Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 2/8 maq. 9-11
  • Phatlalatso—Sebetsa se Matla sa Bokreste

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Phatlalatso—Sebetsa se Matla sa Bokreste
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Phatlalatsa Lekholong la bo20 la Lilemo
  • Bopaki ba Qetello bo Matla!
  • Lilemo Tse Lekholo Tsa ho Phatlalatsa ’Muso!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Ho Bolela Phatlalatsa le ka Ntlo le Ntlo
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Phatlalatso e na le Matla a ho Kholisa
    Tsoha!—1988
  • Baboleli ba ’Muso ba Mafolo-folo Lefatšeng Lohle
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 2/8 maq. 9-11

Phatlalatso—Sebetsa se Matla sa Bokreste

KAMOR’A lefu la Jesu Kreste, Bakreste ba pele ba ile ba qhalangoa le ho hlorisoa. Moprofesara K. S. Latourette oa hlalosa bukeng ea hae History of Christianity: “Ka hobane ba hanne ho kopanela meketeng ea bohetene Bakreste ba ne ba bitsoa batho ba latolang boteng ba Molimo. Ka baka la ho ikarola . . . meketeng ea bohetene, Bakreste ba ile ba bolaoa ka bongata ka baka la litumelo tsa bohetene, le mesebetsi ea boitšoaro bo bobe ea bohetene—ba ile ba songoa ka hore ke batho ba hloileng moloko oa batho.”

Hore e be Bokreste bo pholohile esita le ho eketseha ho potoloha lefatše la joale le tsejoang har’a khanyetso e tjena ke ntho e sa tloaelehang. Ho etsahetse joang? Karolo e ’ngoe ea lekunutu e itšetlehile boboleling kapa phatlalatsong!

Ha a hlalosa mosebetsi oa Jesu e le ’moleli le moruti ea kholisang, Moprofesara C. J. Cadoux oa hlalosa bukeng ea hae The Early Church and the World: “Mosebetsi oa ho kholisa o ne o lokela ho ntšetsoa pele ka mantsoe le ka liketso. Kahoo ho ne ho tlamehile ho ba le phatlalatso e ngata bophelong ba hae le thutong. . . . Mohlala o motle oa thuto ea hae ea pele—le oa barutuoa ba hae—o ile oa bolelloa batho pontšeng.” Ha a tsoela pele ho bua ka mosebetsi oa barutuoa kamor’a lefu la Jesu, Cadoux o tsoela pele: “Phatlalatso ea amoheloa. Lipaki li fane ka ’nete ea tsona ka puo e bonolo.”

Re bua ka batho ba mofuta ofe? Edmond de Pressensè oa hlalosa ho The Early Years of Christianity: “Thuto . . . e ne e le puo e sa lokisetsoang pele, e ne e itsoela pelong. Baapostola e ne e se bona feela libui; Bakreste ba bang le bona ba ne ba bua ka bolokolohi ka mesebetsi e babatsehang ea Molimo.” Bakreste e ne e le baphatlalatsi ka bobona, kaofela ka mafolo-folo ba ne ba abelana tumelo ea bona le batho ba bang mosebetsing oa bona oa ho bolela phatlalatsa le ho ruta.

Edward Gibbon, bukeng ea hae Decline and Fall of the Roman Empire, o bontša hore “mebila e meholo ea sechaba, e ahiloeng hore e sebelisoe ke mabotho [a Roma], e butse tsela e bonolo bakeng sa baromuoa ba Bokreste ho tsoa Damaseka ho ea Korinthe, esita le ho tloha Itaii ho ea likarolong tse hōle tsa Spain kapa Brithani.” Gibbon oa phaella: “Ho na le lebaka le matla la ho lumela hore pele ho puso ea Diocletian le ea Constantine tumelo ea Kreste e boletsoe naheng e ’ngoe le e ’ngoe, le metseng e meholo ea ’muso.” Bakeng sa ho ntšetsa tumelo ea bona pele, Bakreste ba sebelisitse mokhoa o mong le o mong o fumanehang. Mofetoleli oa Bibele Edgar Goodspeed oa senola bukeng ea hae “Christianity Goes to Press: “Ka mokhoa o sa tloaelehang e ne e le batho ba rekang libuka le ho li bala. E ne e boetse e le batho ba fetolelang le ba hatisang libuka. . . . [Ka 140 C.E.] baboleli ba Bakreste . . . ba ile ba ithusa ka Bibele, ’me ba e fumana e sebetsa . . . ’me ka kholiseho e fetohile buka ea bona.”

Ho Phatlalatsa Lekholong la bo20 la Lilemo

Kajeno, Lipaki tsa Jehova lia cheseha esita le ho ba mafolo-folo joaloka metsoalle ea tsona ea lekholong la pele la lilemo e ne e le joalo ho phatlalatseng tumelo ea Bokreste lefatšeng lohle—li sebelisa thepa ea joale ea boqapi ba mahlale. Nahana ka lintlha tse latelang tsa sehlooho tsa lekholong la bo20 la lilemo:

● 1914. “PhotoDrama of Creation.” Tšoantšiso ena e ne e na le li-slide le litšoantšo tse phelisitsoeng tse hokahantsoeng le lirekoto tsa gramafono tsa lipuo le ’mino. Mokhoa ona e bile oona oa mathomo oa ho phatlalatsa ka lirekoto le litšoantšo.

