Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/14 maq. 2-3
  • Lilemo Tse Lekholo Tsa ho Phatlalatsa ’Muso!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lilemo Tse Lekholo Tsa ho Phatlalatsa ’Muso!
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • 1914-2014 Lilemo Tse Lekholo Tsa Puso ea ’Muso!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Lilemo Tse 100 Tsa Puso ea ’Muso—Li U Ama Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Phatlalatso—Sebetsa se Matla sa Bokreste
    Tsoha!—1988
  • Ke hobane’ng ha u lokela ho tseba ka ’Muso oa Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
km 8/14 maq. 2-3

Lilemo Tse Lekholo Tsa ho Phatlalatsa ’Muso!

1. Batho ba Jehova ba ile ba khothalletsoa ho etsa’ng hoo e ka bang lilemong tse lekholo tse fetileng?

1 “Bonang, Morena oa busa! Le babuelli ba hae. Ka hona phatlalatsang, phatlalatsang, phatlalatsang, Morena le ’muso oa hae.” Ka mantsoe ao a susumetsang ao Mor’abo rōna Rutherford a ileng a a bua hoo e ka bang lilemong tse lekholo tse fetileng, batho ba Jehova ba ile ba khothalletsoa ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso hōle le haufi. Ke sona seo re se entseng! Joalokaha ho entse Bakreste ba pele, re boletse litaba tse molemo tsa ’Muso “pōpong eohle e tlas’a leholimo.” (Bakol. 1:23) Ha re nahana ka se etsahetseng lilemong tse lekholo tse fetileng, re entse’ng ho phatlalatsa ’Muso oa Molimo? Re ka tsoela pele joang ho o phatlalatsa ha re atamela selemo sa bo100 sa ho thehoa ha ’Muso?

2. Lingoliloeng tsa rōna li bueletse ’Muso oa Molimo joang?

2 Se Etsahetseng Nakong e Fetileng: Lingoliloeng tsa rōna li bueletse ’Muso oa Molimo ka mashome a lilemo. Ho tloha ka 1939 makasine oa rōna o ka sehloohong o bile le sehlooho se reng: Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova. Makasine ona o bua ka ’Muso khafetsa le seo o tla se etsa. Makasine oa Tsoha! le oona o totobatsa hore ’Muso oa Molimo ke oona tšepo feela bakeng sa batho. Ke hantle hakaakang hore ebe limakasine tsena tse peli ke tsona tse fetoleloang le ho tsamaisoa haholo lefatšeng!—Tšen. 14:6.

3. Ke mekhoa efe e meng eo re e sebelisitseng ho phatlalatsa ’Muso?

3 Batho ba Jehova ba sebelisitse mekhoa e sa tšoaneng ho phatlalatsa ’Muso. Mehleng e fetileng re ne re sebelisa likoloi tse nang le libuela-hōle, liphatlalatso tsa seea-le-moea le likeramafono. Mekhoa eo e ile ea re thusa ho bolella batho ba bangata litaba tse molemo nakong eo ho neng ho e-na le babuelli ba ’Muso ba seng ba kae. (Pes. 19:4) Lilemong tsa morao tjena, re phatlalalitse boitsebiso Websaeteng ea jw.org, kahoo re phatlalatsa ’Muso ho batho ba limilione—ho akarelletsa ba lulang linaheng tseo mosebetsi oa boboleli o thibetsoeng ho tsona.

4. Re entse matšolo afe a khethehileng?

4 Batho ba Jehova ba boetse ba entse matšolo a khethehileng a ho hasa molaetsa oa ’Muso. Ka mohlala, ho tloha bohareng ba bo-1990, re entse boiteko ba ho atolosa mosebetsi oa rōna oa ntlo le ntlo ka ho paka liphakeng tsa sechaba, moo ho pakoang likoloi le libakeng tsa khoebo. Morao tjena re hlophisitse ho paka phatlalatsa ka tsela e khethehileng litoropong tse khōlō lefatšeng lohle. Ho phaella moo, liphutheho tse ngata li nka karolo bopaking ba phatlalatsa tšimong ea tsona ka ho sebelisa likariki tsa lingoliloeng le litafole tse behoang haufi le libaka tse nang le sephethephethe sa batho. Leha ho le joalo, mosebetsi oa ntlo le ntlo o lutse e le mokokotlo oa mosebetsi oa rōna oa ho bolela ka ’Muso.—Lik. 20:20.

5. Selemong se secha sa tšebeletso batho ba bangata ba tla ba le menyetla efe?

5 Se Tla Etsahala Nakong e Tlang: Ha ho qala selemo se secha sa tšebeletso ka September, ba bangata ba tla qala ho sebetsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla. Na le uena u ka ba pula-maliboho oa ka mehla? Haeba u sa khone, na nako le nako u ka ngolisa u le pula-maliboho ea thusang? Ebang u ka bula maliboho kapa che, ha ho pelaelo hore Jehova o tla u hlohonolofatsa ka lebaka la boitelo leha e le bofe boo u bo etsang ba ho kopanela ka botlalo ho phatlalatseng ’Muso.—Mal. 3:10.

6. Ke hobane’ng ha khoeli ea October 2014 e tla ba e khethehileng?

6 Ka khoeli ea October 2014 e tla be e le selemo sa bo100 ’Muso oa Molimo o thehiloe. Ho loketse hore ebe khoeling eo Molula-Qhooa oa batho ka kakaretso o tla buella ’Muso oa Molimo. Re kōpa hore u etse boiteko ba ho fa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang makasine ona. Ha re nahana ka nako e tlang, e se eka bohle re ka tsoela pele ho “bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo” ho batho bohle ba tla mamela.—Lik. 8:12.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela