Ntlafatsang Matla a Lōna a ho Lemoha
1 Matsatsi a ho qetela a sithabetsang, moo joale re iphumanang re le hona teng, a tliselitse batho ba Molimo hohle likhatello tse eketsehileng le liteko tse matla tsa mefuta-futa. (2 Tim. 3:1-5) Kaofela ha rōna re hloka khothatso ea ho ema re tiile tumelong. (1 Bakor. 16:13) Re ka etsa seo ka thuso ea Jehova ha re ntse re iphepa kamehla ka Lentsoe la hae, re itšetleha ka moea oa hae, ’me re khomarela mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng.—Pes. 37:28; Bar. 8:38, 39; Tšen. 2:10.
2 Ke ka lebaka le letle, sehlooho se reng “Le be ba Hōlileng ka ho Feletseng Matleng a Kutloisiso” se ileng sa qaqisoa lenaneong la letsatsi le khethehileng la kopano la selemo se fetileng. Le ne le thehiloe ho 1 Bakorinthe 14:20 moo re balang mantsoe ana a moapostola Pauluse: “Barab’eso, le se ke la ba bana matleng a kutloisiso, empa le be bana mabapi le bobe; leha ho le joalo le be ba hōlileng ka ho feletseng matleng a kutloisiso.” U ile ua ikutloa joang ka lenaneo leo?
3 “Le khothatsa hakaakang!” “Sena ke sona seo re neng re se hloka!” Ao ke maikutlo a ba seng bakae feela. Esita le motho eo e seng Paki ea neng a etile ka letsatsi le khethehileng la kopano ho tla bona ha morali oa hae ea lilemo li 12 a kolobetsoa o boletse hore o khahliloe haholo ke lenaneo leo, ’me o bone kamoo le neng le ka ba molemo lapeng la hae. Na u ikutloa ka tsela eo? A re ikhopotseng lintlha tse ling tse ka sehloohong tsa lenaneo lena.
4 Tsebo e Nepahetseng ea Hlokahala ho Ntlafatsa Matla a ho Lemoha: Puong e qalang e reng “Hōlisang Matla a Lōna a Kutloisiso Hona Joale,” sebui se ile sa hatisa hore ho hlokahala eng ho tobana le mathata a kajeno? Ho hlokahala se fetang matla a kelello. Re lokela ho ntlafatsa le ho tebisa matla a rōna a ho utloisisa Bibele, ho seng joalo re tla hlōloa ke bobe bohle boo re pepesehileng ho bona. Kutloisiso ena e hloka hore Molimo a re tataise. Joaloka mopesaleme, re lokela hore ka tieo re kōpe Jehova hore a etse hore re utloisise melao ea hae le likhopotso e le hore re ka mo sebeletsa ka pelo eohle.—Pes. 119:1, 2, 34.
5 Puong e latelang, molebeli oa potoloho o ile a bontša hore Jehova, ka Lentsoe la hae le mokhatlo o hlophisitsoeng, o re fa “Lithuso Tsa ho ba ba Hōlileng ka ho Feletseng Kutloisisong ea Bibele.” Kutloisiso e ile ea hlalosoa e le “matla a ho hlahlobisisa taba le ho lemoha hore na e akarelletsa eng ka ho utloisisa hore na likarolo tsa eona li amana joang le eona ha e feletse, e le hore re e utloisise.” Ke mang ea ka re thusang ho ntlafatsa matla aa? Jehova o fane ka limpho tseo e leng banna ho re thusa ho tsoela pele moeeng. (Baef. 4:11, 12) Mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa lefatšeng o re phehella ho bala Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi le ho ba teng kamehla libokeng tsohle tsa phutheho. (Pes. 1:2) Re rutoa kamoo re ka sebelisang Bibele le lingoliloeng tsa rōna tsa Bokreste kateng thutong ea botho le ea lelapa hammoho le ha re lokisetsa liboka le tšebeletso ea tšimo. Na u ’nile ua ithuisa molemo ka litokisetso tsee tsohle? Na u na le lenaneo la kamehla la ho bala Bibele? Lea hlokahala e le hore re sireletsehe ho beng liphofu tsa mekhoa ea lefatše, lifeshene tsa lona, lifilosofi le litšusumetsong tsa lona tse thetsang.—Bakol. 2:6-8.
