Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/93 leq. 1
  • Ho Qalisa Lithuto tsa Mahae tsa Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Qalisa Lithuto tsa Mahae tsa Bibele
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Buella Lithuto Tsa Bibele?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Ho Nehelana ka Litaba Tse Molemo—Ho Qalisa Lithuto ka Katamelo e Tobileng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Ho Nehelana ka Litaba Tse Molemo—Ho Buella Lithuto tsa Mahae tsa Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Ho Batleha Lithuto Tse Eketsehileng Tsa Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 9/93 leq. 1

Ho Qalisa Lithuto tsa Mahae tsa Bibele

1 E ’ngoe ea liphihlelo tse putsang le tse khotsofatsang ka ho fetisisa ho Bakreste ba ’nete ke ho ruta motho e mong ’nete ka thuto ea lehae ea Bibele. Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ebe ba bang ha ba thabele tšobotsi ena e enneng ea tšebeletso ka lebaka la hore ba ikutloa eka ba hlōleha ho qalisa le ho khanna thuto ea Bibele. Bahoeletsi ba bangata ba atlehang kajeno le bo-pula-maliboho ba kile ba ikutloa ka tsela ena. Leha ho le joalo, ka ho tšepa Jehova le ka ho sebelisa litlhahiso tse leng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, ba ile ba ithuta mokhoa oa ho qalisa le ho khanna lithuto tsa Bibele, ’me ba ile ba eketsa thabo ea bona tšebeletsong. U ka iketsetsa pakane e tšoanang.

2 Ho Sebelisa Mokhoa o Tobileng le Lipampitšana: E ’ngoe ea litsela tse bonolo ka ho fetisisa ea ho qalisa thuto ke ka mokhoa o tobileng. Sohle seo batho ba bang ba se hlokang ke memo e mofuthu ea ho ithuta Bibele. Sena se ka etsoa habonolo ka ho botsa mong’a ntlo: “Na u ka rata ho ba le thuto ea botho ea lehae ea Bibele le ho eketsa tsebo ea hao ea Bibele le morero oa Molimo ka lefatše?” Kapa mohlomong u ka bolella mong’a ntlo hore u ka thabela ho ’montša kamoo thuto ea lehae ea Bibele e khannoang ka teng. Le hoja ba bangata ba ka ’na ba se amohele memo ena, nahana ka thabo eo u tlang ho ba le eona ha e mong a e amohela!

3 Tsela e ’ngoe ea ho qalisa thuto ea Bibele ke ka ho sebelisa e ’ngoe ea lipampitšana tsa rōna. Le hoja li le nyenyane, li fana ka molaetsa o matla le o kholisang. Ho ka qalisoa thuto joang ka pampitšana? Ka hore feela u fe mong’a ntlo pampitšana eo u nahanang hore a ka e thahasella. Ebe u nka bohato ba pele, u meme mong’a ntlo hore a shebe serapa sa pele ha u se bala. Phetla mangolo a boletsoeng, ebe le buisana ka mokhoa oo boitsebiso bo ka sebelisoang ka oona. Ketelong ea pele, u ka ’na ua bua ka serapa se le seng feela kapa tse peli. Ha mong’a ntlo a utloisisa hore o ithuta lintho tse thahasellisang ho tsoa ka Bibeleng, u ka ’na ua khona ho eketsa nako eo u e qetang puisanong ea lōna.

4 Ho Sebelisa Bibele Feela: Ka linako tse ling motho o lumela ho bua ka Bibele empa o bonahala a le leqe ho amohela thuto e hlophisitsoeng kapa ho sebelisa e ’ngoe ea lingoliloeng tsa rōna. U ka ’na ua qalisa le ho khanna thuto ea Bibele ka ho lokisetsa puisano e thahasellisang ea Mangolo e thehiloeng likarolong tsa buka Phela ka ho sa Feleng kapa buka Ho Bea Mabaka empa u sebelisa Bibele feela ha u etetse motho ea thahasellang. Lipuisano tse joalo li ka ba metsotso e 15 kapa 20, kapa ho feta, ho itšetlehile ka maemo. Haeba li tšoaroa ka mehla le ka mokhoa o tsoelang pele bakeng sa ho ruta linnete tsa Bibele, u se u qalisitse thuto ea Bibele, ’me e ka tlalehoa e le thuto. Ha nako e loketse, kenyelletsa buka Phela ka ho sa Feleng, ebe u khanna thuto e hlophisitsoeng ka eona.

5 Ho phaella ho fumaneng menyetla tšebeletsong ea tšimo, na u lekile ho qalisa lithuto tsa Bibele le baahisani, metsoalle, kapa litho tsa lelapa? Na u ho entse nakong e telele e fetileng? Na u ho lekile hape haufinyane? Haeba mokhoa o mong o sa ka oa sebetsa, na u nahanne ka ho leka o mong?

6 U ka atleha ho qalisa lithuto haeba u sebelisa litlhahiso tse fanoeng, u tiisetsa tšebeletsong ea tšimo, ’me u tšepa Jehova bakeng sa tlhohonolofatso ea hae. Le ka mohla u se ke ua nyenyefatsa matla a ’nete le thuso eo Jehova a fanang ka eona. E se eka u ka eketsa thabo ea hao tšebeletsong ka ho qalisa le ho khanna lithuto tsa lehae tsa Bibele.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela