Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/93 leq. 1
  • Re tla Finyella eng Selemong Sena sa Tšebeletso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re tla Finyella eng Selemong Sena sa Tšebeletso?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ipolokeng le le Matla Moeeng, Lulang le Hloekile Bakeng sa Tšebeletso ea Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Ho Kotula se Lekanang le Boiteko ba Rōna ka Bomong
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Mamela “Mantsoe a ba Bohlale”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Baeletsi ba Bohlale—Tlhohonolofatso ho Baena ba Bona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 9/93 leq. 1

Re tla Finyella eng Selemong Sena sa Tšebeletso?

1 Kaha selemo sa tšebeletso sa 1994 se qala ka September 1, hona joale ke nako e loketseng hore kaofela ha rōna joalokaha re le batho ba Jehova re etse qeto e hlakileng likelellong tsa rōna ka seo re lakatsang ho se finyella re le batho ka bomong hape re le mokhatlo o hlophisitsoeng selemong sena se secha sa tšebeletso.

2 Le ’Ne le Hōle Moeeng: Haeba re sa tsoa tseba ’nete, re lokela ho lakatsa ho ba matla tumelong. (Ba-Heb. 6:1–3) Haeba re se ntse re le matla moeeng, hase feela hore re lokela ho thusa ba bacha ’neteng le ba bang empa hape re tlameha ho ela hloko bomoea ba rōna, le ka mohla re se ikutloe hore re na le tsebo eohle e hlokahalang ea Bibele le phihlelo bophelong ba Bokreste. Na re hlahloba temana ea letsatsi, re tsamaisana le lenaneo la ’malo oa Bibele le bontšitsoeng Kemisong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, le ho lokisetsa Thuto ea Buka ea Phutheho le Thuto ea Molula-Qhooa? Pakane ea rōna bohle e tlameha ho se be ka tlaase ho se boletsoeng ka holimo. Re tlameha ho ’na re hōla moeeng e le hore re ka pholoha timetso ea tsamaiso ena e khopo ea lintho ’me re bolokoe ho kena lefatšeng le lecha la Molimo.—Bapisa le Ba-Filippi 3:12-16.

3 Lulang le Hloekile Moeeng: E le hore re ka amoheleha ka ho feletseng ho Jehova, re tlameha ho itlhoekisa “litšila tsohle tsa nama le tsa moea.” (2 Ba-Kor. 7:1) Ha re se re hloekile, ke hobane’ng ha re ka batla ho ‘ipitika seretseng’ sa lefatše lena le khopo hape? (Bapisa le 2 Petrose 2:22.) Re tlameha ho ikemisetsa ho lula re le matla moeeng ’me re hloekile. Ka tsela ena re ke ke ra hloka tsebo ka merero e khopo ea Satane ’me a re tšoasa re sa lebella, ra oela sebeng eaba re lahleheloa ke kamohelo ea Jehova.—2 Ba-Kor. 2:11.

4 Mamelang Keletso e Bohlale: Liproverbia 15:22 (NW) e bontša hore: “Ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyelloang.” Leha ho le joalo, hopola hore Salomone, monna ea neng a bua mantsoe ao, hamorao o ile a lumella hore ‘basali ba hae ba khelose pelo ea hae hore e latele melimo e meng’ hobane a ile a hlōleha ho mamela keletso ea Molimo mabapi le hore a se nyale basali ba balichaba. (1 Mar. 11:1-4) Kahoo ntle le hore rōna ka bomong re mamele keletso e bohlale, ke joang re ka lebellang ho atleha tšebeletsong ea Jehova kapa ho beha mohlala oo ba bang ba ka o etsisang? (1 Tim. 4:15) Keletso ea Bibele e tla re thusa ho lebela lipelo tsa rōna. (Liprov. 4:23) Ho rata se ratoang ke Jehova, ho hloea seo a se hloileng, ho batla tataiso ea hae ka mehla le ho etsa se mo thabisang ke tšireletso ea sebele.—Liprov. 8:13; Joh. 8:29; Ba-Heb. 1:9.

5 Borapeli ba rōna ho Jehova hase ntho e etsoang ka tloaelo, hase mofuta oa boinehelo ba bomolimo o kang oa batho ba lefatše ba ipolelang hore ke Bakreste, empa ke borapeli bo mahlaha-hlaha, bo mafolo-folo, le bo tletseng bophelo tumellanong le ’nete e fumanoang ka Lentsoeng la Molimo.—Joh. 4:23, 24.

6 Boikemisetso ba rōna ba ho etsa thato ea Molimo bo ka behoa tekong letsatsi le leng le le leng. Re lokela ho matlafatsoa ke ho tseba hore “mokhatlo ’ohle” oa baena ba rōna o tobana le liteko tse tšoanang le hore ke Jehova ea tla re matlafatsa. (1 Pet. 5:9, 10, NW) Ka tsela ena re tla khona ho phethisisa tšebeletso ea rōna ka botlalo selemong sa tšebeletso sa 1994.—2 Tim. 4:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela