Ipolokeng le le Matla Moeeng, Lulang le Hloekile Bakeng sa Tšebeletso ea Jehova
1 Ho Esaia 60:22, Jehova o entse tšepiso eo re e bonang e phethahala mahlong a rōna: “E monyenyane ho bona o tla ata ho isa seketeng, ea nyatsehang a fetohe sechaba se sengata. ’Na Jehova, ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ea teng.” Ha re bua ka sechaba, re nahana ka sehlopha se seholo sa batho se kopanngoang ke lithahasello tse tšoanang le se sebetsang tlas’a bolaoli bo hlonngoeng.
2 Peho ea tšebeletso ea tšimo ea 1991 e bontšitse tlhōro ea bahoeletsi ba litaba tse molemo ba 4278 820 lefatšeng ka bophara, sena ke keketseho ea 6,5 lekholong ho feta ea selemong se fetileng. Ka sebele Jehova o bokelletse letšoele le leholo la batho ba tšepahalang ba ratang ho ikarola tsamaisong ena ea lintho e hatellang le ho ba bafo ba tšepahalang ba ’Muso oa Bomessia oa Mor’a hae, Jesu Kreste. Selemo le selemo lenane la batho ba bokelloang le tsoela pele ho eketseha. Re thabela ho ba karolo ea sechaba sena se ka hlalosoang hantle e le mokhatlo oa batho oa lefatše le lecha. Moketeng oa Sehopotso ka 1991, kakaretso ea batho ba bileng teng e ne e le 10 650 158, e leng keketseho ea karolo ea 7 lekholong ho feta ea 1990. Sena se bontša hore ho na le monyetla o moholo haholo oa hore ba bang ba eketsehileng ba tla kopanela le rōna joaloka bafo ba ’Muso.
3 Ha e le hantle, rea hlokomela hore hase batho bohle ba kopanyellelitsoeng lenaneng le ka holimo la ba bileng teng Sehopotsong ba ikarotseng lefatšeng lena ho isa bohōleng bo hlokahalang ba hore ba amohelehe ka botlalo joaloka batho ba Jehova. Batho ba tsoang lichabeng tsohle ba ‘phallela ntlong ea Jehova,’ empa ho hlokahala hore ba rutoe ka botlalo ‘litsela tsa hae’ e le hore ba ‘ka tsamaea litseleng tsa oona.’ (Esa. 2:2-4) Batho ba fetang limillione tse ’nè ba bileng teng Sehopotsong ba amohetse thupelo ea Molimo, ba fumana matla a moea a ileng a ba susumelletsa ho lula ba hloekile boitšoarong le ho tšoaneleha bakeng sa ho kopanela mosebetsing o ntseng o etsoa hona joale oa ho bolela ka ’Muso. (Matt. 24:14) Batho ba joalo ba na le boemo bo botle mahlong a Jehova ’me ba thabela melemo eohle ea litokisetso tsa hae tse babatsehang tseo a etsang hore ba li fumane. Lenane le setseng la batho ba ka holimo ho limillione tse tšeletseng le lokela ho etsa eng haeba le lona le batla ho ba matla moeeng le ho lula le hloekile bakeng sa tšebeletso ea Jehova?
4 Ba lokela ho ikitlaetsa ka matla ho “loanela tumelo.” (Juda 3) Hang feela ha ba khetha ho tsamaea tseleng ea Jehova, ba ba tlas’a khatello ea Diabolose a sebelisa mahloriso, liteko le litšusumetso tse mpe. Joaloka Pauluse, ba lokela ho talima ho Jehova bakeng sa matla a ho mamella. (Ba-Fil. 4:13) Jehova o neha ba joalo matla ka ho sebelisa ba seng ba le matla tumelong. Pauluse o elelitse hore “rōna ba matla, re tšoanetse ho jara mefokolo ea ba fokolang.” (Ba-Roma 15:1, 2) Ha ba matla le ba fokolang ba kopana, ba ba le matla a ho ema ba tiile. “Ba babeli ba feta a le mong. . . . Leha e mong a ka tla tsohela ea ’notši matla, ha ba le babeli, ba ka mo hlōla.”—Moek. 4:9, 12.
5 Ka nepo sena se bolela hore ba bacha ’neteng ba itšetlehile ka rōna e le hore ba ka fumana matla a tsoang ho Jehova. Rōna bao re leng Bakreste ba kolobelitsoeng re lokela ho lula re le matla moeeng haeba re tla thusa ba bacha ’neteng. Bakreste ba matla ba tseba ho ‘fana ka limpho tsa moea,’ tse fellang ka ‘ho khothatsana.’ (Ba-Roma 1:11, 12) Ena ke e ’ngoe ea litsela tse ka sehloohong tseo Jehova a li sebelisang ho re kopanya le ho re ‘tiisa le ho re matlafatsa.’—1 Pet. 5:9-11.
6 Re lokela ho iketsetsa pakane ea ho thusa bana ba bacha ’neteng ’me ka nako e tšoanang re ntse re ela hloko litlhoko tsa rōna tsa moea. (Matt. 5:3, NW) Bomoea ke bona bo tla re matlafatsa. Ena ke tšobotsi e lokelang ho hōlisoa le ho matlafatsoa ka ho ja lijo tsa moea ka mehla. Jehova ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o fana ka mananeo a leka-lekaneng a ho ithuta Lentsoe la hae. Liboka tse hlano tsa phutheho tsa beke le beke li phetha karolo ea bohlokoa ho etsa hore re be matla, ‘hore re isane ka cheseho leratong le mesebetsing e metle.’—Ba-Heb. 10:24.
7 Melemo ea liboka tsena ea eketseha ha e kopanngoa le mekhoa e metle ea thuto ea botho le ea lelapa. Bonyane joaloka pakane, kaofela ha rōna re lokela ho bala temana ea letsatsi le ho nahana ka eona, ho boloka mohato le lenaneo la ’malo oa Bibele la Kemiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ho lokisetsa Thuto ea Buka ea Phutheho le Thuto ea Molula-Qhooa. Lelapa ka leng le lokela ho lekanyetsa hore na le tla hlophisa seo joang, le etse bonnete ba hore seo se etsoa ka mehla. Hape, hlooho ea lelapa e lokela ho tiisa hore lenaneo la thuto le etselitsoe ho finyella litlhoko tse khethehileng tsa moea tsa lelapa. Ka tsela ena “ntlo e tla hahuoa. . . . E tla ipaka e tsitsitse.” (Liprov. 24:3, NW) Haeba re le hlokolosi mekhoeng ea rōna ea ho ithuta ea motho ka mong le joaloka malapa, re ka kholiseha hore Jehova o tla re hlohonolofatsa ’me moea oa hae o tla re thusa ho mamella liteko tse fapa-fapaneng ka katleho.—Jak. 1:2, 3; 1 Pet. 4:11.
8 Ho Ipoloka re Hloekile re sa Nyatsuoe: Le hoja Jehova a re mema ka mofuthu hore re mo atamele, ka nako e tšoanang o hlakisa hantle hore sena se lokela ho etsoa motheong oa ho ba le tumelo maling a tšollotsoeng a Jesu ‘a re hlatsoang libe tsohle.’ (1 Joh. 1:7; bona hape le Ba-Heberu 9:14.) Re ka tsoela pele ho matlafatsa tumelo ea rōna ka thuto ea botho ea Lentsoe la Molimo le ho sebelisa seo re ithutang sona. Ba bang hamorao ba ile ba fokola hobane mohlomong ba ne ba hlōleha ho ja lijo tsa moea kapa ho ikitlaetsa ho li sebelisa bophelong ba bona. Sena se ile sa etsa hore Satane a ba hlasele habonolo. Ba bang ba ile ba fokola moeeng, ’me ha etsa hore ba se hlole ba kopanela tšebeletsong. Ka masoabi, ba bang ba ile ba inehela liphosong tse tebileng tse entseng hore ba khaoloe. Pauluse o lemositse: “Ea lekanyang hore o sa eme, a ke a iponele hore a se ke a oa.” (1 Ba-Kor. 10:12) Haeba ka boomo re hlokomoloha ho ithuta, ho ba teng libokeng le tšebeletsong, re ka tšoasoa ke litšusumetso tse mpe le liteko habonolo.—Ba-Heb. 2:1; 2 Pet. 2:20-22.
9 Ke habohlokoa hore re lule re hloekile ka litsela tsohle: ’meleng, kelellong, moeeng le boitšoarong. (2 Ba-Kor. 7:1) Lefatše le re potolohileng le ntse le mpefala haholo le ho senyeha boitšoarong letsatsi le letsatsi. Diabolose o ntse a tsoela pele ho tlisa litsela tse bolotsana haholoanyane ho re tšoasa. Ho ipoloka re le matla moeeng ho tla tiisa hore re tseba ‘merero ea hae le hore a se re tlatlape.’ (2 Ba-Kor. 2:11) Thupelo le keletso tseo re li fumanang ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova li re nolofalletsa ho lemoha litšusumetso tsena tse mpe le ho li hanela.
10 Ba etelletseng pele phuthehong ba na le boikarabelo ba ho behela ba bang mohlala o motle oa ho ipoloka ba le matla ebile ba hloekile. Pauluse o ile a hatella boikarabelo bona ha a re: “Hopolang ba etelletseng pele har’a lōna. . . . Ha le ntse le nahanisisa kamoo boitšoaro ba bona bo fellang ka teng le etsise tumelo ea bona.” (Ba-Heb. 13:7, NW) Ke habohlokoa hore baholo ba khethiloeng le bahlanka ba sebeletsang ba behe mohlala o motle boitšoarong ba bona esita le ho hlokomela boikarabelo ba bona joaloka lihlooho tsa malapa. Ba lokela ho ikitlaetsa ka matla hore ba tšoane le Timothea e mocha ea ileng a phehelloa ho “ba mohlala . . . puong, boitšoarong, leratong, tumelong, le bohloeking.” (1 Tim. 4:12, NW; 1 Pet. 5:3) Rōna ba bang kaofela re kopanela boikarabelong bona ba ho ba mehlala e metle ka ho ba le boitšoaro bo botle. Hangata batho ba bacha ’neteng ba ahlola ’nete esita le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ka seo ba se bonang ho rōna. Re batla ho tiisa hore seo ba se bonang ho rōna se ba khothalletsa ho nka boemo ba bona mokhatlong oa Jehova o hloekileng.
11 Ho bokelloa ha batho ba tla pholoha ‘mahlomola a maholo’ ho tsoela pele ho eketseha. (Tšen. 7:14) Ke feela ba leng matla moeeng le ba ipolokang ba hloekile ba tla pholoha qetellong. Ho hongata ho itšetlehile ka lintlha tsena tse tharo: (1) ho ba le mekhoa e metle ea thuto ea botho le ho thuisa ka Lentsoe la Molimo; (2) ho bontša thahasello ea sebele e mong ho e mong ka boikemisetso ba ho khothatsana; le (3) ho sebetsa hammoho ka bonngoe ho boloka boitšoaro bo hloekileng bo tla hlompha lebitso la Jehova. Ho etsa lintho tsena ho tla re tiisetsa tlhohonolofatso ea Jehova le tšireletseho ha lefatše lena le feela. Re ka kholiseha hore re tla ba har’a “batho ba tšepahalang bao Jehova a tla ba sireletsa.”—Pes. 31:23, NW.