Liboka Tsa Tšebeletso ea Tšimo Tse re Tsoelang Molemo
1. Liboka tsa tšebeletso ea tšimo li phetha morero ofe?
1 Ka lekhetlo le leng Jesu o ile a kopana le barutuoa ba hae ba 70 pele ba e-ea boboleling. (Luka 10:1-11) O ile a ba khothatsa ka ho ba hopotsa hore ba ke ke ba sebetsa ba le bang le hore ba tataisoa ke Jehova, “Mong’a kotulo.” Ho feta moo, o ile a ba fa litaelo tse ileng tsa ba thusa hore ba etse mosebetsi eaba o ba hlophisa hore ba tsamaee “ka bobeli.” Ka ho tšoanang le kajeno liboka tsa tšebeletso ea tšimo lia re khothatsa, li re thusa hore re itokisetse tšebeletso ea tšimo le hore re hlophisoe hantle.
2. Seboka sa tšebeletso ea tšimo se lokela ho nka nako e kae?
2 Ka tloaelo seboka sa tšebeletso ea tšimo se nka metsotso e 10 ho isa ho e 15, e akarelletsang ho abela lihlopha tšimo le ho rapela. Hona joale re fetola maoa. Ho tloha ka April, seboka sa tšebeletso ea tšimo se lokela ho nka feela metsotso e mehlano ho isa ho e supileng. Leha ho le joalo, haeba seboka tsa tšebeletso ea tšimo se tšoaroa ka mor’a liboka tsa phutheho, se lokela ho khutsufatsoa le ho feta hobane bahoeletsi ba sa tsoa fumana thupelo e molemo ea Mangolo. Haeba liboka tsa tšebeletso ea tšimo li le khutšoanyane, bohle ba tla ba le nako e ngata ea ho sebetsa tšimo. Ho ekelletsa moo, haeba bo-pula-maliboho kapa bahoeletsi ba se ba qalile ka mosebetsi oa boboleli pele ho seboka sa tšebeletso ea tšimo, ba tla emisa hakhutšoanyane feela.
3. Liboka tsa tšebeletso ea tšimo li lokela ho hlophisoa joang e le hore li tle li tsoele bahoeletsi molemo?
3 Liboka tsa tšebeletso ea tšimo li lokela ho hlophisoa hantle e le hore li tle li tsoele bahoeletsi molemo. Liphuthehong tse ngata ho molemo hore lihlopha tsa tšebeletso ea tšimo li arohane ho e-na le ho bokana sebakeng se le seng. Sena se ka etsa hore bahoeletsi ba fihle kapele sebokeng sa tšebeletso le tšimong. Bahoeletsi ba ka hlophisoa kapele ’me ho ka ba bonolo hore balebeli ba lihlopha ba hlokomele ba lihlopheng tsa bona. Sehlopha sa baholo se ka hlahloba maemo a tšimo ea bona ’me sa hakanya hore na ke eng e molemohali. Pele seboka se koaloa ka thapelo e khutšoanyane, bohle ba lokela ho tseba hore na tšimo e hokae le hore na ba il’o sebetsa le bo-mang.
4. Ke hobane’ng ha liboka tsa tšebeletso ea tšimo li lokela ho nkoa e le tsa bohlokoa joaloka liboka tse ling?
4 Ke Tsa Bohlokoa Joaloka Liboka Tse Ling Tsa Phutheho: Kaha liboka tsa tšebeletso ea tšimo li tšoaroa molemong oa ba eang tšebeletsong, hase phutheho eohle e bang teng ho tsona. Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore li lokela ho khelloa fatše empa li lokela ho nkoa e le tsa bohlokoa joaloka liboka tse ling tsa phutheho. Joaloka liboka tse ling tsa rōna, liboka tsa tšebeletso ea tšimo ke tokisetso ea Jehova e re thusang ho susumeletsana leratong le mesebetsing e metle. (Baheb. 10:24, 25) Kahoo, mokhanni oa seboka sena o lokela ho lokisetsa hantle e le hore puisano e tlotlise Jehova ’me e ruise ba tlileng sebokeng seo molemo. Bahoeletsi ba eang tšimong ba lokela ho ba teng sebokeng sa tšimo haeba maemo a bona a ba lumella.
