Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/00 maq. 5-6
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
km 8/00 maq. 5-6

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Tlhahlobo ea libuka tse koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa la 1 May ho ea ho la 21 August, 2000. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang ka nako e lekanyelitsoeng.

[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo e ngoloang, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le tsa serapa li ka ’na tsa se ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]

Araba polelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:

1. Karabelo ea Gideone ha banna ba Efraime ba mo tjolietsa kantle ho mabaka e ile ea bonahatsa bonolo le boikokobetso ba hae ’me ea felisa nyatso ea bona e leeme le ho boloka khotso. (Baahl. 8:1-3) [1, ’Malo oa Bibele oa beke le beke]

2. Le hoja Manooa a ile a re “re bone Molimo,” ha e le hantle eena le mosali oa hae ba bone ’muelli oa Molimo ea iphetotseng motho oa nama eseng Jehova ka boeena. (Baahl. 13:22) [2, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w88-SU 5/15 leq. 23 ser. 4.]

3. Ho Baahloli 5:31, ka boprofeta polelo “ba u ratang” e supa majalefa a ’Muso a 144 000. [4, si-SU leq. 50 ser. 28]

4. Ha ho na likhechana tsa buka ea Ruthe tse ileng tsa fumanoa har’a Meqolo ea Leoatle le Shoeleng. [5, si-SU leq. 51 ser. 3]

5. Baahloli 21:25 e bua ka nako eo ka eona Jehova a neng a siile sechaba sa Iseraele se se na tataiso ka ho feletseng. [4, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 6/15 leq. 22 ser. 16.]

6. Litšoantšo tsa likerubime tse holim’a areka ea selekane li ne li bontša boteng ba borena ba Jehova, eo ho neng ho thoe ‘o lutse holim’a [kapa, “pakeng tsa”] likerubime.’ (1 Sam. 4:4, NW, ftn.) [7, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w81-SU 6/1 leq. 26 ser. 5 (w80 11/1 leq. 29 ser. 2).]

7. Ha masole a Saule a ne a e-ja mali ha a tsielehile ’me a sa fuoe kotlo, sena se bontša hore ho ka ’na ha e-ba le mabaka a lokafatsang ho hlokomoloha molao oa Molimo ka nakoana bakeng sa ho boloka bophelo ba motho. (1 Sam. 14:24-35) [9, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w94-SU 4/15 leq. 31 lir. 7-9.]

8. Le hoja ba bang ba amahanya lentsoe “tšusumelletso” le ho laola ka bolotsana le masene, le ka sebelisoa ka tsela e ntle ho fetisa khopolo ea ho kholisa le ho fetola mohopolo ka ho beha mabaka a utloahalang le ka tsela e nang le moelelo. (2 Tim. 3:14, 15) [11, w98-SU 5/15 leq. 21 ser. 4]

9. ‘Mokotla oa bophelo’ o bolela tokisetso ea bomolimo ea tšireletso le poloko, e neng e tla tsoela Davida molemo haeba a ne a ka qoba molato oa mali mahlong a Molimo. (1 Sam. 25:29, NW) [13, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w91-SU 6/15 leq. 14 ser. 3.]

10. Selekane sa ’Muso sa Davida, seo ho builoeng ka sona ho 2 Samuele 7:16 (NW), se ile sa qoolla leloko la Peō e lebisang ho Mesia ’me e ne e le tiiso ea molao ea hore e mong lesikeng la Davida o ne a tla “busa ka nako e sa lekanyetsoang.” [16, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w89-SU 2/1 leq. 14 ser. 21–leq. 15 ser. 22.]

Araba lipotso tse latelang:

11. Pesaleme ea 34:18 e fana ka tiiso efe? [1, w98-SU 4/1 leq. 31 ser. 2]

12. Ke eng se neng se bontšoa ke taba ea hore Josefa o ile a boela a rehoa Barnabase? (Lik. 4:36) [2, w98-SU 4/15 leq. 20 ser. 3, ftn.]

13. Ke hobane’ng ha tlaleho ea Bibele e bolela hore Eli o ile a ’na a hlompha bara ba hae ho feta ho hlompha Jehova? (1 Sam. 2:12, 22-24, 29) [6, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w96-SU 9/15 leq. 13 ser. 14.]

14. Ke hobane’ng ha buka ea Ruthe e lokela ho matlafatsa tšepo ea rōna litšepisong tsa ’Muso? [5, si-SU leq. 53 ser. 10]

15. Ho ea ka 1 Samuele 1:1-7, ke mohlala ofe o ikhethang o behiloeng ke lelapa labo Samuele? [6, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w98-SU 3/1 leq. 16 ser. 12.]

16. Ke ka kutloisiso efe ho ka boleloang hore ‘matla a maruo aa thetsa’? (Mat. 13:22) [9, w98-SU 5/15 leq. 5 ser. 1]

17. Jonathane ea neng a le moholoanyane o ile a hlokomela motlotsuoa oa Jehova, Davida, joang hona see se tšoantšetsa eng kajeno? (1 Sam. 18:1, 3, 4) [11, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w89-SU 1/1 maq. 24, 26 lir. 4, 13.]

18. Le hoja a ne a ‘tsamaea ka ho loka le ka bokhabane,’ buka ea Jobo e bontša joang hore sena ha se bolele hore Jobo o ne a phethahetse? (Jobo 1:8) [8, w98-SU 5/1 leq. 31 ser. 1]

19. Poleloana e reng “ikitlaetseng ka matla” e fana ka maikutlo afe? (Luka 13:24) [16, w98-SU 6/15 leq. 31 lir. 1, 4]

20. Ha re ntse re sebetsa le ba bang, ke thuto efe ea bohlokoa e ka nkoang ka ho teba, joalokaha e tlalehiloe ho 2 Samuele 12:26-28? [17, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w93-SU 12/1 leq. 19 ser. 19.]

Ngola (ma)lentsoe kapa poleloana e hlokahalang ho qetela polelo ka ’ngoe ho tse latelang:

21. Kahlolo ea Jehova e boima holim’a borapeli ba Baale e lokela ho re susumelletsa ho emella thōko le lintho tse lekanang le bona kajeno, e leng ․․․․․․․․, ․․․․․․․․ le ․․․․․․․․. (Baahl. 2:11-18) [4, si-SU leq. 50 ser. 26]

22. E ne e le mehleng ea Samuele ha ho fela mehla ea ․․․․․․․․ ’me ho qaleha mehla ea ․․․․․․․․ eo ho eona Iseraele e neng e tla qetella e lahlehetsoe ke kamohelo ea Jehova. [6, si-SU leq. 53 ser. 1]

23. Lebitso la Molimo, Jehova, le bolela “․․․․․․․․” ’me le fana ka maikutlo a hore Jehova a ka iketsa ntho leha e le efe eo a e batlang e le hore a finyelle ․․․․․․․․ ea hae. [7, w98-SU 5/1 leq. 5 ser. 3]

24. Eli le Saule ka bobeli ba ile ba hlōleha ka hore Eli o ile a ․․․․․․․․ ho nka khato ha Saule eena a ile a nka khato ka ․․․․․․․․. [14, si-SU leq. 57 ser. 27]

25. Papiso ea Jesu ea Mosamaria ea nang le moea oa boahelani e bontša hore motho ea lokileng e le kannete ke ea sa mameleng ․․․․․․․․ ea Molimo feela empa ke ea bileng a etsisang ․․․․․․․․ tsa hae. (Luka 10:29-37) [17, w98-SU 7/1 leq. 31 ser. 2]

Khetha karabo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:

26. Tšobotsi e pharalletseng ea (bohlale ba; matla a; lerato la) Jehova e bonoa ho khetheng ha hae mosali oa Momoabe (Ruthe; Naomi; Orpa), eo pele e neng e le morapeli oa (Baale; Kemoshe; Dagone), ea ileng a sokolohela bolumeling ba ’nete ’me ea e-ba nkhon’oa Jesu Kreste. (Mat. 1:3, 5, 16) [5, si-SU leq. 51 ser. 1]

27. Mehla ea Iseraele ea ho busoa ke baahloli e ile ea fela ha (Samuele; Davida; Saule) a ne a tlotsoa ho ba morena ’me kapele ka mor’a moo a hlōla (Baammone; Bamoabe; Bafilista) ka tšehetso ea Jehova. (1 Sam. 11:6, 11) [8, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w95-SU 12/15 leq. 9 ser. 2–leq. 10 ser. 1.]

28. Ke (moapostola Pauluse; ntat’ae; ’m’ae le nkhon’ae) ea/ba ileng a/ba etella pele ho ruteng Timothea “lingoliloeng tse halalelang” ho isa bohōleng ba ho mo bona e e-ba moromuoa ea babatsehang le molebeli. (2 Tim. 3:14, 15; Bafil. 2:19-22) [10, w98-SU 5/15 leq. 8 ser. 3–leq. 9 ser. 5]

29. Tšebeletso ea nakong ea bocha ea (Davida; Samuele; Jonathane) e lokela ho khothalletsa bacha ho kenela tšebeletso kajeno, hape ho tsoela pele ha hae ntle le phomolo ho fihlela qetellong ea litšiu tsa hae ho lokela ho tšehetsa ba seng ba khathetse ka lebaka la ho hōla. [14, si-SU leq. 58 ser. 30]

30. Nako e akarelitsoeng ke Samuele oa bobeli ke ho tloha ka (1077 ho fihlela hoo e ka bang ka 1040; 1077 ho fihlela hoo e ka bang ka 1037; 1070 ho fihlela hoo e ka bang ka 1040) B.C.E. [15, si-SU leq. 59 ser. 3]

Nyalanya mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:

Baahl. 11:30, 31; 1 Sam. 15:22; 30:24, 25; 2 Mar. 6:15-17; Jak. 5:11

31. Jehova o fana ka tiiso ea hore o tla sebelisa mabotho a hae a leholimo ho sireletsa batho ba hae ho ea ka thato ea hae. [2 Mar. 6:15-17] [3, w98-SU 4/15 leq. 29 ser. 5]

32. Balebeli ba liphutheho ba na le boikarabelo ba ho boloka litumellano tsa bona esita leha ka linako tse ling ho ka ’na ha e-ba bohloko hape ha e-ba le tahlehelo. [Baahl. 11:30, 31] [2, w99-SU 9/15 leq. 10 lir. 3-4]

33. Ho boloka botšepehi tlas’a teko ho lebisa moputsong o moholo o tsoang ho Jehova Molimo. [Jak. 5:11] [8, w98-SU 5/1 leq. 31 ser. 4]

34. Lerato la sebele ho Molimo le hloka hore ho mameloe litaelo tsa Molimo, eseng feela ho mo etsetsa mahlabelo. [1 Sam. 15:22] [10, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w96-SU 6/15 leq. 5 ser. 1.]

35. Jehova o bontša kananelo e tebileng ho ba sebeletsang mesebetsing e tšehetsang mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng kajeno. [1 Sam. 30:24, 25] [14, ’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w86-SU 9/1 leq. 28 ser. 4.]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela