-
Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 23 MayTšebeletso ea ’Muso—2011 | May
-
-
Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 23 May
BEKE E QALANG KA LA 23 MAY
Pina ea 39 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
bt khao. 4, lebokose le ho leq. 33 (25 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Pesaleme ea 19-25 (10 mets.)
No. 1: Pesaleme ea 23:1–24:10 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Na Bajode Bohle ba Tla Sokolleloa Tumelong ea Bokreste?—rs leq. 40 ¶4-5 (5 mets.)
No. 3: Baroma 8:21 e Tla Phethahala Neng Hona Joang? (5 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
10 mets: Litsebiso. “Tsela ea ho Sebelisa Foromo ea Ka Kōpo Latela (S-43).” Puisano.
10 mets: Lintlha Tse Tharo Tseo re Lokelang ho li Ela Hloko Hore re Kenyelletse Taba ka Katleho. Puo e thehiloeng bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 9, serapeng sa 1. Ka mor’a ho tšohla boitsebiso bona, suthela lipontšo tse peli tsa kamoo re ka kenyelletsang taba ha re tsamaisa sengoliloeng se tsamaisoang ka June.
15 mets: Na U Kile Ua e Leka? Puisano. Puo e tšohlang ka bokhutšoanyane boitsebiso bo lihloohong tsa morao-rao tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso: “E Sebelise ka Linako Tsohle” le “Sehlooho se Secha sa ho Qala Lithuto Tsa Bibele” (km 12/10) hammoho le se reng “Bo Thusa Malapa” (km 1/11). Kōpa bamameli hore ba bolele kamoo ba sebelisitseng likeletso tse lihloohong tsena kateng le hore na ba ruile molemo joang.
Pina ea 56 le Thapelo
-
-
Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 30 MayTšebeletso ea ’Muso—2011 | May
-
-
Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 30 May
BEKE E QALANG KA LA 30 MAY
Pina ea 33 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
bt khao. 4 ¶5-12 (25 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Pesaleme ea 26-33 (10 mets.)
No. 1: Pesaleme ea 31:9-24 (4 mets. kapa ka tlaase ho moo)
No. 2: Mehlala ea Bibele ea Batho ba Ikokobelitseng e le Kannete (5 mets.)
No. 3: Na Hoa Hlokahala Hore Bajode ba Lumele ho Jesu Kreste e le Hore ba Bolokehe?—rs leq. 222 ¶3–leq. 223 ¶1 (5 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
10 mets: Litsebiso. Suthela pontšo ea kamoo motho a ka qalang thuto kateng Moqebelong oa pele oa June a sebelisa mohlala o hlahang leqepheng la 4. Khothalletsa bohle ho ba le seabo.
15 mets: Mokhoa oa ho Etsa Lipatlisiso. Puisano e thehiloeng bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso, leqepheng la 33-38. Suthela pontšo e khutšoanyane ea mohoeletsi ea buang a le mong ea sebelisang lithulusi tsa ho etsa lipatlisiso e le hore a fumane karabo ea potso eo motho e mong a mo botsitseng eona tšimong.
10 mets: Lokisetsa ho Tsamaisa Limakasine ka June. Puisano. Ka motsotso o le mong kapa e ’meli, tšohla lihlooho tse ling tsa limakasine tseo. Ebe u khetha lihlooho tse peli kapa tse tharo, ’me u kōpe bamameli ho bolela hore na ba tla botsa lipotso life ’me ba bale mangolo afe ha ba buisana le batho. Suthela pontšo ea kamoo makasine ka ’ngoe e ka tsamaisoang kateng.
Pina ea 113 le Thapelo
-
-
Tsela ea ho Sebelisa Foromo ea Ka Kōpo Latela (S-43)Tšebeletso ea ’Muso—2011 | May
-
-
Tsela ea ho Sebelisa Foromo ea Ka Kōpo Latela (S-43)
Motho o lokela ho tlatsa foromo ena ha a fumana motho ea thahasellang ea sa luleng tšimong ea phutheho ea habo kapa ea buang puo e ’ngoe. Le hoja nakong e fetileng re ne re e sebelisa ha re kopana le batho ba buang lipuo tse ling ho sa tsotellehe hore na baa thahasella kapa che, hona joale re e sebelisa feela ha motho a bonahala a thahasella. Mokhelo ke feela haeba motho a sa utloe litsebeng. Haeba re kopana le motho ea joalo, ho sa tsotellehe hore na oa thahasella kapa che, re lokela ho tlatsa foromo ea S-43.
Re lokela ho etsa’ng ka foromo ee ha re qeta ho e tlatsa? Re lokela ho e fa mongoli oa phutheho. Ha a tseba phutheho eo a lokelang ho e romela ho eona, a ka e romela ho baholo ba phutheho eo e le hore ba ka lokisetsa hore motho eo ea thahasellang a thusoe. Haeba a sa tsebe hore na a e romele phuthehong efe, o tla e romela ofising ea lekala.
Haeba motho ea thahasellang a bua puo e ’ngoe ’me a lula tšimong ea phutheho ea heno, u ka ’na ua tsoela pele ho mo etela e le ho mo thusa hore a lule a ntse a thahasella ho fihlela a ka eteloa ke mohoeletsi oa phutheho e buang puo ea habo.—Sheba Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea November 2009, leqepheng la 4.
-