Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/92 leq. 2
  • Na U Buella Lithuto Tsa Bibele?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Buella Lithuto Tsa Bibele?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Nehelana ka Litaba Tse Molemo—Ho Buella Lithuto tsa Mahae tsa Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Letsatsi le Khethehileng la ho Batla Lithuto Tsa Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Ho Qalisa Lithuto tsa Mahae tsa Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Ho Batleha Lithuto Tse Eketsehileng Tsa Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 7/92 leq. 2

Na U Buella Lithuto Tsa Bibele?

1 Batho ba bangata ba atleha haholo ho qalisa lithuto tsa Bibele ka ho sebelisa katamelo e tobileng ha ba neha batho monyetla oa ho ithuta Bibele. Monna ea neng a ile a hana lingoliloeng ka makhetlo a mangata o ile a arabela hang-hang ha ho buelloa thuto ea Bibele. O ile a re: “Haesale ke ntse ke batla ho ithuta Bibele.” Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele, ’me lelapa lohle le ile la etsa tsoelo-pele e potlakileng.

2 Kaofela ha rōna re lokela ho ameha ka ho qalisa lithuto. Haeba batho ba tla etsa tsoelo-pele hore e be barutuoa ba Kreste, ba tlameha ho rutoa. (Matt. 28:19, 20) E le hore ba rutoe, ho hlokahala hore ba khanneloe thuto ea Bibele. Hangata lithuto li ka qaloa ka ho ithaopela ho bontša mong’a ntlo kamoo a ka ithutang ka ho eketsehileng ka Bibele le litšepiso tsa Molimo. Moena e mong o ile a khona ho qala lithuto tse hlano ka pampitšana Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso. Kaha o ne a sa khone ho khanna lithuto tse ngata hakaalo ka mehla, o ile a li fetisetsa ho bahoeletsi ba bang.

3 Haeba re fumana ho le bonolo ho qalisa lithuto, re ka tsamaea le bahoeletsi ba bang ’me ra ba thusa hore le bona ba fumane lithuto. Kapa re ka fetisetsa lithuto tseo re li qalisang ho ba bang ka phuthehong. Haeba u ka rata ho khanna thuto ea Bibele, ke hobane’ng u sa leke ho buella thuto ea Bibele ho batho bao u teanang le bona tšebeletsong ea ntlo le ntlo? Ka lekhetlo le leng mohoeletsi o ile a etsa leeto la ho boela ho ngoanana ea lilemong tsa bocha ea neng a sa bontša thahasello e kaalo. Leha ho le joalo, mohoeletsi o ile a buella thuto ea Bibele, ’me ngoanana enoa o ile a e amohela. Hona joale o kolobelitsoe, ’me le ngoan’abo oa ngoanana ea moholo ho eena le monna oa hae ba ba teng libokeng.—Ba-Gal. 6:6.

4 Hase motho e mong le e mong eo re ithutang le eena ea tla tsoela pele a ithuta. Hase bohle ba ithutang ba tla amohela ’nete. Empa ba bang ba tla e amohela. Haeba re qalisa lithuto tse ngata, ho na le monyetla o moholo oa hore re tla khona ho thusa ba bang hore e be barorisi ba Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela