Lenaneo le Lecha la Letsatsi la Kopano le Khethehileng
1 “E-bang Batho ba Rutoang ke Jehova” ke sehlooho sa lenaneo le lecha la letsatsi la kopano le khethehileng le qalang ka September. (Joh. 6:45) Thuto ea bomolimo e tsoang ho Jehova ka sebele e re thusa ho phela bophelo bo khotsofatsang. E haha ka ho rōna kananelo e tiileng bakeng sa lefa la rōna la moea. Boiteko ba rōna ba ho thusa ba bang hore ba utloe litaba tse molemo bo re etsa litho tse molemo sechabeng. Letsatsi lena la kopano le khethehileng le tla totobatsa mahlohonolo a thabeloang ke batho ba rutoang ke Jehova.
2 Lenaneo lena le tla bapisa melemo ea thuto ea bomolimo le likotsi tsa thuto ea lefatše. Re tla bona ka ho hlakileng haholoanyane hore na Jehova o fana ka mofuta oa thuto e phahameng ka ho fetisisa joang—thuto e thehiloeng Lentsoeng la hae, Bibele. Khatiso e tla ba holim’a libaka tse tharo tsa borapeli tseo ho tsona re thabelang ho ba ba rutoang ke Molimo. Ho phaella moo, bacha ba tla khothalletsoa ho etsisa mehlala e ikhethang ea Bibele e kang Davida le Timothea le ho haha bophelo ba bona mesebetsing ea moea. Tumelo ea rōna e tla matlafatsoa ha botšepehi bo sa sekisetseng ba ba hōlileng bo boetse bo totobatsoa. Ba sa tsoa inehela bocha ba tšoanelehang ba tla khona ho kolobetsoa. Ba lokela ho tsebisa molebeli ea okamelang ka takatso eo nako e telele esale pele ho letsatsi leo la kopano.
3 Puo ea sehlooho ea letsatsi la kopano le khethehileng e na le sehlooho se reng “Ho Rutoa ke Jehova ho Etsa Thato ea Hae.” E tla hatisa mabaka ao ka ’ona kaofela ha rōna ho hlokahalang hore re tsoele pele ho ithuta, hore re be ba tsitsitseng tumelong, le ho tsoela pele re hatela pele. Re tla khothalletsoa ho etsisa Jehova ka ho ruta ba bang ’nete e isang bophelong bo sa feleng. Ho tla akarelletsoa liphihlelo tse hahang ho bontša kamoo lingoliloeng tsa Mokhatlo li thusitseng ba bangata kateng hore e be ba rutoang ke Jehova. Ho tla totobatsoa liphello tse molemo tsa lenaneo la Jehova la thuto la lefatše lohle.
4 Etsa litokisetso tse tiileng tsa ho ba teng. Khothalletsa bohle ba thahasellang hore ba be teng. Lebella ho ba ea tlang ho rutoa lintho tse ngata tse ntle ke Morupeli oa rōna e Moholo.—Esa. 30:20, NW.