Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/00 maq. 3-4
  • Na U Rua Molemo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Rua Molemo?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liboka Tse re ‘Susumelletsang Leratong le Mesebetsing e Metle’
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Ho Bokana Hammoho Bakeng sa Borapeli
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Liboka li Ruisa Bacha Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Rua Molemo ka Botlalo Libokeng Tsa Tšebeletso ea Tšimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 8/00 maq. 3-4

Na U Rua Molemo?

1 Batho ba limilione kajeno ba batla ho tseba hore na ba ka hlōla mathata le ho phela bophelo bo thabileng joang. Ba thabela ho bala libuka tse hlahang batho leseling kapa ba talima lihlopheng le mekhatlong e itseng bakeng sa keletso mabapi le hore na ba ka ntlafatsa bophelo ba bona joang. Mohlomong ba bang ba ka supa melemong e itseng e fokolang eo ba e fumaneng. Empa, ha ho shejoa boleng ba bophelo kajeno, na batho ka kakaretso ba ithutile ho thabela bophelo bo nang le khotso le bo hlileng bo khotsofatsang ka mananeo a thuto a batho? Ho hang ha ho joalo!—1 Bakor. 3:18-20.

2 Ka lehlakoreng le leng, ’Mōpi oa rōna o fana ka taeo e molemo ka ho fetisisa ntle ho tefo ho bohle ba mo mamelang. Jehova o batla hore e mong le e mong a rue molemo thutong ea hae. Ka seatla se bulehileng o fane ka Lentsoe la hae le bululetsoeng ho tataisa moloko oa batho ka ho loka, ’me o entse hore litaba tse molemo tsa ’Muso oa hae li boleloe lefatšeng lohle. (Pes. 19:7, 8; Mat. 24:14; 2 Tim. 3:16) Bophelo bo thabisang e le kannete bo amana ka ho toba le ho ela hloko litaelo tsa Jehova.—Esa. 48:17, 18.

3 Tataiso ea Jehova e phahametse hōle tataiso leha e le efe e fanoang ke libuka kapa mekhoa ea ho intlafatsa e fanoang ke lefatše. Re ka fumana thuso ea ’nete le melemo e sa feleng haeba re sebelisa litokisetso tsa Jehova ka botlalo joalokaha li thathamisitsoe Lentsoeng la hae li bile li rutoa ke mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng.—1 Pet. 3:10-12.

4 Rua Molemo Libokeng Tsa Phutheho: Kajeno, Jehova o bontša ho re thahasella e le kannete ka ho re ruta litsela tsa hae, ’me re rua molemo ka ho ela hloko taeo ea hae. Liboka tsa rōna tse hlano tsa beke le beke li fana ka bopaki ba kameho e lerato ea Jehova. Ha re e-ba teng libokeng tsa phutheho, tsebo ea rōna ka Molimo ea eketseha. Re ithuta mokhoa oa ho itšireletsa ho se sebe ka ho atamela ho Jehova. Ka tsela ena moea oa rōna oa hlasimoloha.

5 Ho na le ho eketsehileng. Libokeng tsa phutheho re khona ‘ho atoloha.’ (2 Bakor. 6:13) Sena se akarelletsa ho tseba ba bang ka phuthehong. Re rua molemo ka ho khothatsana, joalokaha moapostola Pauluse a ile a ngola lengolong la hae le eang ho Baroma. (Baroma 1:11, 12) Ha a ne a ngolla Baheberu, ka matla o ile a eletsa bao e ka ’nang eaba ba ne ba e-ba le tloaelo ea ho tlohela botsoalle ba Bokreste.—Baheb. 10:24, 25.

6 Ho thabela khotsofalo bophelong ho amana ka ho toba le ho thahasella boiketlo ba ba bang. Re khothalletsoa ho batla litsela tsa ho tlatsetsa thabong ea ba bang. Ka hona, liboka tsa rōna tsa Bokreste, li hlile li molemong oa rōna le oa bao re hlaolelang botsoalle bo hahang le bona. Se hlokoang ho rōna ke hore re kopanele ho tsona ka pelo eohle.

7 Moapostola Pauluse o ile a hlahisa ntlha e tšoanang ha a eletsa Timothea ha a ne a ngola: ‘U ikoetlise boinehelo ba bomolimo e le sepheo sa hao.’ (1 Tim. 4:7) Re ka ipotsa: ‘Na kea ikoetlisa? Na ke ithutela ho rua molemo ho seo ke se utloang libokeng tsa phutheho?’ Likarabo tsa rōna e tla ba e, haeba re ela hloko seo re se utloang libokeng ’me re ikemisetsa ho sebelisa seo re ithutang sona. Ka mahlo a tumelo, re tlameha ho bona ka nģ’ane ho barab’abo rōna ba rutang, ’me re bone Jehova e le eena Morupeli e Moholo oa batho ba hae.—Esa. 30:20.

8 Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Seboka sa Tšebeletso: Liboka tsena tse peli li reretsoe ho re thusa hore re atlehe tšebeletsong ea Bokreste. Morero oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ke oona oo—sekolo se nang le liithuti tse amohelang taeo le keletso kamehla. U na le monyetla oa ho bonahatsa tsoelo-pele ea hao u le sebui sa phatlalatsa hape u le tichere ea Lentsoe la Molimo. Empa e le hore u tle u rue se molemohali sekolong, u tlameha ho ngolisa, ho ba teng, ho kopanela kamehla le ho beha pelo ea hao likabelong tsa hao. Ho amohela le ho sebelisa keletso eo u e fuoang ho tla u thusa hore u tsoele pele.

9 Seboka sa Tšebeletso se re ruta bohlokoa ba tšebeletso ea Bokreste ’me se re bontša kamoo re ka kopanelang mosebetsing oa ho etsa barutuoa kateng. Na uena le lelapa la hao le rua molemo ka botlalo ho se fanoang libokeng tsee tse peli? Banyalani ba bang ba Bakreste baa hlokomela: “Sebokeng se seng sa Tšebeletso, re ile ra utloa hore re lokela ho hlahloba temana ea letsatsi re le lelapa. Re ne re sa se etse seo, empa hona joale rea se etsa.” Ba ithuetse molemo joang? Baa lumela: “Re fumana hore moqoqo oa rōna nakong ea lijo o batla o thabisa haholoanyane. Ha re sa ngangisana nakong ea lijo tsa tinare.” Na le bana ba banyenyane ba rua molemo libokeng? E. ’Mè o re: “Ho hlakile hore bana ba rōna ba angoa ka ho teba ke liboka. Ka beke e ’ngoe re kile ra khaoletsa mor’a rōna ea lilemo li tšeletseng a bua leshano. Empa hona bekeng eo sebokeng, puo ea taeo e ne e bua ka ho bua leshano. Ka ponahalo ea boikutlo bo molato ka ho fetisisa sefahlehong, mor’a rōna o ile a sheba ntat’ae ’me a inamela fatše setulong sa hae. O ne a ithutile ho hong, ’me ha rea ka ra ba le bothata ka mor’a moo.”

10 Morali’abo rōna oa pula-maliboho o re o thabile hore ebe litlhahiso tsa ho ntlafatsa tšebeletsong ea rōna li fanoa Sebokeng sa Tšebeletso. Hobane’ng? Oa hlalosa: “Ke ba le tloaelo e itseng. Ka linako tse ling ke nahana hore se hlahisitsoeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso se ke ke sa sebetsa. Empa Sebokeng sa Tšebeletso, ha ke utloa hore re lokela ho se leka, ke ile ka chesehela ho sebelisa litlhahiso tseo. E etsa hore tšebeletso e be e thabisang!” Ka mor’a libeke tse ’maloa a sebelisa tlhahiso ea ho leka ho qala thuto ea Bibele leetong la pele, o ile a qala thuto leetong la pele le ngoanana e mong ea neng a ntse a rapella thuso.

11 Ha u utloa puo e fanang ka keletso ea Bibele mabapi le khetho eo u e etsang, na u utloa hore ke Jehova ea buang le uena ka ho toba? Mora e mong oabo rōna o ile a ikutloa ka tsela eo. O ile a re: “Haufinyane sebokeng se seng, ho ne ho e-na le puo eo ho eona mor’abo rōna a neng a bua ka mefuta ea boithabiso e loketseng le e sa lokelang Bakreste. Ke ne ke rata ho shebella litebele thelevisheneng. Empa ka mor’a seboka seo, ke ile ka etsa qeto ea hore papali ena e oela har’a boithabiso bo sa lokelang Bakreste. Kahoo ha ke sa li shebella.” E, le hoja mora enoa oabo rōna a ne a hlaoletse ho rata ntho e nang le pefo, ka boikokobetso o ile a arabela tataisong ea Jehova.—Pes. 11:5.

12 Seboka sa Phatlalatsa, Thuto ea Molula-Qhooa le Thuto ea Buka ea Phutheho: Lipuo tsa phatlalatsa tseo re li utloang beke le beke li akaretsa lihlooho tse sa tšoaneng tsa Bibele. U fumana’ng lipuong tsee? Monna e mong oa Mokreste o ile a hlalosa melemo eo a e fumaneng: “Puo e ’ngoe ea phatlalatsa e ile ea totobatsa litholoana tsohle tsa moea. Sebui, ha se bua ka sona, se ile sa bolela hore e le hore motho a ka sebeletsa ho hlaolela litholoana tsena, sona se ne se sheba tšobotsi e le ’ngoe e ikhethang ’me se sebeletse ho eona beke. Qetellong ea beke, se ile sa hlahloba hore na se sebelitse joang ho bonahatseng tholoana eo mesebetsing ea hae ea letsatsi le letsatsi. Eaba se sebeletsa tšobotsing e ’ngoe bekeng e latelang. Ke ile ka rata khopolo eo ’me ka qala ho etsa seo ka bonna.” E bile ho sebelisa seo motho a ithutileng sona hamolemo hakaakang!

13 Thuto ea Molula-Qhooa e re ruta ho sebelisa melao-motheo ea Bibele maemong a sa tšoaneng a bophelo. Sena se re thusa ho boloka likelello tse pholileng ho sa tsotellehe matšoenyeho a bophelo. Thuto ea Molula-Qhooa le eona e re boloka re le nakong le ’nete e tsoelang pele. Ka mohlala, na ha rea ka ra rua molemo thutong ea May 1, 1999, lihloohong tsa Molula-Qhooa tse reng: “Lintho Tsena li Lokela ho Etsahala,” “’Mali a Sebelise Temoho” le “Falimehang ’me le Khothale!” Thuto ee e ile ea u ama joang ka bouena? Na u bontša ka liketso hore u nka temoso ea Jesu ka bokamoso ka ho teba? Na u itokisetsa liteko tse larileng ka pele ha re bona “ntho e nyonyehang e bakang lesupi, . . . e eme sebakeng se halalelang”? (Mat. 24:15-22) Na lipakane tsa hao le tsela ea hao ea bophelo li bonahatsa hore ntho ea bohlokoahali ho uena ha se ho ipokellela lintho tse bonahalang, empa ke ho halaletsa lebitso la Jehova? Thutong ea Molula-Qhooa, na ha re ithuele molemo hona joale?

14 Nahana hore na re ithuta ho hongata hakae Thutong ea Buka ea Phutheho ea beke le beke. Hona joale re ithuta buka ea Bibele ea Daniele. Likhoeling tse ’nè tseo re neng re ntse re ithuta buka eo ea Bibele, na ha rea bona tumelo ea rōna e hōla beke le beke? Joaloka moprofeta ea ratoang oa Jehova, Daniele, re matlafatsa tumelo ea rōna e le hore re tle re mamelle.

15 Jehova o re Ruta Hore re Phele re Thabile: Re qoba ho opisoa hlooho ke lintho tse ngata ha re ela hloko litaelo tsa Molimo. Ho feta moo, re latsoa seo ho phela ka thabo ho leng sona. Ka ho latela tataiso ea Jehova, re kopanela mosebetsing oa hae, ha re be bashebelli feela. ’Me ba etsang mosebetsi oa Molimo ke bona batho ba thabileng.—1 Bakor. 3:9; Jak. 1:25.

16 Nahana ka tsela e sebetsang hore na u tla sebelisa lintho tseo u li utloang joang libokeng tsa phutheho. (Joh. 13:17) Sebeletsa Molimo ka cheseho, ka pelo eohle ea hao. Thabo ea hao e tla khaphatseha. Bophelo ba hao e tla ba bo enneng le bo nang le morero haholoanyane. E, u tla be u ithuela molemo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela