Ho Nehelana ka Litaba Tse Molemo—Ho Buella Lithuto tsa Mahae tsa Bibele
1 Kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea August 1991 e ile ea re hopotsa ka boikarabelo ba rōna ba ho jala le ho nosetsa mosebetsing oa ho etsa barutuoa ba Kreste. E ile ea re bontša hore re lokela ho susumelletseha ho khanna lithuto tsa Bibele ka lebaka la lerato la rōna ho batho ba arabelang molaetseng oa ’Muso. Ho buella lithuto tsa mahae tsa Bibele ho tla re thusa ho phetha thōmo ea rōna ea ho etsa barutuoa.—Matt. 28:19, 20.
2 Ho hotle ho bona hore ba bangata ho rōna ba qalile ho sebelisa khothatso e ntle e fanoeng. Litlaleho li bontša hore ho khannoa lithuto tse ling tse ngata tsa Bibele. Palo ea lithuto tsa Bibele tse khannoang Afrika Boroa e ile ea eketseha ka hoo e ka bang karolo ea 6 lekholong ka 1991 ho feta selemong sa tšebeletso sa 1990. Ka sebele ba qalisitseng ho khanna lithuto ka lekhetlo la pele ba thabela karolo eo ba nang le eona mosebetsing oa ho etsa barutuoa. Empa ke joang ba bangata ba ka kopanelang tšobotsing ee e putsang ea tšebeletso ea rōna?
3 Sebelisa Mpho ea Khoeli: November ke khoeli e loketseng ka ho khetheha ea ho batla ho qalisa lithuto tse ncha tsa Bibele. Re tla be re nehelana ka buka Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? Tsela e molemo ea ho hōlisa thahasello ea mong’a ntlo e ka ba ho sebelisa litlhahiso tse fumanoang bukeng ea Ho Bea Mabaka.
4 Re ka lebisa tlhokomelo Bibeleng ka ho sebelisa likenyelletso tse hlahisitsoeng leqepheng 10 la buka ea Ho Bea Mabaka. Ho thathamisitsoe litsela tse hlano tse fapaneng tseo ho ka lebisoang tlhokomelo Bibeleng ka tsona. Ho khothalletsa batho ho batla likarabelo tsa Bibele mathateng a bophelo ho ka bula tsela bakeng sa thuto ea Bibele.
5 Tlas’a sehloohoana se reng “Thuto ea Lehae ea Bibele” se leqepheng 12 bukeng ea Ho Bea Mabaka, ho na le litlhahiso tse peli tse ka bang molemo haholo bakeng sa ho lebisa thahasello bukeng Lentsoe la Molimo. Ka bobeli li khothalletsa ho sebelisa buka ka ho ithuta eona ka mokhoa o hlophisehileng. Haeba u sebelisa katamelo e tobileng ea ho qalisa thuto ea Bibele, u ka latela litlhahiso tse ntle tse fanoeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 1991.
6 Tšepa Jehova: E le hore re ka atleha mosebetsing oa thuto ea Bibele, re tlameha ho hopola hore katleho ea ho buella lithuto tsa mahae tsa Bibele e ka finyelloa feela ka thuso ea Jehova. O phetha karolo ea bohlokoa boitekong ba rōna ba ho thusa batho. (1 Ba-Kor. 3:6) Ka hona, ha rea lokela ho rapella feela ho fumana motho eo re ka ithutang le eena empa hape re lokela ho rapella khatelo-pele e etsoang ke batho ba thahasellang bao re ba fumaneng. (Joh. 16:23) Re tlameha ho hopola hore re “ba sebetsang le Molimo.”—1 Ba-Kor. 3:9.