Liboka Tsa Tšebeletso
BEKE E QALANG KA APRIL 1
15 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rona ea ’Muso li fanoe ke molebeli oa tšebeletso. Bolela lintlha tse khōlō tsa Sehopotso, lenane la ba bacha ba leng teng, le se ka etsoang bekeng ena ho khothalletsa batho ho ba teng puong e khethehileng, e reng “Ho ba Teng ha Messia le ho Busa ha Hae,” ka April 7. Hlahloba litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa letsatsi le khethehileng la limakasine ka April 6. Haeba phutheho ea lōna e na le kopano ea potoloho kapa kopano ea letsatsi le khethehileng ka April 6, litokisetso li lokela ho etsoa bakeng sa letsatsi le khethehileng la limakasine ka April 13. Tsebisa phutheho ka lenane la bo-pula-maliboho ba thusang bakeng sa April. Khothalletsa bao e seng bo-pula-maliboho hore ba tšehetse bo-pula-maliboho ba thusang. Ka bokhutšoanyane hlahloba hammoho le phutheho litaelo tsa Tsela ea ho Sebetsa Lipeeletso ka Tšoanelo (S-11).
15 mets: “Ho Phethahatsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ka Phuthehong.” Puo ’me e lateloe ke pontšo e lokiselitsoeng hantle ea mokhanni oa thuto ea buka ea hlalosetsang banyalani ba babeli kamoo Index e ka sebelisoang ka teng ho fumana boitsebiso bo mabapi le hore na ke hobane’ng le hore na ke neng bo-khaitseli ba ka roalang hloohong. Haeba Index e le sieo, bontša lintlha tsena ka ho sebelisa tlhahlamano ea lihlooho litokollong tsa December 15 le 8 tsa Molula-Qhooa le Tsoha!
15 mets: Sehlooho se secha sa Puisano. Buisana ka Sehlooho se secha le bamameli. Hape, hlahloba lintlha tse sa tšoaneng tse thahasellisang tokollong ea morao-rao ea Molula-Qhooa. Ere mohoeletsi ea lokiselitseng hantle a etse nehelano e latelang. “Lumela. Lebitso la ka ke ______. Ke u etetse hakhutšoanyane hobane ke batla ho u botsa potso. Na u nahana hore khotso e sa feleng e tla tla nakong ea bophelo ba rōna? [Emela karabo.] Haeba re ka hakanya lintho ka se etsahetseng nakong e fetileng, ha ho na motheo o moholo oa tšepo. Empa hlokomela se ileng sa profetoa bakeng sa nako ea rōna ho Luka 21. [Bala litemana 10, 11, 26.] Maemo ana a ’nile a e-ba teng ho tloha ka Ntoa ea I ea Lefatše. Leha ho le joalo, ha rea siuoa re se na tšepo. ’Ona maemo ana a tšoenyang batho hakana a fana ka bopaki ba hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla hloekisa lefatše ’me o tlise khotso e sa feleng. Sena ke seo Jesu a tsoelang pele ho se bua litemaneng 28 le 31. [Bala litemana tsena.] Kahoo ha e le hantle maemo ana a tšosang le a nyahamisang ke bopaki ba hore haufinyane ho tla ba le phetoho e tsotehang. Na tseo hase litaba tse ntle? [Emela karabo.] Sehlooho sena se ho Molula-Qhooa [khetha serapa kapa setšoantšo se loketseng] se bontša liphetoho tse ling tse tla ba teng haufinyane le kamoo uena le lelapa la hao le ka phelang hore le li thabele.” Nehelana ka peeletso ka monehelo oa R16,00. Ha motho eo a hana ho amohela peeletso, nehelana ka limakasine tse peli ka monehelo oa R1,40. Hape, mohoeletsi a ka bolela lenane la lipuo le limakasine tse hatisoang le ho pharalla ha mosebetsi oa rōna lefatšeng ka bophara. Phetha karolo ena ka ho khothalletsa bohle ho sebelisa Sehlooho se secha sa Puisano.
Pina 60 le thapelo e koalang.
BEKE E QALANG KA APRIL 8
5 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litaba tsa Puso ea Molimo.
15 mets: “Ho Nehelana ka Taba tse Molemo—Ka Katleho e Khōloanyane ka ho Mamela.” Boitsebiso bo buisanoe ka lipotso le likarabo. Ha le buisana ka serapa 4, etsa pontšo ea kamoo mohoeletsi a fetoang ke monyetla o motle oa ho ba le puisano e ntle le mong’a ntlo ka ho se ele hloko litlhaloso tsa hae litabeng tsa botho. Botsa bamameli hore na ke eng se ka beng se entsoe. Ka mor’a moo, ere mohoeletsi eena eo a phete pontšo, empa lekhetlong lena a bontše kamoo e lokelang ho etsoa ka teng ka nepo ka ho hlaolela puisano e ntle le mong’a ntlo.
25 mets: “Ho Kotula se Lekanang le Boiteko ba Rōna ka Bomong.” Puo le puisano e theiloeng sehloohong sa kenyelletso. E fanoe ke moholo. Etsa hore boitsebiso bo tšoanele phutheho ea lōna. Ha nako e lumela lirapa le mangolo a bontšitsoeng li ka baloa.
Pina 128 le thapelo e koalang.
BEKE E QALANG KA APRIL 15
10 mets: Litsebiso tsa phutheho le tlaleho ea lichelete. Akarelletsa le tlhaloso ea Mokhatlo ea kananelo bakeng sa tšehetso ea lichelete ea mosebetsi oa lefatše ka bophara. Babatsa baena ka ho tšehetsa litlhoko tsa phutheho ea lōna ka seatla se bulehileng. Khothalletsa bohle ho kopanela ka botlalo mesebetsing e khethehileng ka April. Sepheo sa rōna ke ho feta pakane ea bahoeletsi ba 50-000.
15 mets: “Khothalletsa ba Bang ho Bala Molula-Qhooa.” Puo e bontšang cheseho ’me e lateloe ke litlhaloso tse peli kapa tse tharo tse khutšoanyane tse lokiselitsoeng hantle tse tsoang ho bamameli tse bontšang hore na ke hobane’ng ha ba ananela Molula-Qhooa le kamoo ba ruileng molemo ka teng ka ho o bala ka mehla.
20 mets: “Qalisang le ho Phetha Liboka ka Nako.” Puisano ka lipotso le likarabo. Bala lirapa tsohle.
Pina 8 le thapelo e koalang.
BEKE E QALANG KA APRIL 22
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba litokisetso tsa ho hloekisa Holo ea ’Muso. Thusa baena ho utloisisa tlhokahalo ea ho sebelisana ’moho ho bolokeng sebaka sa Jehova sa borapeli se hloekile.—Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng bona sehlooho se reng “Na U Hlompha Holo ea ’Muso ea Lōna?” leqepheng 7 ho Tšebeletso ea Rona ea ’Muso ea August 1989.
15 mets: “Sebelisa Likhatiso tsa Rōna Hamolemo.” Se akaretsoe ka lipotso le likarabo. Etsa pontšo e le ’ngoe kapa tse peli tse bontšang kamoo mohoeletsi a ka hlokomelang tlhoko ea mong’a ntlo pele a nehelana ka lingoliloeng tse loketseng.
10 mets: Mosebetsi oa Bahlokomeli. Buisana le moena eo bahlokomeli ba ikarabellang ho eena. Buisanang ka mesebetsi ea bona le kamoo phutheho e ka sebelisanang ’moho le bahlokomeli. (Bona Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna, maqephe 63-4, le Tšebeletso ea Rona ea ’Muso, December 1989, leqephe 3.) Bolela hore ka linako tse ling bahlokomeli ba ka ’na ba hlokomelisa batsoali hore ho hlokahala bana ba bona ba khaotse ho baka pherekano. Hape bahlokomeli ba kholiseha hore ho ba le boiketlo le taolo libokeng tsa rōna, ba bala lenane la batho ba leng teng, ba thusa ba hōlileng le ba holofetseng hore ba lule litulong, joalo-joalo.
10 mets: Ho Sebelisa Lipampitšana Tšebeletsong. Bontša baena lipampitšana tse fapaneng tse teng, ’me u bue ka litsela tse fapaneng tseo li ka sebelisoang ka tsona. Ere bamameli ba hlalose kamoo ba sebelisang lipampitšana ka teng ’me mohlomong ba phete liphihlelo tse itseng tseo ba bileng le tsona. Ka January re buile kamoo lipampitšana li ka sebelisoang ka teng ho qalisa lithuto. Ere ho phetoe liphihlelo tse mabapi le liphello tse tlisoang ke katamelo ena. Hape sheba sehlooho sa Index se reng “Tracts” bakeng sa ho fumana liphihlelo tse ling tsa ho li sebelisa.
Pina 181 le thapelo e koalang.
BEKE E QALANG KA APRIL 29
5 mets: Litsebiso tsa phutheho. Khothalletsa bohle hore ba fane ka litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo le tsa lithuto tsa Bibele ka nako.
15 mets: Ho Sebelisa Nako ea Boikhathollo ka ho Leka-lekaneng. Buisana le bacha ba ’maloa ka nako ea boikhathollo. Sebelisa boitsebiso bo tsoang bukeng ea Bacha Baa Botsa, likhaolo 35 ho ea ho 37. Moena ea okametseng puisano ena a ka botsa: Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore le hloae seo le se balang? Ke joang le ka khethang boitsebiso bo loketseng bo baloang? Liphello tse ling tse ka ’nang tsa ntša kotsi tsa ho shebella TV ke life, hona li ka laoloa joang? Ke hobane’ng ha le sa fetoe ke letho ha le sa etsise bacha ba lefatše? Ke hobane’ng ha ho ba etsisa ho ka ba kotsi? Ke litsela life tse ling tseo le li fumaneng tsa ho thabela boikhathollo bo hahang? Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re bontše ho leka-lekana tabeng ee?
15 mets: Bolela ka Ntlo le Ntlo. Puo e bontšang cheseho le e khothatsang e theiloeng ho Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna, maqephe 84-7. Etsa hore boitsebiso bo tšoanele phutheho ea lōna, u lebise tlhokomelo litokisetsong tseo phutheho e li entseng bakeng sa ho paka ka ntlo le ntlo e le sehlopha. Bontša bohlokoa ba ho koetlisa bahoeletsi ba bacha hore ba atlehe tšebeletsong ea ntlo le ntlo.
10 mets: Litlhoko tsa phutheho kapa puo e theiloeng tlas’a sehlooho se reng “’Muso o Phethahetseng Qetellong!” ho Tsoha! ea January 8, 1991, maqephe 25-9.
Pina 12 le thapelo e koalang.