6 Matla a Rōna a ho Lemoha a Tlameha ho Koetlisoa: Puong ea pele ea sebui sa moeti, eo sehlooho sa eona se neng se re “Sireletsa Bomoea ka ho Koetlisa Matla a Hao a Temoho,” se ile sa hlalosa hore batho ba lefatše ba sitoa ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng. (Esa. 5:20, 21) Sena se bakoa ke ho hana ha lona ho ela hloko le ho phela tumellanong le litekanyetso tsa Molimo tse lokileng. Ka lehlakoreng le leng, rōna ba amohetseng koetliso ea moea mokhatlong oa Jehova o hlophisitsoeng re ela hloko litekanyetso tsa Molimo, tse re tataisang mesebetsing le boitšoarong ba rōna. Kahoo, re boemong ba ho ipakela e le rōna se molemo le se amohelehang mahlong a Jehova le se tumellanong le thato ea hae e phethahetseng.—Bar. 12:2.
7 Ho qoba monahano oa lefatše o ferekaneng le litholoana tsa oona tse mpe, re lokela hore re tsoele pele ho koetlisa matla a rōna a ho lemoha. See se finyelloa joang? Joalokaha ho tlalehiloe ho Baheberu 5:12-14, moapostola Pauluse o ile a hatisa hore re lokela ho iphepa ka se fetang “lebese” la lentsoe. Re lokela ho iphepa ka lijo tsa moea tse tiileng, tse kang tseo re li amohelang thutong ea boprofeta ba Esaia Thutong ea Buka ea Phutheho. Ebe re sebelisa seo re ithutang sona hang-hang bophelong ba rōna. Ha re etsa joalo, re ba le bonnete ba hore melao-motheo le litekanyetso tsa Jehova li nepahetse. Sena se koetlisa matla a rōna a ho lemoha hore a khetholle ka ho hlakileng se nepahetseng le se fosahetseng.
8 Ka masoabi, ba bang ba ile ba fokola moeeng. Hobane’ng? Ha baa ka ba lebisa tlhokomelo ho seo Jehova a se nkang se le molemo le se lokileng. Ka lebaka leo, e bile liphofu tsa lipuisano tsa batho ba tummeng seea-le-moeeng le thelevisheneng tseo ho latela Mangolo li leng litšila, tsa ’mino o litšila, kapa litšusumetso tse mpe tsa mecha e bulehileng ea puisano k’homphieutheng. Ka ho nka khato ka bohlale, re tla qoba ho susumetsoa ke batho ba itšoereng hampe, ba maoatla, kapa ba khopo.—Liprov. 13:20; Bagal. 5:7; 1 Tim. 6:20, 21.
9 Bacha ba Lokela “ho ba Bana ba Banyenyane Mabapi le Bobe”: Lenaneo lena le ne le e-na le lipuo tse peli tseo ka ho toba li neng li khothalletsa bacha ho ntlafatsa matla a bona a ho lemoha. Libui li ile tsa bontša hore ho ba “bana ba banyenyane mabapi le bobe” ho bolela hore motho a lule a se na phihlelo, ke hore, a se na tsebo joaloka bana, linthong tse sa hloekang mahlong a Jehova. (1 Bakor. 14:20) Kaofela ha rōna re ile ra khothalletsoa ho itebela ka tieo tseleng eo re sebelisang nako ea rōna ka eona e le hore re hanele ho pepesehela mefuta eohle ea bobe le ho qoba ho tšoaetsoa ke bona. (Baef. 5:15-17) Re ile ra khothalletsoa ho sheba hore na ke nako e kae eo re e qetang re bala lingoliloeng tse sa re thuseng ka ho toba khōlong ea rōna ea ho utloisisa lintho tsa moea. Na u ile ua etsa seo? Liphello li ile tsa bontša eng? Ho phaella ho baleng Bibele letsatsi le letsatsi, ikemisetse ho ba nakong mabapi le ho bala lingoliloeng tseo mokhatlo o hlophisitsoeng o li lokisetsang. Ho etsa sena ho tla thusa rōna kaofela, ho akarelletsa le ba banyenyane, ho “fumana kutloisiso.”—Liprov. 4:7-9.
10 “Rua Molemo ka ho Sebelisa Melao-motheo ea Bibele ka Kutloisiso”: Seo e ne e le sehlooho sa puo ea ho qetela ea lenaneo la letsatsi le khethehileng la kopano. Sebui sa moeti se ile sa hlalosa hore Jehova ke Mohloli oa kutloisiso e fanang ka bophelo, e phahametseng ea moloko oohle oa batho ka ho ke keng ha lekanngoa. Ak’u nahane feela u se u e-na le monyetla oa ho fumana kutloisiso ea Jehova! O fana ka eona ka seatla se bulehileng ho ba e batlang ka tieo le ba e kōpang ka tumelo. (Liprov. 2:3-5, 9; 28:5) Na u ithuisa molemo ka ho feletseng ka mpho ea hae?
11 Re ile ra khothalletsoa ho ithuta ho hlokomela melao-motheo ha re ntse re bala Bibele. (2 Tim. 3:16, 17) Ithute eona ka hloko e le hore u ka ba le kutloisiso e nepahetseng ea seo Jehova a se buang. Iphe nako ea ho thuisa ka melao-motheo ena ’me u e tebise ka kelellong ea hao le ka pelong. Sena se tla koetlisa matla a hao a ho lemoha e le hore u atlehe ha u etsa liqeto bophelong. (Josh. 1:8) A re ke re nahaneng ka maemo a seng makae ao ba bangata ba talimanang le ’ona ’me re bone kamoo ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho ka re thusang ho atleha kateng.
12 ‘Na ke lokela ho etsisa tsela e itseng ea ho apara le ho itlhopha?’ Mekhoa ea lefatše ea liaparo tsa feshene le ea ho itlhopha hangata e bontša moea oa borabele. Moea o joalo o susumetsa batho ho apara habohlasoa le ka tsela e sa khahleheng kapa ho hlahatsa botona kapa sa botšehali ba bona. Ke melao-motheo efe ea Bibele e buang ka lintho tsee e tla re thusa ho loantša litloaelo tse joalo? Ha re se re koetlisitse matla a rōna a ho lemoha, re tla nahana ka molao-motheo o ho 1 Timothea 2:9, 10, oa ho apara “ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong . . . , ka tsela e tšoanelang [batho] ba ipolelang hore ba fa Molimo tlhompho ea borapeli.” Melao-motheo e meng e ka sebelisoang e akarelletsa eo ho buuoang ka eona ho 2 Bakorinthe 6:3 le ho Bakolose 3:18, 20.
13 ‘Nka etsa’ng ho boloka lelapa la ka le momahane?’ Puisano e ntle pakeng tsa litho tsa lelapa ke ea bohlokoa haholo. Jakobo 1:19 ea re bolella: “Motho e mong le e mong a potlakele ho utloa, a liehe ho bua, a liehe ho halefa.” Ho hlokahala hore litho tsa lelapa li mamelane esita le ho buisana hobane puisano ea lelapa e lokela ho etsoa ke mahlakore a mabeli. Esita leha seo re se buang e le ’nete, haeba re se bua ka tsela e hlabang, ea boikhohomoso, kapa e sa nahaneleng, se ka ’na sa senya ho e-na le ho ba molemo. Ka hona, ebang re banna kapa re basali, batsoali kapa bana, seo re se buang kamehla e lokela “e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai.”—Bakol. 4:6.
14 ‘Na ke angoa ke lerato la lintho tse bonahalang?’ Lerato la lintho tse bonahalang ke khatello ea lefatše e etsang hore bophelo ba motho bo rarahane. Ha le tlisetse motho thabo. (Moek. 5:10; Luka 12:15; 1 Tim. 6:9, 10) Ho re thusa ho qoba leraba la lerato la lintho tse bonahalang, Jesu o re rutile molao-motheo ona oa bohlokoa: Leihlo la hao le talime nģa e le ’ngoe. Ho phela bophelo bo tsitsitseng, bo sa rarahanang ho akarelletsa ho tsepamisa mahlo a rōna lithahasellong tsa ’Muso, re etse hore lintho tsohle tse ling li be sebakeng sa bobeli.—Mat. 6:22, 23, 33.
15 Pakane eo re Lokelang ho ba le Eona: Lentsoe la Molimo ke mohloli oa rōna o tšepahalang oa melao-motheo e lokileng e lokelang ho re tataisa ha re etsa liqeto. Ho hlokahala hore re ithute melao-motheo ena, re thuise ka eona, ’me re utloisise kamoo re ka e sebelisang kateng bophelong ba rōna. Ka ho ‘koetlisa matla a rōna a ho lemoha hore a khetholle se nepahetseng le se fosahetseng,’ re tla ithuisa molemo ’me re tlotlise Jehova.—Baheb. 5:14.