Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/96 maq. 5-6
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lihloohoana
  • Arabela lipotso tse latelang:
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 8/96 maq. 5-6

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Tlhahlobo ea libuka tse koetsoeng boitsebisong bo akarelishoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa la 6 May ho ea ho la 19 August 1996. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang ka nako e lekanyelitsoeng.

[Tlhokomeliso: Nakong ea thlhahlobo, ho ka sebelisoa Biblele feela ho araba potso leha ele efe. Litšupiso tse latelanga lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ka ’na tsa se ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa]

Arabela polelo e ’ngoe le e ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:

1. Ebang re khona ho fana ka ho hongata kapa ho honyenyane, ho lumellana le Mangolo ho kōpa ka tieo tokelo ea ho thusa barab’abo rōna ba tšepahalang ba Bakreste ba iphumanang ba hloka lintho tse hlokahalang tsa bophelo. (2 Bakor. 8:1-4) [16, jv-SU leq. 314 ser. 2]

2. ‘Gogo oa Magogo’ ke tšupiso ea tšoantšetso e bolelang mebuso ea lefatše lena. (Ezek. 38:2) [12, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w91-SU 8/15 leq. 27 ser. 2.]

3. Feela joalokaha Ohola e ne e le morali’abo Oholiba e moholo, joalokaha ho tšoantšelitsoe ho Ezekiele khaolo ea 23, ka tsela e tšoanang Bok’hatholike ba Roma ke morali’abo Boprostanta e moholo, ’me mekhatlo eo ka bobeli e itšilafalitse ka ho etsa bofebe ba moea le mebuso ea khoebo le ea lipolotiki ea lefatše lena. [6, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w89-SU 4/1 leq. 30.]

4. Lipaki tsa Jehova li eketsehile ka palo ho isa bohōleng boo li seng li feta le baahi ba lichaba tse ling tse ngata. [7, jv-SU leq. 278 ser. 3]

5. Joaloka hlooho ea lelapa monna o lokela ho mameloa ke mosali oa hae ha a hanyetsa borapeli ba ’nete. [4, td-SU 17B]

6. Jakobo 4:17 le Ezekiele 33:7-9 lia lumellana, ho bontša hore ke tsebo ea seo Molimo a se hlokang ho rōna e re etsang ba ikarabellang ho eena. [10, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w93-SU 4/1 leq. 7 ser. 1.]

7. Daniele o ile a ipaka e le moprofeta oa ’nete ka ho hlalosa se boleloang ke setšoantšo sa torong ka mor’a hore Morena Nebukadnezare a mo hlalosetse sona. [15, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona Daniele 2:7-9, 26.]

8. Metsi a phallang a tsoa tempeleng ea ponong e hlalositsoeng ho Ezekiele 47:1 a emela matla a hloekisang a kolobetso. [14, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 9/15 leq. 27 ser. 20.]

9. Ho e-na le hore ebe batho ba reretsoe bokamoso esale pele, re filoe khetho ea hore na re sebeletsa Jehova kapa che. (Joh. 3:16) [8, td-SU 13A]

10. Ho fosahetse ho nyatsa lithuto tsa bolumeli ba bohata. (Mat. 23:15, 23, 24; 15:4-9, 14) [12, td-SU 5B]

Arabela lipotso tse latelang:

11. Charles Taze Russell o ile a bontša ka litsela life hore o nka ka ho teba mantsoe a Jesu a ho batla ’Muso pele? (Mat. 6:33) [8, jv-SU leq. 283 ser. 6]

12. Likopano tsa Lipaki tsa Jehova li fana ka bopaki bofe bo ke keng ba latoloa? [3, jv-SU leq. 254 lir. 2, 3]

13. Ke ka tsela efe Lipaki tse tlotsitsoeng tsa Jehova le metsoalle ea tsona li lokelang ho tšoana le Ezekiele? (Ezek. 11:25) [1, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 9/15 leq. 16 ser. 3.]

14. Ke hobane’ng ha liboka tse arohileng bakeng sa ba banyenyane ka phuthehong li ile tsa khaotsoa ka 1938? [1, jv-SU leq. 246 ser. 2]

15. Re na le bonnete bofe ba hore bohle ba mabitleng a khopotso ba tla tsosoa? [15, td-SU 43A]

16. Lebitso la bomolimo, Jehova, le bolela’ng? [13, kl-SU leq. 25 ser. 7]

17. Ha Mokreste oa ’nete a oela bohloking, ke mang ea nang le boikarabelo bo ka sehloohong ba ho mo hlokomela ka lintho tse bonahalang, hona motheo oa Mangolo oa karabelo ea hao ke ofe? [12, jv-SU leq. 305 ser. 1] 18. Ho hlokahala eng hore lithapelo tsa rōna li tle li utluoe ke Molimo? [6, td-SU 41A]

19. Ke moprofeta ofe ea ileng a bua ka lefatše e le “phikoloho,” hona see se ngotsoe hokae ka Mangolong? [8, kl-SU leq. 17 ser. 14]

20. Hantle-ntle ho batla ’Muso pele ho bolela eng? [10, jv-SU leq. 295 ser. 1]

Fana ka lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetella polelo ka ’ngoe ho tse latelang:

21. Phethahatsong ea Ezekiele 21:26, ’muso o ‘phahameng’ oa ․․․․․․․․o ile oa ‘kokobetsoa’ ka ho timetsoa ka ․․․․․․․․, ’me mebuso e ‘kokobelitsoeng’ ea ․․․․․․․․e ile ea “phahamisoa,” e le ho e lumella ho laola lefatše kantle le hore ․․․․․․․․oa sebele oa Molimo o kenelle. [5, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 9/15 leq. 19 ser. 16.]

22. Karolo ea buka ea ․․․․․․․․ha e le hantle ke ․․․․․․․․e ngotsoeng esale pele, e lebisitseng tlhokomelo ntoeng ea ho loanela puso ea maloko a maholo a borena ho theosa le makholo a lilemo. [15, si-SU leq. 138 ser. 1]

23. Poleloana “mohlanka oa ka Davida” ho Ezekiele 34:23 e ngotsoe nako e telele ka mor’a lefu la ․․․․․․․․; ke polelo ea boprofeta ’me e bua ka ․․․․․․․․. [14, si-SU leq. 137 ser. 31]

24. Pakeng tsa January 1946 le August 1948, batho ba Jehova ba ile ba lokisetsa ․․․․․․․․le ․․․․․․․․ bakeng sa Lipaki tse neng li phela bonyane linaheng tse 18 tse ileng tsa angoa ke ․․․․․․․․. [13, jv-SU leq. 308 lir. 3, 4]

25. Bohato ba bohlokoa khōlong ea moea bo ile ba fihleloa ka 1931 ha re ne re amohela lebitso ․․․․․․․․, ka 1935 ha ․․․․․․․․ bo ne bo tsebahala, ka 1950 ha ․․․․․․․․ e ne e lokolloa, le ka 1962 ha ho ne ho lokisoa kutloisiso ea rōna ka ․․․․․․․․. [4, jv-SU leq. 260 ser. 3–leq. 264 ser. 2]

Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:

26. Jehova ka ho phethahetseng o leka-lekanya litšoaneleho tsa (mohau le bohale; lerato le toka; lerato le mosa) kahoo a sa sireletse baetsalibe ba ka boomo liphellong tsa phoso ea bona. [16, kl-SU leq. 28 ser. 17]

27. Bokamoso ba lefatše le ba moloko oa batho bo akaretsoa ka lentsoe le le leng, (tsoho; thekollo; paradeise). [2, kl-SU leq. 8 ser. 8]

28. Esaia o ile a profeta lilemo tse ka bang (200; 500; 800) pele hore Cyruse o ne a tla hapa motse oa (Jerusalema; Babylona; Ninive). [9, kl-SU leq. 18 ser. 17]

29. Lebitso le ikhethang la Molimo le hlaha ka makhetlo a ka bang (1900; 7000; 300) ka Mangolong a Seheberu feela, hangata ho feta leha e le efe ea litlotla tsa hae. [12, kl-SU leq. 24 ser. 5]

30. Ho oa ha Babylona ho ile ha boleloa esale pele ke (Daniele le Hosea; Joele le Amose; Esaia le Jeremia). [9, kl-SU leq. 18 ser. 17]

Nyalanya mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:

Pes. 22:7, 8, 18; Pes. 78:40, 41; Esa. 55:10, 11; Dan. 1:8, 11-13; 1 Bakor. 9:16

31. E le ho hatisa bohlokoa ba mosebetsi oa ho bolela, The Watchtower ea 1949 e ile ea bolela: “Jehova o entse boboleli mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oo leha e le ofe ho rōna a ka o etsang lefatšeng lena.” [9, jv-SU leq. 292 ser. 5]

32. Bakreste ba bacha lilemong ha baa lokela ho tsila-tsila hore ka tlhompho ba tsebise ba nang le matla a ho laela le liithuti hammoho le bona hore ba ke ke ba hatakela matsoalo a bona a bomolimo. [15, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w92-SU 11/1 leq. 14 ser. 17.]

33. Morero oa Molimo oa qalong bakeng sa moloko oa batho le lefatše o tla finyelloa. [2, kl-SU leq. 9 ser. 10]

34. Jesu o ile a tšoaroa hampe le ho amohuoa liaparo tsa hae pele a e-shoa. [10, kl-SU leq. 19 ser. 19]

35. Molimo o na le maikutlo, ’me khetho eo re e etsang ea mo ama. [6, kl-SU leq. 14 ser. 8]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela