Kemiso ea Thuto ea Beke ea la 28 February
BEKE E QALANG KA LA 28 FEBRUARY
Pina ea 5 le Thapelo
□ Thuto ea Bibele ea Phutheho:
cf khao. 18 ¶10-18 (25 mets.)
□ Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo:
’Malo oa Bibele: Esthere 1-5 (10 mets.)
Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo (20 mets.)
□ Seboka sa Tšebeletso:
5 mets: Litsebiso.
10 mets: Kamehla Fana ka Molaetsa o Khothatsang. Puisano e thehiloeng bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso leqepheng la 202. U sebelisa khatiso e tsamaisoang khoeling e tlang, suthela pontšo ea kamoo motho a ka sebelisang litlhahiso tse serapeng sa ho qetela kateng.
10 mets: Rua Molemo ka Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla. Puisano e thehiloeng selelekeleng sa bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo—2011. Khothalletsa bohle ho hlahloba temana letsatsi le letsatsi. Kōpa bamameli hore ba bolele hore na ba ipehetse nako efe ea ho bala temana ea letsatsi le hore na ba ruile molemo joang. Ka bokhutšoanyane hlahloba temana ea selemo ea 2011. Tšohla sehlooho se reng “Temana ea Letsatsi ha e sa Tla Tšohloa Libokeng Tsa Tšebeletso ea Tšimo.”
10 mets: Lokisetsa ho Tsamaisa Limakasine ka March. Puisano. Nka motsotso kapa e ’meli u tšohla lintlha tsa limakasine tseo. Ebe u khetha lihlooho tse peli kapa tse tharo ’me u kōpa bamameli ho bolela hore na ba tla botsa lipotso life ’me ba bale mangolo afe ha ba buisana le batho. Suthela pontšo ea kamoo makasine ka ’ngoe e ka tsamaisoang kateng.
Pina ea 33 le Thapelo