Akhelang Matlooa a Lōna ’me le Tšoase
1 Kaofela re ile ra khothatsoa ke puo ea neheletsano e reng “Ho Sebeletsa Joaloka Batšoasi ba Batho” Likopanong tsa rōna tse sa tsoa feta tsa “Barati ba Tokoloho.” Neheletsano ena e likarolo li tharo e ileng ea nehelanoa ka Sontaha hoseng e ile ea re thusa ho nahana ka mokhoa o mong ka mosebetsi oa rōna oa ho bolela litaba tse molemo le ho etsa barutuoa re etsisa Morena oa rōna, Jesu.—Matt. 24:14; 28:19, 20.
2 Ka mor’a ho tšoasa litlhapi ka mohlolo, Jesu o ile a re ho Petrose: “Se tšabe; ho tloha joale, u tla ba motšoasi oa batho.” (Luka 5:10) Ka hona, Jesu o ile a tšoantša batho le litlhapi, ’me o ile a mema batšoasi ba ikokobelitseng ba litlhapi hore ba tele mesebetsi ea bona ea boipheliso hore ba etse mofuta o molemo haholoanyane oa ho tšoasa—ho tšoasa batho ba ntse ba phela.
3 See sohle se bolela’ng ho rōna re le batho ka bomong? Ha Petrose, Andriase, Jakobo le Johanne ba memeloa hore e be batšoasi ba batho, lengolo le re: “Ba tlohela tsohle, ba mo latela.” (Luka 5:11) Ke mohlala o motle hakaakang! Na re ka hlaolela moea o tšoanang oa ho itela, oa ho lula re loketse ho sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe hore na re tla lahleheloa ke eng?
4 Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba hona joale tšimo ea hao e bonahala e sa behe litholoana? U se ke ua nyahama. Hopola, Jesu o ile a tlatsa matlooa a barutuoa ka mor’a hore ba leke ho tšoasa bosiu bohle ba sa atlehe. Ho ka etsahala se tšoanang ka tsela ea moea. Baena le bo-khaitseli ba bangata ba ’nile ba ikemisetsa ho fallela masimong a mang le linaheng tse ling e le ho atolosa tšebeletso ea bona. Sena se ka tšoantšoa le batšoasi ba litlhapi ba fumanang hore ha ho sa na litlhapi moo ba tloaetseng ho tšoasa teng, kahoo ba ea sebakeng se seng.—Luka 5:4-10.
5 Liphuthehong tse ngata tse metseng e meholo ho na le lihlopha tse khōlō tsa baholo, bahlanka ba sebeletsang le baena ba bang ba tšoanelehang. Na u kile ua nahana ka ho fallela libakeng tseo ho nang le tlhokahalo e khōloanyane ea batšoasi ba batho? Na u ka etsa ho eketsehileng ho haha liphutheho tse nyenyane le ho thusa ho akaretsa masimo a maholo, a sa sebetsoang? Joale, ka thapelo ak’u nahane ka letoto lena la liphutheho le libaka tseo tšebeletso ea hao joaloka motšoasi oa litlhapi tsa moea e hlokahalang ka potlako.
Bapong (ka bophirima ho Brits): Tšimo e khōlō e nang le bahoeletsi ba 32. Ho na le mohlanka a le mong feela ea sebeletsang. Ho hlokahala bo-pula-maliboho, baholo kapa bahlanka ba sebeletsang ba tla etella pele.
Botshabelo: Ena ke tšimo e khōlō e behang litholoana. Phutheho ea Botshabelo e na le bahoeletsi ba 106, baholo ba 2, bahlanka ba sebeletsang ba 5, le bo-pula-maliboho ba ka mehla ba 8. Phutheho ea Ramahutsi e na le bahoeletsi ba 56, baholo ba 2, bahlanka ba sebeletsang ba 4, le bo-pula-maliboho ba ka mehla ba 5. Ho na le monyetla oa khōlō e eketsehileng, ka hona, ho hlokahala basebetsi ba eketsehileng. Haeba bo-pula-maliboho, baholo le bahlanka ba sebeletsang ba ka fallela sebakeng sena, ho ka thehoa liphutheho tse eketsehileng. Phutheho ea Thaba-Nchu e nang le bahoeletsi ba 75 le eona e boetse e sebetsa tšimo ena e khōlō e Foreisetata. Ho boetse ho hlokahala basebetsi ba eketsehileng Thaba-Nchu.
Clocolan: E na le sehlopha sa bahoeletsi ba supileng. Ho hlokahala malapa a matla kapa bo-pula-maliboho ho thusa sebakeng sena.
