SEHLOOHO SE KA NTLE | ’MUSO OA MOLIMO—O KA U ETSETSA’NG?
Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Tseba ka ’Muso oa Molimo?
Batho ba bangata ba tšepile ’Muso oa Molimo. Ba rapela ka tsela eo Jesu a ileng a ruta balateli ba hae hore ba rapele ka eona ba re: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng.”—Matheu 6:10, Bibele ea Sesotho.
Hoa makatsa hore ebe le hoja batho ba bangata ba rata ho tseba ka ’Muso oa Molimo, malumeli a mangata ha a bue ka oona hakaalo. Ha rahistori H. G. Wells a bua ka taba ena o ile a bontša hore ha ho utloahale hore ebe le hoja moko-taba oa thuto ea Jesu e ne e le ’Muso oa Leholimo, likereke tse ngata tsa Bokreste ha li rute ka oona.
Ho fapana le likereke tseo, moko-taba oa thuto ea Lipaki Tsa Jehova ke ’Muso oa Molimo. Ka mohlala, makasine ena eo u e balang e hatisitsoe ka lipuo tse 220. Ho hatisoa limakasine tse ka bang limilione tse 46 khoeli le khoeli, kahoo, ke eona makasine e baloang ke batho ba bangata ka ho fetisisa. Moko-taba oa eona ke ofe? Sehlooho sa eona ke: Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova.a
Ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li ikitlaetsa hakaale hore li bolelle batho ka ’Muso oa Molimo? Hobane re lumela hore ’Muso oa Molimo ke oona molaetsa o ka sehloohong ka Bibeleng, e leng eona buka ea bohlokoa ka ho fetisisa lefatšeng. Ho feta moo, re kholisehile hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o ka rarollang mathata ao batho ba nang le ’ona kajeno.
Lipaki Tsa Jehova li leka ka matla ho etsisa Jesu ha li bolela ka ’Muso oa Molimo. Ha Jesu a le lefatšeng, ’Muso oa Molimo e ne e le oona o ka sehloohong bophelong ba hae ’me e le moko-taba oa thuto ea hae. (Luka 4:43) Ke hobane’ng ha ’Muso oa Molimo e ne e le oa bohlokoa hakaale ho eena? Hona o ka u etsetsa’ng? Re kōpa u hlahlobe likarabo tse hlahang ka Bibeleng lihloohong tse latelang.
a Jehova ke lebitso la Molimo le hlahang ka Bibeleng.