Lenaneo le Lecha la Letsatsi le Khethehileng la Kopano
“Le be ba Hōlileng ka ho Feletseng Matleng a Kutloisiso” ke sehlooho sa lenaneo la letsatsi le khethehileng la kopano le qalang ka September 2000. (1 Bakor. 14:20) Ke hobane’ng ha e tla ba habohlokoa hore re be teng? Re phela lefatšeng le tletseng bokhopo. E le ho thibela sena, re tlameha ho hlaolela matla a rōna a kutloisiso ea moea e le hore re ka hlōla bobe ka botle. Ke sona seo lenaneo la letsatsi le khethehileng la kopano le tla re thusa ho se etsa.
Karolong e qalang, molebeli oa potoloho o tla tšohla “Lithuso Tsa ho ba ba Hōlileng ka ho Feletseng Kutloisisong ea Bibele.” O tla re bontša mokhoa oa ho ba ba tsitsitseng tumelong ea Bokreste. Sebui sa moeti se tla totobatsa kamoo ho sebelisa melao-motheo ea Bibele e leng habohlokoa kateng mabapi le ho hlaolela kutloisiso e tebileng, ha se bua ka sehlooho se reng “Sireletsa Bomoea ka ho Koetlisa Matla a Hao a Temoho.”
Bacha le bona ba tlameha ho hlaolela matla a kutloisiso. Sena se tla tšohloa puong e reng “Lebaka Leo re Lokelang ho ba Masea Bobeng” le e reng “Bacha ba Fumanang Kutloisiso Hona Joale.” Utloang ha bacha ba bolela seo ba se etsang ho itiisa moeeng e le hore ba ka laola bohelehele leha e le bofe ba mesebetsi e khopo ea lefatše le ho qoba khathatso.
Re tla fumana thabo e khōlōhali bophelong joang? Sebui sa moeti se tla hlalosa sena puong e qetellang e reng “Rua Molemo ka ho Sebelisa Melao-motheo ea Bibele ka Kutloisiso.” Se tla fana ka mehlala e bontšang hore ho sebelisa Lentsoe la Molimo ho re thusa ho sebetsana le mathata, ho etsa liqeto le hore kannete re rua molemo ho seo Jehova a re rutang sona.
Ba lakatsang ho tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Molimo ka kolobetso ea metsing kopanong ena ba lokela ho tsebisa molebeli ea okamelang kapele kamoo ho ka khonehang. Tšoaea almanaka ea hao hang-hang ha ho tsebisoa letsatsi le khethehileng la kopano, ’me u etse litokisetso tse tiileng hore u rue molemo lenaneong leo le enneng. U se ke ua fetoa ke puo leha e le efe ea letsatsi le khethehileng la kopano! E tla u matlafaletsa ho mamella tsamaiso ena e khopo le ho lula u tšepahala ho Jehova.