Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/11 leq. 3
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
km 2/11 leq. 3

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Lipotso tse latelang li tla tšohloa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bekeng e qalang ka la 28 February, 2011. Molebeli oa sekolo o tla tsamaisa tlhahlobo ea metsotso e 20 e thehiloeng lintlheng tse tšohliloeng lipuong tsa beke ea la 3 January ho ea ho ea la 28 February, 2011.

1. Ezekiase o ile a qala mosebetsi ofe qalong ea puso ea hae, hona re ka mo etsisa joang kajeno? (2 Likron. 29:16-18) [w09 6/15 leq. 9 ser. 13]

2. Lengolo la 2 Likronike 36:21 le hatisa joang hore boprofeta ba Jeremia 25:8-11 bo phethahetse? [w06 11/15 leq. 32 lir. 1-4]

3. Esdrase 3:1-6 e tšehetsa bopaki ba Mangolo joang ba hore ho etsoa lesupi ha Jerusalema ka lilemo tse 70 ho ile ha fela hantle ka nako? [w06 1/15 leq. 19 ser. 1]

4. Ke hobane’ng ha Esdrase a ile a tsieleha ha a utloa hore batho ba habo ba nyallana le batho ba lichaba tse ling? (Esdr. 9:1-3) [w06 1/15 leq. 20 ser. 1]

5. “Ba hlomphehang” e ne e le bo-mang, hona ke boikutlo bofe ba bona boo re lokelang ho bo qoba? (Neh. 3:5) [w06 2/1 leq. 10 ser. 2; w86 2/15 leq. 25]

6. Ke mohlala ofe o motle oo ’Musisi Nehemia a ileng a o behela balebeli ba Bakreste? (Neh. 5:14-19) [si leq. 90 ser. 16]

7. Re ka etsisa Baiseraele ba mehleng ea Nehemia joang ’me ra qoba ho hlokomoloha “ntlo ea Molimo oa rōna”? (Neh. 10:32-39) [w98 10/15 maq. 21-22 ser. 12]

8. Ho nahana ka mohlala oa Nehemia ho ka etsa hore re ipotse lipotso life? (Neh. 13:31) [w96 9/15 leq. 16-17 ser. 3]

9. Na Esthere o ile a etsa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate le Morena Assueruse? (Esth. 2:14-17) [w06 3/1 leq. 9 ser. 3; w91 1/1 leq. 31 ser. 6]

10. Ke hobane’ng ha Mordekai a ile a hana ho inamela Hamane? (Esth. 3:2, 4) [w06 3/1 leq. 9 ser. 4; it-2-E leq. 431 ser. 7]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela