Lenaneo le Lecha la Letsatsi le Khethehileng la Kopano
Tokisetso ea matsatsi a khethehileng a kopano e qalile ka 1987. Lipokano tsena tsa letsatsi le le leng li ’nile tsa ipaka e le tse hahang ho bahlanka ba Jehova le batho ba thahasellang ba bang teng. Ho tloha ka September 1998, ho tla nehelanoa ka lenaneo le lecha la letsatsi le khethehileng la kopano. U tla fumana lipuo tse robong le lipuisano tsa lipotso le likarabo le liphihlelo tse ngata li le molemo moeeng.
Sehlooho sa lenaneo lena le lecha se re, “Bontša Kananelo Bakeng sa Tafole ea Jehova.” (Esa. 65:14; 1 Bakor. 10:21) Le tla tiisa qeto ea rōna ea hore borapeli ba rōna ho Jehova bo tlameha ho ba ka sehloohong bophelong ba rōna. (Pes. 27:4) Karolo ea molebeli oa potoloho e tla sebetsana le “Ho Hlahloba Tšekamelo ea Lipelo Tsa Rōna” tabeng ea ho ba teng libokeng. Sebui sa moeti se tla bolela kamoo re ka “Bolokang Bomoea ka ho Iphepa Tafoleng ea Jehova.” Bacha ba ka har’a mokhatlo oa Jehova le bona ba tla fuoa khothatso e sebetsang hore ba ipoloke ba tiile ho sebeletseng Molimo. Puo ea sehlooho ea sebui sa moeti, e reng, “Ho Matlafatsoa Moeeng Hore re Pake ka Sebete,” e tla bontša kamoo litokisetso tse entsoeng ka phutheho li re hlomellang ho paka ka sebete ka ’Muso. Ke mang ea neng a ke ke a rata ho rua molemo lenaneong lee?
Ba sa tsoa inehela ba batlang ho kolobetsoa ba lokela ho tsebisa molebeli ea okamelang kapele kamoo ho ka khonehang. Re kholisehile hore ha re qala selemo sa bo12 sa tokisetso ea letsatsi le khethehileng la kopano, bohle ba teng ba tla hlasimoloha moeeng bakeng sa mosebetsi o ka pele.