Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • od khao. 7 maq. 59-70
  • Liboka Tse re ‘Susumelletsang Leratong le Mesebetsing e Metle’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tse re ‘Susumelletsang Leratong le Mesebetsing e Metle’
  • Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LIBOKA TSA PHUTHEHO
  • SEBOKA SA MAFELO-BEKE
  • SEBOKA SA HAR’A BEKE
  • LIBOKA TSA TŠEBELETSO EA TŠIMO
  • LIBOKA TSA LIPHUTHEHO TSE NCHA KAPA TSE NYENYANE
  • LIKOPANO TSA POTOLOHO
  • LIKOPANO TSA SETEREKE
  • LIJO TSA SHOALANE TSA MORENA
  • Ho Bokana Hammoho Bakeng sa Borapeli
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • U Amoheloa ka Liatla Tse Peli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Liboka Tsa Tšebeletso ea Tšimo Tse re Tsoelang Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
  • Rua Molemo ka Botlalo Libokeng Tsa Tšebeletso ea Tšimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
Bala Tse Ling
Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
od khao. 7 maq. 59-70

KHAOLO EA 7

Liboka Tse re ‘Susumelletsang Leratong le Mesebetsing e Metle’

KA LILEMO tse ngata batho ba Jehova ba ’nile ba bokana hammoho. Iseraeleng ea boholo-holo banna bohle ba ne ba ea meketeng e meholo Jerusalema hararo ka selemo. (Deut. 16:​16) Mehleng ea baapostola Bakreste ba ne ba bokana kamehla ’me hangata e le malapeng a ba bang ba bona. (Filem. 1, 2) Kajeno re ea libokeng le likopanong. Re etsa joalo hobane e le karolo ea bohlokoa ea borapeli ba rona.​—Pes. 95:6; Bakol. 3:16.

2 Liboka li boetse li molemo ho ba bang teng ho tsona. Baiseraele ba ile ba bolelloa sena mabapi le Mokete o mong le o mong oa bosupa oa Maphephe: “Phutha sechaba, banna le basali le bana ba banyenyane le mojaki oa hao ea ka har’a liheke tsa hao, e le hore ba mamele le hore ba ithute, kaha ba lokela ho tšaba Jehova Molimo oa lona ’me ba ele hloko hore ba phethe mantsoe ’ohle a molao ona.” (Deut. 31:​12) Ho hlakile hore re bokana hammoho e le hore re ‘rutoe ke Jehova.’ (Esa. 54:​13) Liboka li boetse li fana ka monyetla oa ho tsebana, ho khothatsana le ho matlafatsana.

LIBOKA TSA PHUTHEHO

3 Barutuoa ba ileng ba amohela ’nete ka Pentekonta ea selemo sa 33 ba ile ba tsoela pele ho inehela thutong ea baapostola, ’me “letsatsi le letsatsi ba ne ba e-ba teng ka nako eohle tempeleng ka tumellano.” (Lik. 2:​42, 46) Hamorao ha Bakreste ba bokana, ba ne ba bala Lentsoe la Molimo ho akarelletsa le Mangolo a ngotsoeng ke baapostola le barutuoa ba bang. (1 Bakor. 1:​1, 2; Bakol. 4:​16; 1 Bathes. 1:1; Jak. 1:1) Ba ne ba boetse ba rapela. (Lik. 4:​24-29; 20:​36) Ka linako tse ling ba ne ba bolellana hore na ba tsamaile joang mosebetsing oa boromuoa. (Lik. 11:​5-18; 14:​27, 28) Ho ne ho tšohloa lithuto tsa Bibele le ho phethahala ha boprofeta. Ho ne ho fanoa ka litaelo tse mabapi le hore na Bakreste ba lokela ho itšoara joang le hore na ba ka etsa’ng ho bontša hore ba rata Molimo. Bohle ba ne ba khothalletsoa hore e be baboleli ba chesehang ba litaba tse molemo.​—Bar. 10:​9, 10; 1 Bakor. 11:​23-26; 15:​58; Baef. 5:​1-33.

Matsatsing ana a thata a ho qetela, re hloka khothatso eo re e fumanang ka ho bokana kamehla

4 Kajeno liboka li tšoaroa ka tsela e tšoanang le eo li neng li tšoaroa ka eona mehleng ea baapostola. Re mamela keletso e ho Baheberu 10:​24, 25, e reng: “A re nahanelaneng . . . re sa tlohele ho bokana ha rona, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me re etsa joalo haholo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.” Matsatsing ana a thata a ho qetela, re hloka khothatso eo re e fumanang ka ho bokana kamehla e le hore re lule re e-na le kamano e ntle le Molimo. (Bar. 1:​11, 12) Kaha re phela har’a moloko o khopameng le o sothehileng, re hana ho hloka bomolimo le litakatso tsa lefatše. (Bafil. 2:​15, 16; Tite 2:​12-14) Ha e le hantle, rea thaba ha re le har’a batho ba Jehova. (Pes. 84:​10) Hape re rua molemo ha re ithuta Lentsoe la Molimo ’me re buisana ka lona. A re tšohleng liboka tse fapa-fapaneng tse re ruisang molemo.

SEBOKA SA MAFELO-BEKE

5 Karolo ea pele ea seboka se tšoaroang mafelo-beke ke ea puo ea phatlalatsa, eo ka ho khetheha e lokiselitsoeng batho bohle, bao ba bang ba bona ba qalang ho tla libokeng. Puo eena ke ea bohlokoa kaha e thusa batho bana hammoho le bahoelehetsi ba phutheho ho lemoha hore ba hloka ho ba le kamano e ntle le Molimo.​—Lik. 18:4; 19:​9, 10.

6 Kreste Jesu, baapostola ba hae le metsoalle ea bona ba ne ba tšoara liboka tsa phatlalatsa tse tšoanang le tseo re bang le tsona kajeno. Ha ho pelaelo hore Jesu e ne e le sebui sa phatlalatsa se hloahloa ka ho fetisisa lefatšeng. Batho ba ile ba bua ka eena ba re: “Ha ho mohla motho e mong a kileng a bua tjena.” (Joh. 7:​46) Jesu o ne a bua ka mokhoa o susumetsang ’me a makatsa bamameli ba hae. (Mat. 7:​28, 29) Batho ba neng ba nka molaetsa oa hae ka botebo ba ne ba fumana melemo e mengata. (Mat. 13:​16, 17) Baapostola ba ile ba latela mohlala oa hae. Liketso 2:​14-36 e bua ka puo e matla eo Petrose a ileng a fana ka eona ka letsatsi la Pentekonta ea selemo sa 33. Ba likete ba ile ba nka khato ka lebaka la seo ba ileng ba se utloa. Hamorao batho ba Athene ba ileng ba mamela puo ea Pauluse e ile ea e-ba balumeli.​—Lik. 17:​22-34.

7 Le mehleng ea rona, batho ba limilione ba ruile molemo lipuong tsa phatlalatsa tse fanoang beke le beke liphuthehong hammoho le likopanong tse kholo le tse nyenyane. Lipuo tsena li re thusa hore re ele hloko seo Bibele e re rutang sona le hore re sebeletse Jehova ka botšepehi. Haeba re mema batho bohle, re ka thusa ba bangata hore ba ithute Bibele.

8 Ho tšohloa lihlooho tse fapa-fapaneng puong ea phatlalatsa. Ho tšohloa lithuto tsa Bibele le boprofeta, melao-motheo ea Mangolo le keletso e mabapi le bophelo ba lelapa, litaba tsa lenyalo, maemo ao bacha ba tobanang le ’ona le boitšoaro ba Bokreste. Lipuo tse ling li bua ka popo e hlollang ea Jehova. Tse ling li totobatsa kamoo batho bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng ba ileng ba beha mohlala oa tumelo, sebete le botšepehi ’me li bontša hore na re ka ithuta eng ho bona.

9 E le hore re rue molemo puong ea phatlalatsa, ke habohlokoa hore re mamelisise, re phetle mangolo ao sebui se ntseng se bua ka oona ’me re mamele ka hloko ha se ntse se a bala le ho a hlalosa. (Luka 8:​18) Ha re ntse re utloisisa lintho tse tšohloang, re tla ikemisetsa ho khomarela seo re ithutang sona le ho se sebelisa.​—1 Bathes. 5:21.

10 Puo ea phatlalatsa e lokela ho fanoa beke le beke haeba ho e-na le libui tse lekaneng. Hangata sena se finyelloa ka hore ho mengoe libui tsa liphutheho tse haufi. Haeba ho se na libui tse lekaneng, lipuo tsena li ka fanoa ha ho khoneha.

