PHELA JOALOKA MOKRESTE
Re ka Etsa’ng e le Hore Seboka sa Tšimo se re Tsoele Molemo?
Seboka sa tšimo se tšoana le liboka tse ling tsohle tsa phutheho, ke mpho eo Jehova a re fileng eona e le hore re ka susumelletsana leratong le mesebetsing e metle. (Heb 10:24, 25) Seboka sa tšimo se lokela ho nka metsotso e mehlano ho isa ho e supileng. Nako eo e akarelletsa ho aba batho, ho bolela hore na tšimo e tla sebetsoa hokae le thapelo. (Haeba seboka sa tšimo se le ka mor’a liboka tsa phutheho se lokela ho ba sekhutšoane ho feta moo.) Motho ea khannang seboka sa tšimo o lokela ho lokisetsa lintlha tse tla thusa bahoeletsi ba eang tšimong letsatsing leo. Mohlala, ka Moqebelo ho ka etsahala hore boholo ba bahoeletsi ba teng tšimong ha baa ka ba khona ho ba teng tšimong har’a beke. Kahoo, ho ka ba molemo hore motho ea khannang seboka sa tšimo a bue ka lintlha tseo bahoeletsi ba ka li buang le beng ba matlo. U ka bua ka lintlha life tse ling sebokeng sa tšimo?
U ka bua ka mehlala ea seo u ka se buang le batho e hlahang Bukaneng ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso
U ka bontša hore na bahoeletsi ba ka qalisa moqoqo joang ba sebelisa lintho tse sa tsoa etsahala kapa tse hlahileng litabeng
U ka bua ka hore na bahoeletsei ba ka araba joang ha mong’a ntlo a hanyetsa
U ka bua ka hore na bahoeletsi ba ka bua joang le motho ea sa lumeleng ho Molimo, ea lumelang hore lintho li itlhahisitse, ea buang puo e ’ngoe le ea leng bolumeling bo sa tloaelehang sebakeng seo
U ka bua ka hore na ke joang ba ka sebelisang karolo e ’ngoe ea websaete ea jw.org, ea JW Library® kapa ea Bibele
Hore na ba ka sebelisa lingoloa kapa livideo tse hlahang tlas’a Lithulusi Tsa ho Ruta joang
U ka bua ka hore na bahoeletsi ba ka etsa’ng haeba ba kopanela mofuteng o mong oa ho paka o kang ho paka ka fono, ho ngola mangolo, bopaki ba phatlalatsa, maeto a ho boela kapa ho khanna thuto ea Bibele
U ka hopotsa bahoeletsi hore ba lokela ho lula ba sireletsehile, ba tenyetsehe, ba be le mekhoa e metle, maikutlo a nepahetseng le lintho tse ling tse tšoanang le tseo
U ka bua ka sehlooho kapa video e hlahang bukaneng ea Ikitlaelletse ho Bala le ho Ruta
U ka bua ka hore na bahoeletsi ba ka etsa’ng e le hore ba khothatse le ho thusa motho eo ba tsamaeang le eena tšimong
U ka bua ka lengolo le amanang le ho ruta batho Bibele kapa oa pheta pale ea se ileng sa etsahala tšimong