Liboka tsa tšebeletso ea tšimo ha lia lokela ho khelloa fatše empa li lokela ho nkoa e le tsa bohlokoa joaloka liboka tse ling tsa phutheho
5. (a) Molebeli oa tšimo o lokela ho etsa’ng e le hore a lokisetse liboka tsa tšebeletso ea tšimo? (b) Morali’abo rōna o lokela ho tšoara seboka sa tšebeletso ea tšimo joang?
5 Lokisetsa Seboka sa Tšimo Hantle: E le hore motho a lokisetse puo eo a tla fana ka eona sebokeng, o lokela ho fumana kabelo pele ho nako. Hoa tšoana le ka liboka tsa tšebeletso ea tšimo. Ka tloaelo, ha lihlopha tsa tšimo li sa kopane hammoho, balebeli ba lihlopha kapa bathusi ba bona ba tšoara liboka tsa lihlopha tsa bona. Leha ho le joalo, haeba lihlopha tsa tšimo li kopana hammoho, molebeli oa tšebeletso o tla abela mor’abo rōna e mong hore a tšoare seboka. Balebeli ba bang ba tšebeletso ba fa bakhanni bohle ba liboka tsa tšebeletso ea tšimo kemiso ebe ba beha e ’ngoe lematjaneng la litsebiso. Molebeli oa tšebeletso o lokela ho khetha batho ba tla khanna seboka ka bohlale, a hopola hore liboka tsena li tla ruisa bahoeletsi molemo haeba batho ba li khannang ba na le bokhoni ba ho ruta le ba ho aba bahoeletsi. Haeba ka matsatsi a mang ho se na moholo, mohlanka ea sebeletsang kapa mor’abo rōna ea kolobelitsoeng ea tšoanelehang ea ka tšoarang seboka sena, molebeli oa tšimo o lokela ho abela morali’abo rōna ea tšoanelehang hore a se tšoare.—Sheba sehlooho se reng, “Ha Morali’abo Rōna a Lokela ho se Tšoara.”
6. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore motho ea abetsoeng ho tšoara seboka a lokisetse hantle?
6 Ha re fuoa puo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo kapa Sebokeng sa Tšebeletso, re e nka ka botebo ebile re e lokisetsa hantle. Ke bahoeletsi ba ’maloa ba nang le tloaelo ea ho lokisetsa lipuo tsa bona ha ba le tseleng e eang libokeng. Re lokela ho ba le maikutlo a tšoanang ka kabelo ea ho tšoara seboka sa tšebeletso ea tšimo. Kaha nako ea seboka sa tšebeletso ea tšimo e tla fokotsoa, ke habohlokoa hore se lokisetsoe hantle e le hore e be se rutang ’me se fele ka nako. Ho lokisetsa hantle ho akarelletsa ho tseba esale pele hore na ho il’o sebetsoa tšimo efe.
7. Tse ling tsa lintho tseo mokhanni oa seboka sa tšimo a ka buang ka tsona ke life?
7 Seo ho Tla Buuoa ka Sona: Kaha maemo a tšimo ha a tšoane, lekhoba le tšepahalang ha lea etsa kemiso ea seboka se seng le se seng sa tšebeletso ea tšimo. Lebokose le nang le sehlooho se reng, “Se ka Tšohloang Sebokeng sa Tšebeletso ea Tšimo” le bolela tse ling tsa lintho tse ka tšohloang sebokeng sena. Hangata sebui se tla buisana le bamameli sebokeng sena. Ka linako tse ling ho ka etsoa pontšo e lokiselitsoeng hantle kapa ha bapaloa video e hlahang ho jw.org e tla re tsoela molemo tšimong. Ha mokhanni oa seboka sa tšimo a lokisetsa seo a tla bua ka sona sebokeng sena, o lokela ho nahana ka lintho tse tla khothatsa batho ba eang tšimong letsatsing leo ’me a ba fe malebela.
Ha mokhanni oa seboka sa tšimo a lokisetsa seo a tla bua ka sona sebokeng sena, o lokela ho nahana ka lintho tse tla khothatsa batho ba eang tšimong letsatsing leo ’me a ba fe malebela
8. Ke lintlha life tse molemo ka ho fetisisa tse ka tšohloang libokeng tsa tšebeletso ea tšimo ka Sontaha le ka Moqebelo?
8 Ka mohlala, ka Moqebelo bahoeletsi ba bangata ba tsamaisa Molula-Qhooa le Tsoha! Bahoeletsi ba bangata ba sa eeng tšimong har’a beke ba ea ka Moqebelo ’me ho ka etsahala hore ba lebale seo ba neng ba se lokiselitse mantsiboeeng a Borapeli ba Lelapa. Kahoo, ho ka ba molemo hore mokhanni oa seboka a tšohle mohlala o mong o hlahang sehloohong se reng “Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho” se hlahang leqepheng le ka morao la Tšebeletso ea ’Muso. Ntho e ’ngoe eo a ka e etsang ke ho amahanya makasine le letsatsi la phomolo, litaba le liketsahalo tsa sebakeng seo kapa a tšohle mokhoa oa ho buella leeto la ho boela haeba mong’a ntlo a amohetse limakasine. Haeba ba bang sebokeng sa tšebeletso ea tšimo ba se ba qalile ho buella limakasine tse tsamaisoang, mokhanni oa seboka a ka ba kōpa hore ba etse litlhahiso tse khutšoanyane kapa ba phete liphihlelo tse khothatsang. Ka Sontaha, mokhanni oa seboka a ka ’na a etsa se tšoanang ka sengoliloeng se tsamaisoang khoeling eo. Lingoliloeng tse ithutoang tse kang bukana ea Litaba Tse Molemo le buka ea Seo Bibele e se Rutang, li ka tsamaisoa leha e le neng feela. Kahoo, motho ea khannang seboka a ka tšohla hakhutšoanyane hore na lingoliloeng tsena li ka tsamaisoa joang.
9. Ho ka tšohloa eng mafelo-bekeng a phutuho e khethehileng?
9 Haeba phutheho e e-na le phutuho e khethehileng mafelong a beke, mokhanni oa seboka a ka hlalosa kamoo limakasine tse ncha li ka fanoang le memo kapa pampitšana, kapa hore na bahoeletsi ba etse joang haeba mong’a ntlo a thahasella. Ntle ho moo, a ka pheta liphihlelo tse totobatsang molemo oa phutuho.
10, 11. Ke hobane’ng ha tokisetso e etsoang ke bahoeletsi e le ea bohlokoa hore seboka sa tšebeletso ea tšimo se atlehe?
10 Bahoeletsi ba Lokela ho Lokisetsa: Bahoeletsi ba bang teng sebokeng sa tšebeletso ea tšimo le bona ho na le seo ba ka se etsang hore se atlehe. Haeba ba lokisetsa tšebeletso ea tšimo esale pele, mohlomong nakong ea borapeli ba lelapa, ba tla ba le lintlha tseo ba tla li arolelana le bahoeletsi ba bang. Ho lokisetsa hantle ho boetse ho akarelletsa ho fumana limakasine le lingoliloeng tse ling pele re fihla sebokeng sa tšebeletso ea tšimo e le hore bohle ba ka ea tšimong ntle ho tieho ea letho.
11 Hape, ke habohlokoa ho fihla sebokeng sa tšebeletso ea tšimo metsotsoana pele se qala. Ha e le hantle, re lokela ho fihla pele ho nako libokeng tsohle tsa phutheho. Empa haeba re fihla seboka sa tšebeletso ea tšimo se qalile, re ka baka tšitiso. Hobane’ng? Mor’abo rōna ea etellang pele o nahanela lintho tse ngata pele a aba bahoeletsi. Haeba ho e-na le bahoeletsi ba fokolang ka palo, a ka ’na a khetha hore bohle ba ee tšimong e sa kang ea qetoa. Haeba ba bang ba tlile ka maoto sebokeng sa tšebeletso ea tšimo ’me tšimo e le hōle, a ka ’na a ba tsamaisa le ba tlileng ka likoloi. Haeba tšimo e le moo ho atileng tlōlo ea molao, a ka ’na a aba barab’abo rōna hore ba tsamaee le baralib’abo rōna kapa hore ba sebetse haufi le bona. Bahoeletsi ba fokolloang ke bophelo ba ka fuoa tšimo e se nang moepa. Bahoeletsi ba bacha ba ka abeloa ho sebetsa le ba nang le boiphihlelo. Empa ha bahoeletsi ba fihla seboka sa tšimo se felile, hangata litokisetso li tlameha ho fetoloa e le hore ho akarelletsoe ba fihlileng morao. Ho hlakile hore ka linako tse ling re ka ’na ra fihla morao ho nako. Leha ho le joalo, haeba re etsa seo kamehla, re ka ’na ra ipotsa hore na ebe ke hobane re sa ananele liboka tsa tšebeletso ea tšimo kapa ke hobane re hlōloa ho hlophisa lintho esale pele.
12. Haeba u tloaetse ho iketsetsa litokisetso tsa tšimo, u ka ’na ua nahana ka ho etsa joang?
12 Mohoeletsi ea tlileng sebokeng sa tšebeletso ea tšimo a ka ’na a etsa litokisetso pele seboka se qala, ho seng joalo, a ka abeloa motho eo a tla sebetsa le eena. Haeba u tloaetse ho iketsetsa litokisetso, ‘atoloha’ ka hore u sebetse le bahoeletsi ba fapa-fapaneng ho e-na le hore u sebetse le metsoalle ea hao feela. (2 Bakor. 6:11-13) Lokisetsa hore ka linako tse ling u sebetse le mohoeletsi e mocha e le hore u mo thuse hore a ntlafatse bokhoni ba hae ba ho ruta. (1 Bakor. 10:24; 1 Tim. 4:13, 15) Mamela ka hloko litaelo tseo u li fuoang, ho akarelletsa hore na u qale tšimo hokae. Ha seboka se qhalana, qoba ho fetola litokisetso ’me u ee tšimong hang-hang.
13. Haeba bohle ba bang teng ba le hlokolosi ’me ba lokisetsa, liboka tsa tšebeletso ea tšimo li tla re tsoela molemo joang?
13 Barutuoa ba 70 bao Jesu a ileng a ba hlophisa hore ba ee tšebeletsong, ba ile ba “khutla ka thabo” ka mor’a ho bolela litaba tse molemo. (Luka 10:17) Ha ho pelaelo hore ba ile ba atleha ka lebaka la seboka seo Jesu a ileng a se tšoara le bona pele ba qala boboleli. Le kajeno liboka tsa tšebeletso ea tšimo li ka re tsoela molemo. Haeba bohle ba bang teng sebokeng sa tšimo ba lokisetsa hantle, seboka seo se tla re khothatsa, se re matlafatse se be se re thuse hore re hlophisehe e le hore re phethe mosebetsi oo re o filoeng oa ho fana ka “bopaki ho lichaba tsohle.”—Mat. 24:14.
Morali’abo rōna ea khannang seboka sa tšimo o lokela ho roala hloohong ’me a lule fatše. Seo a khethang ho bua ka sona se lokela ho tšoana le seo mor’abo rōna a neng a tla bua ka sona. A ka qalisa puisano ea sehlopha empa a sa fane ka maikutlo a hore o laea ba teng sebokeng. Haeba a kōpa morali e mong oabo rōna ea kolobelitsoeng hore a rapele, morali eo oabo rōna o lokela ho roala hloohong. Haeba mor’abo rōna ea kolobelitsoeng a fihla seboka se se se qalile, morali’abo rōna o tla mo kōpa hore a se qetele. Molebeli oa tšimo o lokela ho nahanela maemo a ka ’nang a hlaha ’me a fane ka litaelo tse loketseng ho fokotsa mathata. Ka mohlala, ha morali’abo rōna a abetsoe ho tšoara seboka sa tšebeletso ea tšimo, ho ka ’na ha e-ba le mor’abo rōna e monyenyane haholo, mohlomong ea ka tlaase ho lilemo tse 13, ea kolobelitsoeng, eo baholo ba nahanang hore ha a e-s’o tšoanelehe hore a tšoare seboka sena. Boemong bona, molebeli oa tšimo a ka tsebisa mora eo oabo rōna le morali’abo rōna ea abetsoeng ho tšoara seboka, empa mora eo oabo rōna a ka rapela haeba baholo ba nahana hore o oa tšoaneleha. Kapa mohlomong ho na le mor’abo rōna ea moholo lilemong eo ka mabaka a tsejoang ke baholo a thibetsoeng ho tšoara seboka kapa ho etsa thapelo phuthehong. Baholo ba ka tsebisa barali’abo rōna ba abetsoeng ho tšoara seboka hore ba lokela ho se tšoara le ho rapela le haeba mora eo oabo rōna a le teng, feela ba ke ke ba bolella baralib’abo rōna lebaka. Hape, baholo ba ka ’na ba tsebisa mor’abo rōna hore na barali babo rōna ba abetsoe ho tšoara liboka tsa tšebeletso ea tšimo ka matsatsi afe.