● 1920. “Limillione tse Phelang Hona Joale li ke ke tsa Shoa.” Nakong e fetang lilemo tse peli, limemo le likoranta, hammoho le letšolo le matla la phatlalatso ea botho lefatšeng lohle, li ile tsa tsebahatsa puo ena e tloaelehileng le bukana e boholo ba makasine e ileng ea latela.

● 1922. “Tsebahatsang Morena le ’Muso.” Sena e bile sehlooho se phephetsang sa kopano Cedar Point, Ohio. Khothatso ea “tsebahatsang, tsebahatsang, tsebahatsang, Morena le ’Muso oa Hae” e fane ka mohlala ho Lipaki tsa Jehova joaloka baphatlalatsi ho tloha nakong eo ho ea pele.

● 1924. WBBR, seteishene sa sea-le-moea sa Mokhatlo oa Watch Tower. Se ahiloe molemong oa khaso ea pele ka sea-le-moea. Selemo sa 1933 ebile sa tlhōrō, liteishene tsa sea-le-moea tse 408 li ile tsa sebelisoa ke Lipaki tsa Jehova ho phatlalatsa molaetsa oa Bibele likontinenteng tse tšeletseng.

● 1934. Ligramafono tsa letsoho le lirekoto tse bapalang ka lebelo la 78 ka hora. Ka lilemo tse leshome Lipaki tsa Jehova li sebelisitse mokhoa ona o nakong oa puisano, ’me tsa etsa ligramafono tse ka bang 20 000 ho finyella tlhoko ena.

Bopaki ba Qetello bo Matla!

Ha Ntoa ea II ea Lefatše e lala ka 1945, Lipaki tsa Jehova li ne li ikemiselitse ho kenela tšebeletso ea boboleli ka tekanyo e khōlō haholo. Jesu o boletse hore ka tumelo balateli ba hae ba ne ba tla etsa mesebetsi “e fetisang” eo a e entseng. Sena se ne se tla bolela boholo ba sebaka sa boboleli ba bona. Boprofeta boo bo ipakile ho ba ’nete hakaakang!—Johanne 14:12.

Selemong sa 1987, Lipaki tsa Jehova tse ka bang limillione tse tharo le likete tse makholo a mane linaheng tse 210 li qetile lihora tse fetang limillione tse 700 boboleling le ho ruteng. “Ho sa tsotellehe hore na u lula kae, ha ho thata ho kopana le Lipaki tsa Jehova,” ho hlokometse moruti oa Kereke ea Chache Jack Roundhill, oa phaella: “Li fana ka bopaki libakeng tsa ’maraka le libakeng tsa lipontšo le hohle moo li fumanang batho teng. Empa mokhoa ona o khethollang oa Lipaki o sebelisoa ka sepheo sa ho tlisa molaetsa tlung ea motho e mong le e mong ea li lumellang ho kena. Hangata li ema monyako, ’me li sebelisa monyako e le sefala sa tsona.”

Ho phatlalatsa ka molomo ho putsa haholo, hoo Lipaki tse ncha tse ka holimo ho 230 000 li kolobetsoang ka selemo. Bakeng sa Sehopotso sa selemo sa lefu la Jesu Kreste, tsa memela batho ba batlileng ho ba limillione tse robong Liholong tsa tsona tsa ’Muso.

Ho tsoa libakeng tsa tsona tse ngata tsa khatiso ho potoloha lefatše, libuka, libukana, le lipampitšana tse limillione li hatisoa ka lebelo le leholo, ka lipuo tse fetang 200. Molula-Qhooa le Tsoha! ke limakasine tsa bolumeli tse abuoang ka ho fetisisa lefatšeng kajeno, tse nang le kabo ea likopi tse limillione tse fetang 46 ka khoeli. Empa li ne li se na likarolo tsa liphatlalatso tsa khoebo. ’Me e ’ngoe ea libuka tsa Lipaki e sekoahelo se thata, ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng, e abuoe ka likopi tse fetang limillione tse 106 ka lipuo tse 116! Ho abuoa ha libuka tse ling tsa tsona tse thehoeng Bibeleng ho fihla ho mashome a limillione buka ka ’ngoe.

E, Lipaki tsa Jehova li itlhomelletse hamolemo ’me ka mafolo-folo li ikemiselitse ho phatlalatsa Morena le ’Muso oa hae, ’muso o lokileng oo haufinyana o tla laola litaba tsa batho. Ka tšusumetso e joalo, ho phatlalatsa ha tsona ka mafolo-folo ruri ke sebetsa se matla sa Bokreste!

[Litšoantšo tse leqepheng la 9]

Ligramafono li ne li sebelisoa bakeng sa boboleli

Mehleng ea eona, phatlalatso ea Photo-Drama e hapile thahasello ea matšoele

[Litšoantšo tse leqepheng la 10]

Lipaki joale li bolela linaheng tse fetang 200

Liphuthehong tse54 000, Lipaki li phatlalatsa ’Muso oa Molimo

Lefatšeng lohle, libuka tsa Bibele tse makholo a limillione, ka lipuo tse ka bang 200, li tsoa mochining oa khatiso o kang ona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela