Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/96 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 8/96 leq. 7

Litsebiso

◼ Lingoliloeng tse tla sebelisoa ka August: Bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang ka monehelo oa R1,00 e le ’ngoe: “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Moo ho loketseng, ho ka nehelanoa ka bukana ea Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? September: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R8,00 e khōlō kapa R4,00 e nyenyane. Liphutheho tse nang le Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng setokong le tsona li ka nehelana ka buka ena. October: Lipeeletso tsa selemo ka poso bakeng sa Tsoha! kapa Molula-Qhooa ka monehelo oa R38,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Peeletso ea selemo bakeng sa likhatiso tse tsoang hang ka khoeli kapa peeletso ea likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R19,00. Lipeeletso tsa club ke R24,00 le R12,00 ka ho latellana. Etsa boiteko bo khethehileng ba ho tsamaisa likopi tsa limakasine ha seo ho nehelanoang ka sona se hanoa. November: Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka monehelo oa R3,50. Ho tla etsoa boiteko bo khethehileng ho latella tsohle tse tsamaisitsoeng, ka sepheo sa ho qala lithuto tsa lehae tsa Bibele.

◼ Ho tloha ka la 30 August, 1996 ho ea ho la 31 August, 1996, Mokhatlo o tla be o bala libuka tsohle tse teng Bethele. Ka lebaka la ho baloa hona, ha ho liodoro tsa liphutheho tse tla etsoa bakeng sa hore li tsamaisoe kapa li latoe matsatsing ao.

◼ Phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e tla amohela liforomo tse tharo tsa Leqephe la ho Tlatsa Manane a Libuka (S-AB-18). Mongoli oa phutheho o lokela ho kopana le mohlanka oa libuka mathoasong a August ’me ba behelane letsatsi la ho tlatsa lenane la lingoliloeng tsa phutheho tse leng setokong qetellong ea khoeli eo. Ho lokela hore ho baloe ka ho toba lingoliloeng tsohle tse leng setokong, ’me kakaretso e tlatsoe foromong ea Leqephe la ho Tlatsa Manane a Libuka. Kakaretso ea limakasine tsohle tse teng e ka fumanoa ho mohlanka oa limakasine. Ka kōpo romelang leqephe la “original” ho Mokhatlo pele ho la 6 September. Bolokang kopi ea k’habone lifaeleng tsa lōna. Kopi ea boraro e ka ba eo le sebeletsang ho eona. Leqephe lena la ho tlatsa manane le lokela ho tlatsoa tlas’a bolebeli ba mongoli, ’me foromo e tlatsitsoeng e lokela ho hlahlojoa ke molebeli ea okamelang. Mongoli le molebeli ea okamelang ba tla saena foromo eo.

◼ Libeche tsa kopano ea setereke bakeng sa 1996 li lokela ho odoroa ’me li tla lefisoa mokitlaneng oa libuka oa phutheho ka lisente tse robeli beche e le ’ngoe. Liphutheho tse se nang mokitlane le Mokhatlo, kapa tse nang le khaello mokitlaneng oa tsona li lokela ho romela chelete le odoro ea tsona. Ka kōpo odorang ka lihlopha tsa tse 20 haeba ho khoneha. Libeche li fumaneha ka Seafrikaanse, Senyesemane, Sepedi, Sepotoketsi, Sesotho, Setswana, Sexhosa le Sezulu. (Ka kōpo hlokomelang hore Setswana le Sepedi joale lia fumaneha ka lekhetlo la pele.) Etsang odoro ea lōna le sebelisa foromo ea Literature Order (S-AB-14). Liodoro tsena li lokela ho fihla ho Mokhatlo pele ho la 1 November, 1996. Ka morao ho moo, re ke ke ra etsa liodoro tsa libeche.

◼ Bahoeletsi ba rerang ho qala tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla ka la 1 September, 1996, ba lokela ho etsa kōpo kapele-pele.

◼ Mongoli oa phutheho o tla bokella litlaleho tsa tšebeletso bakeng sa ho tlatsa foromo ea Tlhahlobo ea Peho ea Phutheho (S-AB-10). O tla boetse a fana ka litaelo ka hloko ho moholo leha e le ofe kapa mohlanka ea sebeletsang ea tla beng a mo thusa ho bokella tlaleho eo. Sena se tla tiisa hore ho entsoe lethathamo le nepahetseng la boitsebiso bo hlokahalang likareteng tsa Tlaleho ea Mohoeletsi ea Phutheho (S-21). Foromo ea Tlhahlobo ea Peho ea Phutheho (S-AB-10) e lokela ho tlatsoa ka nepo le ka makhethe ’me e hlahlojoe ka hloko ke komiti ea tšebeletso.

◼ Liphutheho li hopotsoa hore li odore liforomo tse lekaneng bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 1997. Liforomo tsena ha lia lokela ho sebelisoa hampe; li lokela ho sebelisetsoa feela morero oa tsona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela