Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/91 leq. 2
  • Ho Kotula se Lekanang le Boiteko ba Rōna ka Bomong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Kotula se Lekanang le Boiteko ba Rōna ka Bomong
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ETSISA BA TŠEPAHALANG
  • HO SEBELISA SEO RE ITHUTANG SONA
  • RUA MOLEMO THUTONG EA BOTHO
  • KOPANELA LIBOKENG KA HO FANA KA LITLHALOSO
  • JALA KA SEATLA SE BULEHILENG TŠIMONG
  • Na U Rua Molemo?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Liboka li Ruisa Bacha Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Malapa, Rorisang Molimo le le Karolo ea Phutheho ea hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • April—Nako ea ‘ho Sebetsa ka Thata le ho Ikitlaetsa’
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
km 4/91 leq. 2

Ho Kotula se Lekanang le Boiteko ba Rōna ka Bomong

1 Jehova Molimo o bontšitse lerato leo a nang le lona ho batho ka litsela tse ngata. Jesu o ile a totobatsa lerato le leholo ka ho fetisisa la Molimo, a hlakisetsa letšoele le neng le bokane hore Molimo o “chabisetsa ba khopo le ba molemo letsatsi la hae, ’me o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang.” (Matt. 5:43-48, BPN) Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a hlakisa pontšo e ikhethang ka ho fetisisa ea lerato la Ntate oa hae—sehlabelo sa Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, eo Molimo o faneng ka eena bakeng sa polokeho ea rōna. (Joh. 3:16) Jesu o ile a khothalletsa bamameli ba hae hore ba arabele ka kananelo leratong la Jehova. Na re leka ka matla ho etsa joalo?

2 Hore re bontše kananelo ea rōna e felletseng le ho fumana melemo ea ka ho sa feleng leratong la Jehova, re tlameha ho mo tseba. (Joh. 17:3) Re hloka keletso le tataiso ea kamoo re ka mo sebeletsang ka tsela e amohelehang. Jehova o bontšitse kameho ea hae e lerato ka ho re fa Lentsoe la hae le bululetsoeng, Bibele, le ka ho hlahisa mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o tsotehang, oo ka oona re fumanang keletso le taeo. (Matt. 24:45-47; 2 Tim. 3:16, 17) Joaloka batho ba inehetseng ba Jehova, re rutiloe ka tsela ea hae. Empa na ka boiteko ba rōna ka bomong re bontša hore re ananela lerato la Jehova? Na re ela keletso ea hae hloko e le hore re ka ba ba mo khahlisang re tle re ithuise molemo? (Esa. 48:17, NW; Jak. 1:22) Moapostola Pauluse o ngotse tjena ho 1 Ba-Korinthe 3:8: “Ea hlomang, leha e le ea nosetsang ke ntho e le ’ngoe feela; ’me e mong le e mong o tla amohela moputso oo e leng oa hae, ka tekanyo ea mosebetsi oo e leng oa hae.”

3 E, re tlameha ho loanela ho etsa seo Molimo o batlang ha re se etsa. Hase motho e mong le e mong ea hatelang pele moeeng ka lebelo le tšoanang le la ba bang. Ho na le lintho tse ngata tse ka amang tsela eo re hatelang pele ka eona, ’me e ne e ke ke ea e-ba bohlale ho ipapisa le ba bang ka tsela e nyahamisang. Leha ho le joalo, habohlokoahali ke boiteko boo re bo etsang ka bomong. Re ka etsa eng hore re atamele haufi haholoanyane ho mokhatlo o hlophisitsoeng? Na ho na le likarolo tseo re ka ntlafatsang ho tsona hore re amohele boikarabelo ba rōna ba motho ka mong re le Bakreste? Ho tla hlokahala boiteko bo bokae hore re tšehetse mesebetsi ea phutheho hamolemonyana? Na ho na le lintlha tseo ho hlokahalang hore re li sebelise litaelong tseo mokhatlo o hlophisitsoeng o re nehang tsona?—1 Tim. 4:16.

ETSISA BA TŠEPAHALANG

4 Litaba tse molemo tsa ’Muso li ’nile tsa boleloa ka lilemo tse mashome ke baena le bo-khaitseli ba tšepahalang. Baena le bo-khaitseli bana ba tšepahalang, joaloka Pauluse, ba tšoaneloa ke ho etsisoa. (1 Ba-Kor. 11:1) Ba arabetse leratong la Molimo ’me ba kotutse melemo e mengata ka baka la ho sebetsa ha bona ka thata le ka boiteko ba bona ba motho ka mong ba ho latela keletso ea Bibele. Ba bōpa karolo e tiileng ea motheo ea basebetsi ba mafolo-folo ka phuthehong, ha ba qobe boikarabelo ba bona ba motho ka mong. Re bona litholoana tsa mosebetsi oa bona oa motho ka mong.—Ba-Roma 1:13; 2 Ba-Kor. 3:1-3.

5 Hona joale, ba bacha ba baloang ka mashome a likete ba phallela ka mokhatlong o hlophisitsoeng selemo le selemo. (Esa. 60:8) Ka tieo le bona ba sebetsa ka thata hore e be batho ba hōlileng moeeng, ’me cheseho eo ba nang le eona mosebetsing oa boboleli e tšoaneloa ke ho babatsoa. Ba rua molemo ka ho bona kamoo Jehova a hlohonolofatsang ba sebetsang ka thata tšebeletsong ea hae. Mohlala oa baena le bo-khaitseli ba hōlileng tsebong o thusa ba bacha ho utloisisa hore ena hase nako ea ho fokola kapa ea ho phetsa tšebeletsong ea rōna ho Molimo. Ho sa tsotellehe hore na re bahoeletsi ba bacha kapa ba nang le phihlelo, na re tsoela pele ho hōla moeeng, re amohela boikarabelo ba rōna ba Bokreste le ho sebelisa hamolemo litokisetso tsohle tsa puso ea Molimo?

HO SEBELISA SEO RE ITHUTANG SONA

6 Nako e telele pele Jakobo a ngola hore re lokela ho ba ‘baetsi ba mosebetsi,’ Moshe o ile a re ho Bajode: “Le tlameha ho sebelisa mantsoe ana.” (Jak. 1:25; Deut. 11:18, NW) Kahoo tsebo feela e ne e sa lekana. Ho ne ho hlokahala hore Bajode ba sebelise mantsoe a Molao ho bontša kutlo ho Jehova. Molao-motheo ona o ntse o tšoana. Ka sebele Jesu, Mora oa Molimo, o ne a tseba bohlokoa ba kutlo. (Joh. 8:28) Ho Mattheu 7:24 o itse: “E mong le e mong ea mamelang lipolelo tseo tsa ka, ’me a etsa ka tsona, nka mo tšoantša ka monna ea bohlale.”

7 Na re sebelisa seo re ithutang sona likopanong tsa potoloho? Na rea utloisisa hore ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re lule re falimehile ’me re hlaphohetsoe likelellong nakong ee? Na re falimehetse litlhaselo tse bolotsana le maraba ao Diabolose a a chehang? Na re ananela keletso le litemoso tseo re li fuoang khafetsa ke mokhatlo o hlophisitsoeng mabapi le tlhokahalo ea ho hloeka boitšoarong le moeeng ka phuthehong? Re sebelisa seo re se utloang ho isa bohōleng bofe?—Jak. 1:23-25.

8 Lenaneo le sebelisoang hona joale la kopano ea letsatsi le khethehileng le hatisa tlhokahalo ea hore re halalele, joalokaha Jehova a halalela. (1 Pet. 1:14-16) Khalalelo e bolela bohloeki ba bolumeli kapa ho hloka sekoli, ho khetheha. E bontša boemo ba ho behelloa ka thōko bakeng sa tšebeletso ea Molimo. Re abetsoe ho hlokomela tšebeletso ea litaba tse molemo. Ka hona, re tlameha ho hloeka moeeng, boitšoarong, le ’meleng e le hore re ka tšoaneleha ho jara Lentsoe le halalelang la ’nete. Sena se hloka hore re lebise tlhokomelo e fetang e tloaelehileng ho rōna ka borōna. (Ba-Heb. 2:1, NW) Ha re ntse re etsa joalo, re tla kotula mahlohonolo a lekanang le boiteko ba rōna ba motho ka mong.

RUA MOLEMO THUTONG EA BOTHO

9 Thuto ea botho e re thusa ho haha tumelo e matla, ’me e tebisa kananelo ea rōna bakeng sa ’nete. E re fa kholiseho ebile e re hlomella hore re bue ka mokhoa o kholisehileng. E re fa temoho le masene ’me e re thusa ho apara botho bo bocha. (Ba-Kol. 1:9-11) Leha ho le joalo, thuto e hlahisang litholoana e hloka nako le boiteko, ’me ha ho na tsela e khaoletsang ea ho fumana tsebo e nepahetseng le khōlo moeeng. Ha re ithuta ka tekanyo e itseng re tla rua molemo o lekanang le hoo.—2 Ba-Kor. 9:6, 7; Ba-Gal. 6:7.

10 Na beke le beke re behella nako e lekaneng ka thōko bakeng sa ho lokisetsa liboka tsa phutheho? Ena ke tsela e ’ngoe eo re ka bontšang kananelo bakeng sa lijo tsa moea tseo Jehova a fanang ka tsona ka mohlanka ea tšepahalang le ea masene. Ho lokisetsa liboka ka nepo ho re thusa ho khomarela kemiso ea ho bala le ho ithuta Lentsoe la Molimo. Na beke le beke re behella nako ka thōko hore re etse ’malo oa rōna oa Bibele joalokaha o bontšitsoe lenaneong la Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo? Ho hlokahala metsotso e seng mekae feela beke le beke hore motho a bale le ho thuisa ka boitsebiso. Seboka sa Tšebeletso se re thusa ho falimehela litsela tseo ka tsona re ka atlehisang tšebeletso ea rōna ea phatlalatsa. Na rea lokisetsa, ’me re nahane ka ho khethehileng kamoo re ka sebelisang boitsebiso boo ka teng tšebeletsong? Na re etsa boiteko ba ho bo sebelisa hang-hang? Litokisetso tse tobileng li lokela ho etsoa bakeng sa ho lokisetsa Thuto ea Molula-Qhooa le Thuto ea Buka ea Phutheho. Na re etsa joalo?

KOPANELA LIBOKENG KA HO FANA KA LITLHALOSO

11 Re ka rua molemo o moholoanyane libokeng ha re kopanela ho tsona ka ho fana ka litlhaloso. Ho lokisetsa liboka le ho etsa boiteko ba ho kopanela ka ho fana ka litlhaloso ho re boloka re mametse ka hloko nakong ea liboka ho bile ho re nolofalletsa ho rua molemo litlhalosong tsa ba bang. Ba bangata ba sa ntse ba hopola hore na ba ile ba sebetsa ka thata hakae bakeng sa ho fana ka tlhaloso ea bona ea pele sebokeng kapa puo ea bona ea pele ea seithuti Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Le hoja re lokela hore e be ha re sa na letsoalo le lekaalo, na re tsoela pele ho sebetsa ka thata ho etsa hore khōlo ea rōna ea moea e bonahale ho bohle? (1 Tim. 4:15) Ba bang ba rua molemo ’me ba khothatsoa ke litlhaloso tsa rōna. Haeba re itokiselitse hantle, re ithutile boitsebiso bo tla ithutoa libokeng, ho kopanela ha rōna ho nang le morero ho tsona ho tla susumelletsa ba bang leratong le mesebetsing e metle.—Ba-Heb. 10:23-25.

12 Litlhaloso tsa rōna ha lia lokela ho ba telele le ho ba tse rarahaneng. Hangata ho molemo ho fana ka litlhaloso tse khutšoanyane tse arabelang ka ho toba lipotso tse botsoang kapa tse hlakisang tšebeliso ea lengolo le itseng. Haeba re lokiselitse hantle, re tla khona ho fana ka litlhaloso ka mantsoe a rōna. Ha re etsa joalo, melemo eo re e ruang le eo ba bang ba e ruang e ba meholo haholo. Hobane’ng? Hobane ho re hloka hore re nahane ka seo re se buang le ho hlalosa ntlha e itseng kamoo re e utloisisang ka teng. Sena se ka nolofalletsa ba bang hore ba utloisise boitsebiso. Hape, se tla re thusa ho hopola boitsebiso boo bakeng sa ho bo sebelisa ka lekhetlo le leng.