11 Karolo ea bobeli ea seboka sa mafelo-beke ke Thuto ea Molula-Qhooa, e leng puisano ea lipotso le likarabo ea lihlooho tse Molula-Qhooeng o ithutoang. Jehova o sebelisa Thuto ea Molula-Qhooa ho re matlafatsa tumelong ka lintlha tse nakong.

12 Hangata lihlooho tse ithutoang li bontša hore na Bakreste ba ka sebelisa melao-motheo ea Bibele joang bophelong ba bona. Li boetse li ba sireletsa ‘moeeng oa lefatše’ le boitšoarong bo sa hloekang. (1 Bakor. 2:​12) Lihlooho tsa Molula-Qhooa li etsa hore lithuto tsa Bibele le boprofeta li utloahale ka tsela e hlakileng, ’me li thusa bohle hore ba ’ne ba chabeloe ke leseli la ’nete e le hore ba ’ne ba etse mesebetsi e lokileng. (Pes. 97:​11; Liprov. 4:​18) Ho ba teng Thutong ea Molula-Qhooa le ho araba lipotso ho ka re thusa hore re ananele tšepo eo re nang le eona ea ho phela lefatšeng le lecha la ho loka. (Bar. 12:​12; 2 Pet. 3:​13) Ho ba hammoho le Bakreste ba bang ho re thusa hore re be le litholoana tsa moea ’me re lakatse ho sebeletsa Jehova ka cheseho. (Bagal. 5:​22, 23) Re matlafatsoa hore re mamelle liteko le ho haha “motheo o motle bakeng sa ka moso” e le hore re “ka tšoara ka tieo bophelo ba sebele.”​—1 Tim. 6:​19; 1 Pet. 1:​6, 7.

13 Re ka etsa’ng e le hore re rue molemo tokisetsong ee? Re lokela ho lokisetsa thuto esale pele, re le lelapa kapa motho ka mong, re bale mangolo a sa qotsoang ’me re arabe ka mantsoe a rona. Sena se tla etsa hore re rate ’nete haholo ’me ba bang ba tla rua molemo ha re hlalosa seo re se lumelang. Le rona re ka rua molemo beke le beke thutong eo, haeba re mamela likarabo tsa ba bang ka hloko.

SEBOKA SA HAR’A BEKE

14 Beke le beke, phutheho e kopana Holong ea ’Muso hore e tšoare seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona. Se na le likarolo tse tharo tse lokiselitsoeng ho re thusa ‘ho tšoaneleha ka ho lekaneng’ hore re sebeletse Molimo. (2 Bakor. 3:​5, 6) Lenaneo la seboka sena le tla hlaha khatisong ea khoeli le khoeli ea Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona. Khatiso ena e boetse e na le mehlala ea seo re ka se buang le batho ha re le tšimong.

15 Karolo e qalang ea seboka sena e leng Matlotlo a Tsoang Bibeleng, e tla re thusa ho utloisisa litlaleho tsa Bibele le kamoo re ka sebelisang seo re ithutang sona. Karolong ena ho na le puo, ’malo oa Bibele, le puisano ea lintlha tse thehiloeng ’malong oa Bibele oa beke le beke. Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona e na le litšoantšo tse re thusang hore re utloisise litlaleho tsa Bibele. Ho ithuta Bibele ka hloko ho re ruisa molemo bophelong ba rona le mosebetsing oa ho bolela e le hore re ‘tšoanelehe ka botlalo, re hlomelloe ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.’​—2 Tim. 3:​16, 17.

16 Karolo ea bobeli ea seboka sena, e leng E-ba Mafolofolo Mosebetsing oa Boboleli e etselitsoe ho thusa batho kaofela ho ikoetlisetsa mosebetsi oa boboleli le ho ba thusa ho ba mesuoe e hloahloa. Ntle le lipontšo tsa liithuti, ho boetse ho tšohloa livideo tsa mehlala ea seo u ka se buang le batho. Karolo ena e re thusa ho ba le “leleme la ba rutiloeng” e le hore ‘ka lentsoe re tsebe ho araba ea khathetseng.’​—Esa. 50:4.

17 Karolong ea boraro ea seboka sena, e leng Phela Joaloka Mokreste, ho tšohloa tsela eo ka eona re ka sebelisang melao-motheo ea Bibele bophelong ba rona. (Pes. 119:​105) Thuto ea Bibele ea Phutheho ke eona e ka sehloohong sebokeng sena. Thutong ena ho baloa mangolo joaloka Thutong ea Molula-Qhooa.

18 Khoeli le khoeli ha khatiso ea Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona e fihla, mohokahanyi oa sehlopha sa baholo, kapa moholo e mong ea mo thusang, o e hlahloba ka hloko ebe o etsa kemiso. Beke le beke moholo e mong eo e leng mosuoe ea hloahloa ea khethiloeng ke sehlopha sa baholo, e tla ba molula-setulo oa seboka sena. Mosebetsi oa hae o akarelletsa ho tiisa hore seboka se qala ka nako le hore ha se fete nako e behiloeng ’me o eletsa le ho babatsa batho ba faneng ka lipuo tsa liithuti.

19 Haeba kamehla re lokisetsa seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona, re ba teng ho sona ebile re nka karolo, re tla tseba Mangolo, re utloisise melao-motheo ea Bibele, re be sebete ha re bolela litaba tse molemo ’me re khone ho etsa barutuoa. Ba e-s’o kolobetsoe le bona ba rua molemo ha ba e-ba teng sebokeng sena le ha ba qoqa le Bakreste ba bang ka litaba tse etsang hore kamano ea bona le Molimo e tiee. Ha re lokisetsa seboka sena le tse ling re ka sebelisa Watchtower Library, JW Library®, Watchtower ONLINE LIBRARY™ (haeba li le teng ka puo ea habo rona) le laebrari e Holong ea ’Muso. Laebrari e Holong ea ’Muso e na le lingoliloeng tsa Lipaki Tsa Jehova, Watchtower Publications Index kapa Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova hammoho le Libibele tse ’maloa, k’honk’hodense, buka e hlalosang mantsoe le lingoliloeng tse ling tse ka re thusang ho etsa lipatlisiso. E mong le e mong a ka sebelisa laebrari ena pele ho liboka kapa ka mor’a tsona.

LIBOKA TSA TŠEBELETSO EA TŠIMO

20 Bahoeletsi ba tla kopana ka linako tse sa tšoaneng har’a beke le mafelong a eona hore ba tšoare seboka se sekhutšoanyane sa tšebeletso ea tšimo. Hangata liboka tsena li tšoareloa malapeng kapa libakeng tse ling tse loketseng. Li ka boela tsa tšoareloa Holong ea ’Muso. Ha lihlopha tse nyenyane li bokana libakeng tse fapaneng, ho ka ba bonolo hore bahoeletsi ba ee libokeng tsa tšebeletso ea tšimo le hore ba qale ho sebetsa tšimo ka nako. Bahoeletsi ba ka hlophisoa ka potlako ebe ba ea tšimong ntle ho tšenyo ea nako. Hape molebeli oa sehlopha a ka khona ho hlokomela ba sehlopheng sa hae. Le hoja ho le molemo hore lihlopha li arohane, maemo a ka ’na a etsa hore lihlopha tse ’maloa li sebetse hammoho. Ka mohlala, haeba har’a beke ho e-ba le bahoeletsi ba seng bakae ba eang tšimong, ho ka ’na ha e-ba molemo ho kopanya lihlopha kapa hore phutheho kaofela e kopane Holong ea ’Muso kapa sebakeng se seng se loketseng. Ka tsela ena, bahoeletsi ba ka fumana batho ba tla sebetsa le bona. Ho ka boela ha e-ba molemo hore phutheho e kopane Holong ea ’Muso matsatsing a phomolo. Kapa e etse qeto ea ho tšoara seboka sa tšebeletso ea tšimo ka mor’a Thuto ea Molula-Qhooa.

21 Haeba lihlopha li arohana, seboka sa tšebeletso ea tšimo se tšoaroa ke molebeli oa sehlopha. Khafetsa molebeli oa sehlopha a ka abela motho ea mo thusang kapa mor’abo rona e mong ea tšoanelehang hore a tšoare liboka tsa tšebeletso ea tšimo. O lokela ho lokisetsa ho bua ka lintlha tse tla thusa bahoeletsi boboleling. Hape o lokela ho aba bahoeletsi le ho bolela hore na tšimo e tla sebetsoa joang ebe e mong o etsa thapelo. Joale sehlopha se tla ea tšimong ntle ho tšenyo ea nako. Liboka tse joalo li nka metsotso e mehlano ho ea ho e supileng ’me li lokela ho ba khutšoanyane ho feta moo haeba li tšoaroa ka mor’a liboka. Li lokela ho khothatsa, ho ruta le ho tataisa ba eang mosebetsing oa boboleli. Ba bacha kapa ba bang bao e ka ’nang eaba ba hloka thuso ba ka tsamaisoa le bahoeletsi bao e leng khale ba li bona e le hore ba ba koetlise.

LIBOKA TSA LIPHUTHEHO TSE NCHA KAPA TSE NYENYANE

22 Ha barutuoa ba eketseha, palo ea liphutheho le eona ea eketseha. Hangata kopo ea ho theha phutheho e ncha e etsoa ke molebeli oa potoloho. Maemong a mang, lihlopha tse nyenyane li ka ’na tsa bona ho le molemo hore li ee libokeng tsa phutheho e haufi.

23 Ka linako tse ling liphuthehong tse nyenyane ho ka ’na ha e-ba le baralib’abo rona feela. Ha ho le joalo, morali’abo rona ea rapelang ka phuthehong kapa ea tšoarang liboka o etsa joalo a roetse hloohong ho ea ka tokisetso ea Mangolo. (1 Bakor. 11:​3-16) Hangata o lula fatše a shebile sehlopha. Baralib’abo rona ha ba fane ka lipuo ba eme ka pel’a phutheho. Ho e-na le hoo, ba bala kemiso ea puo ebe baa e hlalosa, ho feta moo, ba ka e tšohla ka ho buisana ka eona kapa ba etsa pontšo. Ofisi ea lekala e tla kopa morali e mong oabo rona hore a hlokomele litaba tsa ho ngollana le ofisi ea lekala le ho tšoara liboka, ho fihlela ho e-ba le barab’abo rona ba tšoanelehang ba ka etsang mesebetsi eo.

LIKOPANO TSA POTOLOHO

24 Selemo le selemo ho etsoa litokisetso tsa hore liphutheho tse abetsoeng ho ba potolohong e le ’ngoe li bokane bakeng sa likopano tse peli tsa potoloho tsa letsatsi le le leng. Liketsahalo tsena tse thabisang li fa bohle monyetla oa ho ‘atolosa lipelo tsa bona’ e le hore ba tiise maqhama a setsoalle le Bakreste ba bang. (2 Bakor. 6:​11-13) Likopanong tsena mokhatlo oa Jehova o lokisetsa lihlooho tse thehiloeng Mangolong le lipuo tse sa tšoaneng o nahanne ka seo bahoeletsi ba se hlokang. Ho ba le lipuo, lipontšo, lipontšo tsa se hlileng se etsahetseng le lipuisano. Hangata ho fanoa ka lipuo tse amang maemo a sebaka ka seng kapa keletso eo ka ho toba e sebetsang potolohong eo. Lithuto tseo tsa bohlokoa li matlafatsa bohle ba tlileng kopanong. Likopanong tsena, barutuoa ba bacha ba fuoa monyetla oa hore ba kolobetsoe ho bontša hore ba inehetse ho Jehova.

LIKOPANO TSA SETEREKE

25 Hang ka selemo, ho tšoaroa likopano tse kholo. Hangata tseo e ba likopano tsa setereke tsa matsatsi a mararo tse kopanyang liphutheho tsa lipotoloho tse ’maloa. Makala a manyenyane a ka ’na a bona ho le molemo hore liphutheho tsohle tse ikarabellang ho ’ona li bokane sebakeng se le seng. Linaheng tse ling litokisetso tsa likopano tsena li ka ’na tsa fapana ho latela maemo kapa ka lebaka la tataiso eo mokhatlo o fanang ka eona. Nako le nako, linaheng tse ling ho tšoaroa likopano tsa machaba kapa tse khethehileng ’me ho ea Lipaki tse ngata tse tsoang linaheng tse ling. Ho theosa le lilemo, batho ba bangata ba utloile litaba tse molemo tsa ’Muso ha ho phatlalatsoa likopano tsena tse kholo tsa Lipaki Tsa Jehova.

26 Barapeli ba Jehova ba thabela ho ea likopanong kaha lia ba momahanya. Li re thusa ho eketsa tsebo ea rona ea Bibele. Likopanong tse ling ho lokolloa lingoliloeng tse ncha tseo batho ba ka ipallang tsona, tseo phutheho e ka ithutang tsona le tseo e ka li sebelisang tšebeletsong ea tšimo. Likopanong tsena ho boetse ho ba le batho ba kolobetsoang. Likopano ke tsa bohlokoa ka ho khetheha hobane li re thusa hore re tsebe Jehova ka ho eketsehileng. Li bontša hore lefatšeng lohle batho ba Jehova ke Bakreste ba inehetseng bao ho bonahalang ka ho hlaka hore ke barutuoa ba Jesu Kreste.​—Joh. 13:35.

27 Ha re ea libokeng tsa phutheho ea habo rona hammoho le likopanong tse kholo le tse nyenyane, rea matlafatsoa e le hore re etse thato ea Jehova. Re boetse re sireletsoa tšusumetsong ea lefatše e ka senyang tumelo ea rona. Lipokano tsena kaofela li tlotlisa Jehova. (Pes. 35:​18; Liprov. 14:​28) Rea leboha hore ebe Jehova o lokiselitse likopano tsena e le hore li re matlafatse tumelong nakong ena ea bofelo.

LIJO TSA SHOALANE TSA MORENA

28 Selemo le selemo liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle li tšoara Sehopotso sa lefu la Kreste kapa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. (1 Bakor. 11:​20, 23, 24) Batho ba Jehova ba nka seboka sena e le sa bohlokoa haholo. Re laeloa ka ho toba hore re tšoare Sehopotso sena.​—Luka 22:19.

29 Letsatsi la Sehopotso le tsamaisana le letsatsi la Paseka ea Bibele, le boletsoeng ka ho hlaka Mangolong. (Ex. 12:​2, 6; Mat. 26:​17, 20, 26) Selemo le selemo Baiseraele ba ne ba tšoara Paseka ha ba ikhopotsa Ho Falla ha bona Egepeta selemong sa 1513 pele ho mehla ea Jesu. Ka nako eo Jehova o ile a khetha letsatsi la bo14 khoeling ea bona ea pele e le letsatsi leo ka lona ba lokelang ho ja konyana ea Paseka le ho tsoa botlamuoeng Egepeta. (Ex. 12:​1-51) Letsatsi lena le fumanoa ka ho bala matsatsi a 13 ho tloha ha khoeli e thoasa nakong ea selemo letsatsing leo ka lona bosiu le motšehare li lekanang ’me motho a sheba khoeli a le Jerusalema. Hangata selemo le selemo Sehopotso se ba ka letsatsi la pele leo khoeli e tolokang ka lona.

30 Matheu 26:​26-28 e qotsa mantsoe a Jesu mabapi le hore na Sehopotso se lokela ho tšoaroa joang. Hase tšebeletso ea mehlolo, empa ke lijo tsa tšoantšetso tse jeoang ke ba khethetsoeng ho ba majalefa le Jesu Kreste ’Musong oa hae. (Luka 22:​28-30) Bakreste ba bang le batho ba menngoeng ba khothalletsoa ho ba teng Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena e le bashebelli. Ho tla ha bona Sehopotsong ho bontša hore ba ananela tokisetso eo Jehova Molimo a e entseng ka Mora oa hae Jesu Kreste e le hore batho bohle ba rue molemo. Pele ho Sehopotso ho fanoa ka puo e khethehileng eo morero oa eona e leng ho etsa hore batho ba labalabele ho ba teng ketsahalong ena le ho thusa batho ba menngoeng hore ba batle ho tsoela pele ho ithuta Bibele.

31 Lipaki Tsa Jehova li letela ka tjantjello ho bokana hammoho libokeng moo ‘li nahanelanang hore li susumeletsane leratong le mesebetsing e metle.’ (Baheb. 10:​24) Lekhoba le tšepahalang le le masene le lokisetsa liboka tsena e le hore re rue tsebo ea Lentsoe la Molimo. Bahlanka bohle ba Jehova hammoho le batho ba thahasellang ba khothalletsoa hore ba leke kahohle hore ba be teng libokeng kamehla ba be ba nke karolo ho tsona. Ha bahlanka ba Molimo ba ananela litokisetso tseo Jehova a li etsang ka mokhatlo oa hae, baa momahana. Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore re rorisa Jehova ebile rea mo tlotlisa.​—Pes. 111:1.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela