Re na le Kofuto e Ncha ea ho Qalisa Lithuto!
1 Mosali oa Moamerika e ne e le setho se chesehang sa Roma e K’hatholike. O ne a tšehetsa lithuto tsa kereke eo ka botšepehi. O bile a nka leeto la bolumeli le eang Vatican. Empa ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a mo etela, o ile a lumela ho ithuta Bibele. Hobane’ng? Hobane o ne a batla ho ithuta seo Bibele e se buang ’me kereke ea hae e ne e se na tokisetso ea thuto ea lehae ea Bibele. Phihlelo ee e re ruta eng? Hore ha ho mohla re tla tseba hore na ke mang ea ka ’nang a amohela thuto ea Bibele e sa lefelloeng.—Moek. 11:6.
2 Na u kile ua ba lesisitheho ho bolella batho hore re ikemiselitse ho ithuta Bibele le mang kapa mang ea thahasellang? Na batho bohle motseng oa heno baa tseba hore re etsa tšebeletso ee e sa lefelloeng? Re ka tiiseha joang hore baa tseba? Ka ho sebelisa kofuto e ncha! Ke pampitšana e khahlehang e maqephe a tšeletseng eo sehlooho sa eona se reng Na U ka Rata ho Tseba ho Eketsehileng ka Bibele? A re itloaetseng sehloohoana se seng le se seng sa pampitšana ena.
3 “Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Bala Bibele?” Mabaka ao pampitšana ena e fanang ka ’ona a ipiletsa haholo. E hlalosa hore Bibele e fupere “taeo e lerato e tsoang ho Molimo,” e bontšang tsela ea ho mo atamela ka thapelo ho kōpa thuso le kamoo re ka amohelang mpho ea hae ea bophelo bo sa feleng kateng. (1 Bathes. 2:13) Pampitšana ena e bua ka ‘linnete tse sa tšoaneng tse fanang ka leseli,’ tse kang se etsahalang ka mor’a hore re shoe le hore na ke hobane’ng ha ho e-na le matšoenyeho a mangata hakana lefatšeng. E hlalosa “melao-motheo ea Molimo e ka Bibeleng” eo ha e sebelisoa, e tlisang melemo ea nama e bileng e hlahisang thabo, tšepo le litšobotsi tse ling tse lakatsehang. Pampitšana ena e bua ka lebaka le leng hape la ho bala Bibele—boprofeta bo mabapi le bokamoso, bo bontšang se tla tloha se re etsahalla.—Tšen. 21:3, 4.
4 “Thuso ea ho Utloisisa Bibele”: Pampitšana ena e re: “Kaofela ha rōna re hloka thuso ho utloisisa Lentsoe la Molimo.” Ebe e hlalosa mokhoa oo re ithutang Bibele ka oona: “Hangata ho molemo ho ithuta Bibele ka tsela e tsoelang pele, ho qala ka lithuto tsa motheo.” Le hoja pampitšana ena e totobatsa hore “Bibele ke oona mohloli oa boitsebiso,” ka ho toba e bolela hore bukana ea Seo a se Hlokang ke e ’ngoe e tla thusa seithuti “ho utloisisa litšupiso tsa Mangolo lihloohong tse sa tšoaneng.” Sehloohoana se latelang se phahamisa potso e susumetsang.
5 “Na U ka Rata ho Qeta Nako e Itseng Beke le Beke e le Hore U Utloisise Bibele?” Pampitšana ena e hlalosa hore ho ka lokisetsoa hore thuto ea Bibele e tšoaroe ka nako e loketseng seithuti, ’me e le sebakeng se se loketseng, ebang ke moo se leng seng kapa lapeng la sona kapa esita le thelefonong. Ke bo-mang ba ka kopanelang puisanong? Bukana ena ea araba: “Lelapa lohle la hao. Metsoalle leha e le efe eo u khethang ho e mema le eona e ka kopanela. Kapa haeba u rata, puisano eo e ka etsoa le uena feela.” Motho o lokela ho ithuta nako e kae? Ea hlalosa: “Ba bangata ba behella hora ka thōko beke e ’ngoe le e ’ngoe hore ba ithute Bibele. Haeba u khona ho ba le nako e eketsehileng kapa ho ba le nako e fokolang beke e ’ngoe le e ’ngoe, Lipaki li tla ithaopela ho u thusa.” Eo ke ntlha ea bohlokoa! Re ikemisetsa ho ikamahanya le maemo a seithuti ka seng.
6 “Memo ea ho Ithuta”: Ho fanoe ka setlankane seo motho ea amohelang pampitšana ena a ka kōpang ka sona bukana ea Seo a se Hlokang kapa ho eteloa le ho hlalosetsoa ka lenaneo la rōna la thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng. Sekoahelo sa bukana ea Seo a se Hlokang se bontšitsoe ka mebala e feletseng. Na ua hlokomela hore na ke hobane’ng ha pampitšana ee e tla khothatsa ba bangata ba lipelo li tšepahalang hore ba amohele thuso ea rōna? Joale, re ka sebelisa kofuto ee e ncha hamolemo joang?
7 Ke Bo-Mang Bao U ka ba Abelang Pampitšana Ee? Pampitšana ena e ka fuoa batho ka ho toba kapa ea siuoa malapeng ao ho se nang batho ho ’ona. E ka ajoa ka ntlo le ntlo, seterateng le tšimong ea khoebo. E fe batho ho sa tsotellehe hore na ba amohela lingoliloeng tsa rōna kapa che. E kenye ka har’a limakasine kapa lingoliloeng tse ling tse tsamaisoang. E kenye ka har’a mangolo ao u a ngollang batho. Ithaopele ho e romela ka poso ho bao u buisanang le bona ka thelefono. Lula u e-na le likopi tseo u ka li abang ha u reka mabenkeleng, ha u tsamaea ka lipalangoang tsa sechaba le ha u paka ka ho sa reroang. E fe e mong le e mong ea etelang ha hao. E fe beng ka uena, baahelani, basebetsi-’moho le uena, bao u kenang sekolo le bona le ba bang bao u ba tsebang. Leka ka matla ho fana ka pampitšana ena ho e mong le e mong eo u kopanang le eena! Ebe ho latela’ng?
8 Haeba Motho a Arabela Hang-hang: Batho ba bang ba tla arabela hang-hang hore ba ka rata ho khanneloa thuto ea Bibele. Ka lebaka leo, neng kapa neng ha u le tšebeletsong ea tšimo, etsa bonnete ba hore u na le likopi tse peli tsa bukana ea Seo a se Hlokang—e ’ngoe e be ea seithuti ’me e ’ngoe e be ea hao. Haeba motho a rata, qalisa thuto hang-hang. Phetla ka hare ho sekoahelo, ’me u bale sehlooho se reng “Kamoo Bukana Ena e ka Sebelisoang Kateng.” Ebe u toba thutong ea 1, ’me u bontše hore thuto e khannoa joang. Na see ha se bonolo?
9 Haeba Momameli oa Hao a Hloka Nako ea ho Nahana ka Eona: Leka ka matla ho mo etela hape pele ho feta nako e telele haholo. Ha u mo etela, tiiseha hore u tšoere bukana ea Seo a se Hlokang. Mo bontše lethathamo la tse ka hare ka har’a sekoahelo. E-re a khethe sehlooho se bonahalang se thahasellisa haholo ho eena. Se phetle, ebe le qala ho buisana ka thuto eo a e khethileng.
10 Ho Khutlela Moo re Tsamaisitseng Limakasine Teng: Haeba u siile pampitšana hammoho le limakasine, ha u khutla u ka ’na ua re: “Nakong e fetileng ha ke ne ke u etetse, e bile ho nthabisang hore ebe ke ile ka u siela makasine ea Molula-Qhooa. Mohlomong u ile ua hlokomela hore sehlooho se feletseng sa makasine ena se re Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova. Kajeno nka rata ho u hlalosetsa hore na ’Muso ona ke eng le hore na o tla bolela’ng ho uena le lelapa la hao.” Joale, phetla bukana ea Seo a se Hlokang thutong ea 6. Ho tloha serapeng sa pele, bala u be u hlalose ho latela nako eo mong’a ntlo a nang le eona. Ebe u etsa litokisetso tsa ho khutla ka letsatsi le leng ’me u qetele thuto eo.
11 U se ke Ua Felloa ke Lipampitšana: Molebeli oa tšimo le barab’abo rōna ba sebetsanang le lingoliloeng ba lokela ho etsa hore lipampitšana tsa Tseba Bibele li lule li le teng ka bongata phuthehong. Kenya tse ling ka pokothong ea hao kapa ka pheseng ea hao, ka koloing ea hao, li behe moo u sebetsang teng, sekolong, pel’a monyako oa ntlo ea hao—hohle moo li ka fumanehang habonolo teng. Ho hlakile hore u lokela ho kenya tse ling ka mokotlaneng oa hao oa tšimo bakeng sa ha u kopana le motho eo le ka qoqang le eena ka Bibele.
12 E se Eka Jehova a ka Hlohonolofatsa Boiteko ba Rōna: Pakane eo Bakreste bohle ba e lakatsang ke ho ruta motho e mong ’nete. (Mat. 28:19, 20) Na hona joale u khanna thuto ea lehae ea Bibele? Haeba ho joalo, na u ka fumana nako ea ho khanna e ’ngoe kemisong ea hao ea beke le beke? Haeba hona joale ha u khanne thuto, ka sebele u ka lakatsa ho e khanna. Rapela Jehova hore a hlohonolofatse boiteko ba hao ba ho fumana motho e mong eo u ka ithutang le eena. Ebe u sebetsa tumellanong le lithapelo tseo.—1 Joh. 5:14, 15.
13 Re na le kofuto e ncha ea ho qalisa lithuto! Tloaelana le eona. E abe ka bolokolohi. Etsa sohle seo u ka se khonang ‘ho sebetsa se molemo, hore u rue mesebetsing e metle, u be seatla se bulehileng, u itokisetse ho arolela’ ba bang seo u ithutileng sona Lentsoeng la Molimo.—1 Tim. 6:18.
[Lebokose le leqepheng la 4]
MENYETLA EA HO ABA PAMPITŠANA ENA
◼ Meqoqong ea letsatsi le letsatsi
◼ Ha motho a amohela lingoliloeng tsa rōna
◼ Ha ho se na motho lapeng
◼ Ha re etsa maeto a ho boela
◼ Ha re kopana le motho bopaking ba seterateng
◼ Ha re paka tšimong ea khoebo
◼ Ha re etsa bopaki bo sa reroang
◼ Ha re ngola mangolo
◼ Ha re tsamaea ka lipalangoang tsa sechaba
◼ Ha e mong a etela malapeng a rōna
◼ Ha re bua le beng ka rōna, baahelani, basebetsi-’moho, bao re kenang sekolo le bona le ba bang bao re ba tsebang