JALA KA SEATLA SE BULEHILENG TŠIMONG

13 Tšebeletso ea rōna ea Bokreste ke letlotlo. (2 Ba-Kor. 4:7) Na u e talima ka tsela eo? Re bile le tokelo ea ho hlalosa tumelo ea rōna ho ba bang ka tšebeletso. Jesu o itse molomo o bua se tletseng ka pelong. (Luka 6:45) Boiteko boo re bo etsang ka bomong ba hore re kopanele ka botlalo tšebeletsong ea tšimo bo re kotulisa melemo e mengata. Kutloisiso ea rōna ea ’nete ea leotseha, ’me matla a rōna a ho tseba ho sebelisa Bibele aa hōla. Re fumana thabo ea ho tlisetsa ba bang ’nete le ho ba thusa ho ithuta ka ’Mōpi oa bona e Moholo. Re eme re le lipaki tsa hore puso ea Molimo le bobusi ba oona li loketse. Re thabile hobane rea tseba hore re khahlisa Jehova, re fetoloa hore re tšoane le eena ’me re etsa thato ea hae.—Matt. 5:48.

14 Haeba re phehella ho lekanya boiteko ba rōna ka bomong, le ka mohla borapeli ba rōna ho Jehova e ke ke ea e-ba tšebeletso e sa etsoeng ka mafolo-folo. Hoo ho bolela eng? Ho bolela hore re ke ke ra iphaphatha le thato ea Molimo ka pelo e sa fellang, re ke ke ra nehelana ka tšebeletso-’mōtoana kapa ra nehelana ka tšebeletso e fokolang re se na boinehelo ba sebele bo tsoang pelong. Tšebeletso ea rōna e eang ho Jehova e tlameha e be ea pelo eohle. Re na le tlameho ea Mangolo ea ho fana ka sohle seo re nang le sona tšebeletsong ea hae. (Ba-Kol. 3:23, 24) Ke ’nete, maemo aa fapana, ’me Jehova ha a hloke hore re etse ho hongata ho feta kamoo re ka khonang. Leha ho le joalo, o lebelletse hore re etse seo re ka se khonang! (Matt. 22:37) Kaha tlhaho ea batho ba baetsalibe ke ho ba le tšekamelo ea ho iqenehela, ke hantle hore nako le nako re itlhahlobe ’me re bone moo re ka ntlafatsang teng tšebeletsong ea rōna e eang ho Molimo. Na re tloaetse ho etsa joalo?

15 Re tlameha ho falimeha e le hore re tle re qobe ho lumella lipakane le litakatso tsa botho ho re thibela ho fana ka se molemohali tšebeletsong ea Jehova. Menyaka, mesebetsi ea ho itlosa bolutu le boikhathollo li tlameha ho behoa sebakeng sa tsona. Hape, re tlameha ho itebela khahlanong le tšekamelo ea ho kopanela mesebetsing ea boipheliso ka tsela e tlōlisang. Ha re ela hloko keletso ea Jesu e ho Mattheu 6:22, 23, ntle ho pelaelo re tla khona ho etsa boiteko bo eketsehileng re hahamalla lithahasello tsa moea ’me re kotule ho latela seo re se entseng.

16 Ha re ntse re tsoela pele re sebetsa ka thata ho apara botho bo bocha, re tla amohela boikarabelo ba rōna ba ho sebelisa keletso le litlhahiso tseo re li amohelang libokeng tsa phutheho, likopanong, likopanong tse khōlō, le ka lingoliloeng. E se eka e mong le e mong oa rōna a ka ithuta ka matla, a kopanele ka mafolo-folo libokeng ka ho fana ka litlhaloso, le ho kopanela mosebetsing ona oa ho etsa barutuoa ho fihlela moo maemo a rōna a tla re lumella teng. Ka ho arabela ka kananelo joalo leratong la Molimo, re ka kholiseha hore re tla kotula meputso e khaphatsehang ea moea hona joale le ho boloka tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Jehova e ntse e tiile.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela