Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/10 leq. 2
  • Kamehla Ikemisetse ho Buella Thuto ea Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamehla Ikemisetse ho Buella Thuto ea Bibele
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re na le Kofuto e Ncha ea ho Qalisa Lithuto!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • E Sebelise ka Linako Tsohle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
  • Nahanang Haholo ka ho Etsa Barutuoa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Na U Buella Lithuto Tsa Bibele?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
km 6/10 leq. 2

Kamehla Ikemisetse ho Buella Thuto ea Bibele

1. Re lokela ho etsa’ng e le hore re phethe taelo ea Jesu e ho Matheu 28:19, 20?

1 Jesu o re laetse hore re ‘etse barutuoa, re ba rute.’ (Mat. 28:19, 20) Kahoo, kamehla re lokela ho ikemisetsa ho buella thuto ea Bibele, eseng feela letsatsing le le leng la mafelo-beke a beheletsoeng ka thōko molemong oa ho batla lithuto tsa Bibele. Likeletso tse latelang li ka re thusa.

2. Re ka buella thuto ea Bibele ho bo-mang?

2 E Buelle: Haeba re atisa ho buella thuto ea Bibele, re tla ba le menyetla e eketsehileng ea ho e fumana. (Moek. 11:6) Na u kile ua leka ho e buella ka ho toba? Litho tsohle tsa phutheho e ’ngoe United States li ile tsa tsoa letšolo khoeli eohle li buella thuto ea Bibele ka ho toba. Li ile tsa thaba hakaakang ha li qala lithuto tse ncha tsa Bibele tse 42! U se ke ua nahana hore batho ba thahasellang bao u buang le bona ba se ba ntse ba tseba hore u batla ho ithuta Bibele le bona. Ke hobane’ng ha u sa buelle thuto ea Bibele nakong e tlang ha u khutlela ho bona? Ha ho molato haeba ba hana. U ka tsoela pele ho bua le bona ka Bibele e leng se ka etsang hore qetellong ba thahaselle ho ithuta. Na u kile ua botsa baahelani ba hao, beng ka uena, bao u sebetsang le bona le bao u kenang sekolo le bona hore na ba ka thabela ho ithuta Bibele le uena? Hape u ka botsa bao u ithutang Bibele le bona hore na ha ba na metsoalle kapa beng ka bona ba ka ratang ho ithuta Bibele.

3. Ke pampitšana efe e re thusang ho qala lithuto, hona re ka e sebelisa neng?

3 Pampitšana ea Bohlokoa: Pampitšana e re thusang ho qala lithuto tsa Bibele ke ea Na U ka Thabela ho Tseba ’Nete? U ka e fa beng ba matlo ebang ba amohela lingoliloeng tse ling kapa che. Re ka e sebelisa ha re sebetsa libakeng tsa khoebo, re etsa mosebetsi oa seterateng, re ngola mangolo kapa re etsa maeto a ho boela. Hape re ka e siea malapeng ao ho ’ona re sa fumaneng batho. Ke hobane’ng ha u sa e nke ha u il’o palama lipalangoang tsa sechaba, u ea mabenkeleng kapa mosebetsing? Leqepheng la ho qetela ho hlalositsoe ka bokhutšoanyane tokisetso ea rōna ea ho ithuta Bibele ’me ho bueletsoe buka ea Seo Bibele e se Rutang.

4. Re ka sebelisa pampitšana ea Tseba ’Nete joang ha re qala lithuto?

4 Ha u qeta ho fa motho pampitšana, u ka mo bontša lipotso tse leqepheng la pele, ebe u re, “Lipotsong tsee, ke efe eo u ka ratang ho tseba karabo ea eona?” Le ntan’o bala karabo eo pampitšaneng, ebe u bala se ngotsoeng leqepheng la ho qetela moo ho hlalosoang tokisetso ea rōna ea ho ithuta Bibele kapa u akaretse lintlha tseo. Ka mor’a moo u ka mo bontša hore na lintlha tseo li hlaha hokae bukeng ea Seo Bibele e se Rutang, ebe u mo siela eona ’me u lokisetsa ho khutla ho tla ntšetsa moqoqo pele.

5. Ke hobane’ng ha kamehla re lokela ho ikemisetsa ho buella thuto ea Bibele?

5 Tšimong ea rōna ho sa ntse ho e-na le ba labalabelang ho tseba seo ha e le hantle Bibele e se rutang. Haeba kamehla re ikemiselitse ho buella thuto ea Bibele, re tla ba le menyetla e eketsehileng ea ho fumana thabo ea ho thusa ba bang ho kena tseleng e isang bophelong.—Mat. 7:13, 14.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela