Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/10 leq. 1
  • E Sebelise ka Linako Tsohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E Sebelise ka Linako Tsohle
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re na le Kofuto e Ncha ea ho Qalisa Lithuto!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Sebelisa Pampitšana e Ncha ea Websaete
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Phutuho e Khethehileng ea Pampitšana ka la 20 October–16 November!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
km 12/10 leq. 1

E Sebelise ka Linako Tsohle

1. Pampitšana ea Tseba ’Nete e re thusa hore re etse’ng?

1 Pampitšana ea Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? e ngoletsoe ho re thusa hore re qale lithuto tsa Bibele. Empa e ka boetse ea re thusa hore re jale peō ea ’nete ka katleho. (Moek. 11:6) Litlhahiso tse latelang li tla re thusa hore re e sebelise hamolemo.

2. Re ka qalisa moqoqo joang ka pampitšana?

2 Mokhoa oa ho Qala Moqoqo: U ka ’na ua fa mong’a ntlo pampitšana, eaba u mo bontša lipotso tse tšeletseng tse leqepheng la eona le ka ntle, ebe ua botsa: “Lipotsong tsee, ke efe eo u ’nileng ua ipotsa eona?” Ka mor’a hore a u arabe, tšohla le eena karabo ea Bibele e hlahang pampitšaneng ena ebe u bala lengolo le le leng le bontšitsoeng empa le sa qotsoa. Bala leqephe la ho qetela kapa u akaretse lintlha tsa lona ka bokhutšoanyane, ’me u kōpe ho mo siela buka ea Seo Bibele e se Rutang. Le haeba a sa amohele buka, bonyane o amohetse pampitšana e leng se ka ’nang sa mo thusa hore ’nete e tebe pelong ea hae.—Mat. 13:23.

3. Haeba mong’a ntlo a phathahane, re ka ’na ra etsa joang?

3 Ha Mong’a Ntlo a Phathahane: U ka ’na ua re: “Kaha ke u hlahile lesumatha, ke kōpa ho u siela pampitšana ena. E na le lipotso tsa bohlokoa tse tšeletseng tseo boholo ba rōna re ’nileng ra ipotsa tsona ’me e bontša ka ho hlakileng hore na Bibele e araba lipotso tseo joang. Mohla ke u etelang hape, ke tla thabela ho utloa maikutlo a hao ka taba ena.”

4. Re ka buella pampitšana ee joang mosebetsing oa seterateng?

4 Ha U le Mosebetsing oa Seterateng: U ka re: “Lumela. Na u kile ua ipotsa e ’ngoe ea lipotso tsee? [Emela karabo.] Pampitšana ena e na le likarabo tsa Bibele tse hlakileng le tse khotsofatsang.” Haeba motho eo a sa potlaka, u ka tšohla le eena karabo e le ’ngoe e pampitšaneng ’me u kōpe ho mo fa buka ea Seo Bibele e se Rutang.

5. Ka linako tse ling re ka sebelisa pampitšana ee joang ha re sa fumane batho malapeng?

5 Ha U sa Fumane Batho Lapeng: Masimong a mang, ho tloaelehile hore ha bahoeletsi ba sa fumane batho malapeng ba siee lingoliloeng moo batho ba fetang ka tsela ba ke keng ba li bona. Haeba phuthehong ea heno le tloaetse ho etsa joalo, na ka linako tse ling le ka siea pampitšana ea Tseba ’Nete? Ha u khutlela u ka re: “Ha re ne re u etetse nakong e fetileng, re ile ra fumana u le sieo eaba re siea pampitšana ena monyako. Lipotsong tsee, ke efe eo u ka ratang hore e arabeloe?”

6. Ke eng e etsang hore pampitšana ea Tseba ’Nete e re thuse haholo boboleling?

6 Pampitšana ea Tseba ’Nete e hlalosa ’nete ka tsela e bonolo le e hlakileng. E hohela batho ba malumeli ’ohle le ba litso tsohle. Ho bonolo hore motho a e tsamaise; esita le bana le bahoeletsi ba bacha ba ka e tsamaisa habonolo. Na u e sebelisa neng le neng ha ho khoneha?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela