Temana ea Letsatsi ha e sa Tla Tšohloa Libokeng Tsa Tšebeletso ea Tšimo
Nakong e fetileng, ho ne ho ka ’na ha tšohloa temana ea letsatsi ka bokhutšoanyane libokeng tsa tšebeletso ea tšimo haeba e amana le tšebeletso. Empa ha ho sa tla etsoa joalo. Lintlha tse tšohloang libokeng tsa tšebeletso ea tšimo ha li sa tla hlola li nkoa bukaneng ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla. Joaloka pele, bakhanni ba seboka sena ba ka sebelisa Bibele, Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, buka ea Sekolo sa Tšebeletso, buka ea Ho Bea Mabaka esita le boitsebiso bo bong bo amanang le tšebeletso. Ba abetsoeng hore ba khanne seboka sena ba lokela ho lokisetsa lintlha tse tla tsoela batho ba eang tšebeletsong molemo letsatsing leo. Joaloka nakong e fetileng, seboka sena ha sea lokela ho nka nako e fetang metsotso e 10 ho ea ho e 15 ’me se lokela ho khutsufatsoa le ho feta haeba se latela seboka sa phutheho.