Rua Molemo ka Botlalo Libokeng Tsa Tšebeletso ea Tšimo
1. Liboka tsa tšebeletso ea tšimo li ka re thusa joang?
1 Liboka tsa tšebeletso ea tšimo tse atlehang li re khothatsa e le kannete ’me li re rupela ka tsela e re tsoelang molemo pele re ea tšebeletsong. Li re thusa ho sebetsa le bahoeletsi ba bang tšebeletsong ea phatlalatsa e le hore ha re sebetsa hammoho re tšehetsane re be re koetlisane. (Liprov. 27:17; Moek. 4:9, 10) Re ka etsa’ng e le hore re rue molemo ka botlalo libokeng tsee?
2. Mokhanni a ka ’na a hlahloba lintlha life?
2 Mokhanni: Hangata ha ho na boitsebiso bo itseng ka ho toba bo hlophisitsoeng esale pele bo tla tšohloa libokeng tsena. Kahoo, haeba u tla be u khanna seboka sena, ho hlokahala hore u lokisetse hantle. Le hoja u ka ’na ua khetha ho kenyelletsa temana ea letsatsi haeba e amana le tšebeletso ea rōna ka ho toba, u se ke ua lokisetsa hore e be sa le ho tšohloa eona. Etsa hore seboka sena e be se rutang, empa se tobe taba. Ha ho hlokahale hore u tšohle linehelano tse ngata tse tsoang ka har’a lingoliloeng tse sa tšoaneng. Ba khothalletse ho sebelisa Bibele. Nahana ka ntho e molemo e tlang ho thusa batho ba il’o paka letsatsing leo. Ka mohlala, u ka bua ka nehelano e itseng kapa ua lokisetsa hore ho be le pontšo. U ka ’na ua khetha ho hlahloba ntlha e ’ngoe ea buka ea Ho Bea Mabaka, ea buka ea Sekolo sa Tšebeletso kapa ntlha e hlahileng puong ea Seboka sa Tšebeletso sa morao-rao. Ka linako tse ling, u ka ’na ua nahana ka tsela ea ho sebetsana le bothata bo itseng bo ka ’nang ba hlaha tšimong ea lōna, kapa haeba ka ho khetheha bahoeletsi ba bangata ba tla be ba ea maetong a ho boela, u ka ’na ua bua ka tsela ea ho thusa batho hore ba be le thahasello le ho qalisa lithuto tsa Bibele. Ho sa tsotellehe hore na u tla be u tšohla boitsebiso bofe, cheseha ’me u khothatse.
3. Seboka se lokela ho nka nako e kae, hona ho lokela ho finyelloe eng nakong eo?
3 Qala seboka ka nako, esita le haeba u tseba hore ba bang ba tla fihla ka mor’a nako. E-ba le temoho ha u pana ba eang tšimong, ’me ba hlokang tšimo u ba fe eona. Seboka sena ha sea lokela ho feta metsotso e 10 ho ea ho e 15 ’me se ka ba sa nka nako e ka tlaase ho eo haeba se tšoaroa ka mor’a seboka sa phutheho. Pele u phetha seboka, bohle ba lokela ho tseba hore na ba sebetsa le bo-mang tšimong le hore na ba il’o e sebetsa hokae. Seboka sena se lokela ho koaloa ka thapelo.
4. Ke eng e tla re thusa hore kaofela re rue molemo ka botlalo libokeng tsa tšebeletso ea tšimo?
4 Le ka Thusa: Joaloka libokeng tsa phutheho, re bontša hore re hlompha Jehova ebile re nahanela batho ba bang ka ho fihla ka nako. Kopanelang puisanong. Le ka ’na la lumella mokhanni ho le aba le batho ba bang kapa la khetha ho iketsetsa litokisetso pele ho seboka. Haeba le khetha ho iketsetsa litokisetso, loanelang hore “le atolohe” ka ho sebetsa le bahoeletsi ba fapa-fapaneng, ho e-na le hore nako le nako le sebetse le metsoalle ea lōna e haufi. (2 Bakor. 6:11-13) Hang ha seboka seo se felile, qobang ho fetola litokisetso ’me le ee tšimong hang-hang.
5. Morero oa liboka tsa tšebeletso ea tšimo ke ofe?
5 Morero oa liboka tsa tšebeletso ea tšimo o tšoana le oa liboka tse ling tsa phutheho. Li reretsoe ho re thusa hore ‘re nahanelane hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle.’ (Baheb. 10:24, 25) Haeba re ikitlaelletsa ho rua molemo libokeng tsena, re tla thusoa ho phetha tšebeletso ea rōna—e leng ‘mosebetsi o motle’ e le kannete!