Taung: Tšimo e khōlō e behang litholoana e sebetsoang ke bahoeletsi ba 39, baholo ba 4, le bahlanka ba sebeletsang ba 2. Ho na le batho ba bangata ba thahasellang ’me libokeng tsa beke le beke ho ba teng batho ba ka holimo ho 70. Ho hlokahala bo-pula-maliboho le malapa a matla ho thusa batho bana ba thahasellang le ho akaretsa tšimo eo e khōlō ka litaba tse molemo.
Van Stadensrus (haufi le Wepener): Ho na le khaitseli ea sebetsang a le mong sebakeng sena. Batho ba bangata ba thahasellang ba ba teng libokeng tsa beke le beke ’me ba hloka thuso. Ho hlokahala bo-pula-maliboho, baholo, kapa bahlanka ba sebeletsang ho etella pele le ho sebetsa tšimong ena e behang litholoana.
Lesotho: Ha Leboea: Ho hlokahala bo-pula-maliboho le malapa a matla hore ba fallele sebakeng sena hore ba ntšetse pele thahasello e teng. Ho na le phutheho e nang le bahoeletsi ba 18 ’me ha ho na baholo, bahlanka ba sebeletsang kapa bo-pula-maliboho. Batho ba bangata ba ba teng libokeng tsa beke le beke ’me ho ntse ho hlokahala hore ba thusoe hore ba nke khato bakeng sa ’nete.
Makatseng: Phutheho e nyenyane e nang le bahoeletsi ba 15 e tlamehang ho akaretsa tšimo e khōlō. Ho hlokahala baholo, bahlanka ba sebeletsang kapa bo-pula-maliboho.
Mantšonyane: Ho na le sehlopha se ka thōko se nang le bahoeletsi ba bahlano ba tlamehang ho akaretsa tšimo e khōlō. Ho na le batho ba bangata ba thahasellang ’me ho hlokahala bo-pula-maliboho hore ba tsose thahasello e teng.
Mpharane: Phutheho e nang le bahoeletsi ba leshome (bo-khaitseli feela) e nang le tšimo e khōlō e tlamehang ho akaretsoa. Ho hlokahala bo-pula-maliboho le malapa a matla.
Thabana-morena: Phutheho e nyenyane e nang le bahoeletsi ba bane feela (bo-khaitseli feela) ba etelletseng pele. Ho na le tšimo e khōlō e tlamehang ho akaretsoa. Ho hlokahala bo-pula-maliboho le malapa a matla.
Tšita’s Nek: Tšimo e khōlō e nang le bahoeletsi ba 12 feela, ho kopanyelletsa le bahlanka ba sebeletsang ba 2, ba ke keng ba akaretsa tšimo eo. Ho hlokahala bo-pula-maliboho hore ba thuse batho ba bangata ba e-s’o ka ba utloa lentsoe leha le le leng la ’nete.
Botswana:
Litoropo le metse e mengata Botswana e hloka basebetsi ba eketsehileng. Ena e akarelletsa: Ghanzi, Kanye, Maun, Mochudi, Molepolole, Orapa, Palapye le Serowe. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, ka kōpo e iteanye le molebeli oa potoloho Botswana kapa le Mokhatlo.
Venda: Fefe (haufi le Mudale): Ho hlokahala baholo kapa bahlanka ba sebeletsang ho etella pele. Ho na le bahoeletsi ba bahlano feela sehlopheng sena ’me tšimo e hloka bopaki bo felletseng.
Folovhodwe: Ho na le bahoeletsi ba supileng feela sebakeng sena. Ho hlokahala bo-pula-maliboho ba tla hlokomela batho ba thahasellang.
Makhushu (haufi le Messina): Sebakeng sena ho na le bo-khaitseli ba bararo feela ba sitoang ho akaretsa tšimo ena e khōlō. Ho hlokahala lelapa le matla kapa banyalani ba bo-pula-maliboho.
6 Ba ikemiselitseng ho bontša boitelo ba ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane ba ka kholiseha hore Jehova o tla ba hlohonolofatsa. “Eaba Petrose o bua, a re ho eena [Jesu]: Bona, rōna re tlohetse tsohle, ’me re u latetse. Jesu a araba, a re: Ka ’nete ke re ho lōna: Ha ho motho ea ka tlohelang ntlo, kapa banab’abo, leha e le bo-khaitselie, . . . ka baka la ka le la Evangeli, ea ke keng a neoa halekholo, joale, mehleng ena, . . . ’me mehleng e tla tla, a neoe bophelo bo sa feleng.”—Mar. 10:28-30.