Lenaneo le Lecha la Letsatsi le Khethehileng la Kopano
Sehlooho sa lenaneo la letsatsi le khethehileng la kopano bakeng sa selemo se secha sa tšebeletso se na le motheo oa Mangolo: “Ipeheng Tlas’a Molimo—Hanyetsang Diabolose.” (Jak. 4:7) Ena ke tataiso e utloahalang bakeng sa mehla ena e phephetsang! Ho mamela ha rōna litaelo tsa Molimo ho re beha ka ho toba khahlanong le Satane. Lenaneo leo le tla re thusa ho ema re tiile khahlanong le mekhoa e mebe ea Diabolose e senyang tumelo. A mang a mahakoe a moea ao re tlang ho a amohela kopanong ee ke afe?
Molebeli oa potoloho o tla bontša kamoo “Ho Bonahatsa Boikokobetso ba Bomolimo Joaloka Litho Tsa Lelapa” ho matlafatsang malapa hore a eme a tiile khahlanong le likhatello tsa lefatše. Puo ea pele ea sebui sa moeti letsatsing leo, e reng “Seo ho Hanyetsa Diabolose ho se Bolelang,” e tla hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re nke bohato bo tiileng ba ho hanela sepheo sa Satane sa ho senya bomoea ba rōna, le hore na re ka etsa seo joang. Lipuo tse peli li lokiselitsoe bacha ka ho khetheha, bao le bona ba tlamehang ho falimehela maqiti a Diabolose. Bakreste ba bangata bao hona joale e leng batho ba baholo ba ile ba hana ho tsamaisana le litakatso tsa lefatše ha e ne e sa le bacha. Re tla thabela ho utloa tse ling tsa liphihlelo tsa bona.
Ho ikokobelletsa bolaoli ho hlokoa ke batho bohle. Kahoo, puo e qetellang ea sebui sa moeti e tla totobatsa libaka tse ’nè moo boikokobetso ba bomolimo bo tlamehang ho bonahatsoa: (1) mebusong, (2) phuthehong, (3) mesebetsing ea boipheliso le (4) tikolohong ea lelapa. Ke lenaneo le molemo hakaakang!
Ba lakatsang ho kolobetsoa letsatsing lena le khethehileng la kopano ho hlokahala ba tsebise molebeli ea okamelang kapele kamoo ho ka khonehang. Kaofela ha rōna re lokela ho tšoaea letsatsi lena almanakeng ea rōna ’me re itokisetse ho ba teng lenaneong lohle la kopano eo. Re tla amohela mahlohonolo a sa feleng ha re ntse re ikokobelletsa Jehova ka ho sa feleng.