho tloha morao ho ea pele mahlaseling a matle a letsatsi. Ke ponahalo e hlollang hakaakang, pikoko ena e tona e tsamaea butle ka pele ho sethole. Ke joang se neng se ka iphapanya ketso eo e hlalositsoeng e le “phatlalatso . . . e ntlehali e kileng ea bontšoa lefatšeng”? Phatlalatso e jele setsi lefatšeng. Letoto la rōna la lihlooho le hlahloba tšusumetso le phello ea eona, kamoo e bonoang ke mongolli oa Tsoha! Brithani.
Phatlalatso ke eng? Ke tsela ea ho tsebahatsa ntho e itseng. Hangata tlhahong e bohlokoa bakeng sa ho boloka bophelo.
Ka mohlala, ho ngaea ha liphiri ho phatlalatsa boteng ba tsona le ho qoba ho kopana le tse ling tse batlang lijo. Serurubele se setšehali se khona ho lemoha marotholi a mokelikeli a ntšitsoeng ke serurubele se setona se le bohole ba lik’hilomithara tse itseng ho tsoa moo se phatlalatsang hore se hloka se setšehali. Liphoofotsoana tse phelang ka liboko ka bohlale li koekoetla thithiboea, eo ’mala oa eona o mosehla le metero e metšo o phatlalatsang hore ha e nyontše feela empa hape e chefu.
Ho thoe’ng ka rōna batho? Re tsoetse pele haholo le ho fetola phatlalatso ea rōna ea khoebo. Nahana ka mehlala e seng mekae.
Phatlalatso ea Khoebo
Ho ka etsahala hore meqolo ea pampiri ea Egepeta e sibollotsoeng Thebes ke ea khale haholo phatlalatsong ea khoebo. E ngotsoe lilemo tse fetang likete tse tharo tse fetileng, e phatlalatsa moputso o neng o tla neoa lekhoba le khutlang kamorao ho hore le balehe.
Matona a ’muso a neng a etsa likhoeletso Greece ea boholo-holo, le Europa hamorao, ha e le hantle e ne e le sehlopha sa banna ba etsang liphatlalatso, se neng se hapela tlhokomelo ea batho likhoeletsong tsa sona.
Engelane ea boholo-holo, libolo tse tharo tsa gauta tse neng li fanyehiloe, ’me li e-na le litšoantšo tsa lelapa la Mataliana la Medici la bahoebi, li ne li phatlalatsa batho ba alimanang ka chelete. Kajeno, libolo tseo li fetohile letšoao la lebenkele le kalimanang ka chelete ka tebeletso ea thepa.
Lilemo tse kaholimo ho 250 tse fetileng, Ngaka Samuel Johnson oa London o ile a tletleba ka sena: “Hona joale liphatlalatso li ja setsi hoo ho leng bonolo ho li utloisisa. . . . Mosebetsi oa ho phatlalatsa o se o batla o phethahalitsoe hoo ho ke keng ha e-ba bonolo ho leka ho o ntlafatsa.” Empa ho tloha nakong eo, lintho li fetohile haholo hakaakang! Lilemong tse 50 tse fetileng, mosebetsi ona o se o fetohile khoebo e khōlō.
Phatlalatso ha joale ke khoebo e khōlō, e khōlō haholo. Liphatlalatso tsa likoranta, libaka tse kenyang limemo, liphatlalatso maqepheng a matle a limakasine, mabone a mebala a panya-panyang, liphatlalatso tsa seale-moea le thelevishene—kaofela li hapa tlhokomelo ea rōna ka ho kholisa ho matla, ka linako tse ling ka phatlalatso e tobileng ’me ka tse ling e beiloeng ka tsela e bohlajana le e patehileng.
Lifofa-sebakeng tsa mehleng ena tse laoloang ho tsoa lefatšeng li hulela mahlo a rōna liphatlalatsong tsa sebakeng. Lifofane tse nyenyane li hula mapetjo a liphatlalatso sebakeng. Ho bonahala mekhoa e sebelisoang e sa fele! Empa na sena se hlile se bohlokoa?
Phatlalatso e sebetsa joang? Haeba phatlalatso e ne e fokola, na rōna bareki, re ne re tla ba boemong bo molemo—kapa bo bobe? E ka ba le karolo efe bophelong ba rōna?