Likopano Tsa Setereke Tsa 1992 Tsa “Bajari ba Leseli”
1 Re thabela ho fana ka lethathamo la matsatsi le lipuo bakeng sa Likopano tsa Setereke tsa 1992 tsa “Bajari ba Leseli.” Likopano tsena e tla ba tse khathollang haholo le tse itlhommeng pele mesebetsing ea rōna ea puso ea Molimo ea 1992. Selemong sena, phutheho ka ’ngoe e tla tsebisoa ka lengolo hore na e ee kopanong efe. Re le khothalletsa kaofela hore le khomarele tokisetso ena. Haeba kopano e tla be e sa tšoaroa ka puo ea heno, ka kōpo lokoloha ho ea ho e ’ngoe. Tokisetso ena e etsetsoa hore re be le bahoeletsi ba lekaneng libakeng tse ling tsa kopano tseo hona joale ho bang teng batho ba bangata haholo ho tsona, ’me re lakatsa hore e mong le e mong a phutholohe ka hohle kamoo ho ka khonehang.
2 Re ba le mathata a ho fumana libui bakeng sa likopano tse ling. Re tla ananela haeba baholo ba tšoanelehang ba ka thusa ho e ’ngoe ea likopano tse latelang: (a) Ho hlokahala libui tse tla fana ka lipuo ka Senyesemane East London, Gaborone, le Manzini. (b) Ho hlokahala libui tse tla fana ka lipuo ka Senyesemane le Seafrikaanse kaNyamazane (Nelspruit), Port Elizabeth, le Windhoek. (c) Ho hlokahala libui tse tla fana ka lipuo ka Sevenda le Setsonga Nkowankowa. Ka kōpo ngolla Mokhatlo u re tsebise ka seo u se rerileng. Lengolo la hao le lokela ho fuoa komiti ea tšebeletso phuthehong ea heno. Ba tla ngola litlhaloso tsa bona, ba saene lengolo leo ’me ba le fetisetse ho molebeli oa potoloho. Molebeli oa potoloho o tla etsa lipuello tsa hae ’me a fetisetse lengolo ho Mokhatlo. Lengolo la hao le se ke la fihla ho Mokhatlo KA MOR’A August 1, 1992.
3 Ho lokiselitsoe likopano tse latelang:
November 27-29:
St. Helena (Senyesemane)
December 11-13:
Empangeni (Sezulu) (HA E E-S’O TIISOE)
Gaborone, Botswana (Senyesemane, Setswana)
Windhoek (lenaneo la lipuo tse peli ka Seafrikaanse/Senyesemane)
December 18-20:
Bloemfontein (lenaneo la lipuo tse peli ka Seafrikaanse/Senyesemane, Sesotho)
Cape Town (Seafrikaanse, Senyesemane, Sexhosa)
East London (Senyesemane, Sexhosa) (HA E E-S’O TIISOE)
Ongwediva (lenaneo la lipuo tse peli ka Sekwanyama/Sendonga, likarolo tse ling ka Sepotoketsi)
December 25-27:
Johannesburg (Seafrikaanse, Senyesemane, likarolo tse ling ka Segerike, Sepotoketsi, Sesotho, Sezulu. Re tla boela re be le mananeo bakeng sa lithōlo.)
Lebowa-kgomo (Sepedi)
Mafikeng (Setswana)
Maputo (Sepotoketsi, Setsonga)
Manzini (Senyesemane, Sezulu)
Newcastle (Sezulu)
Pietermaritzburg (Sezulu) (HA E E-S’O TIISOE)
January 1-3, 1993:
Durban (Senyesemane, Sezulu) (HA E E-S’O TIISOE)
KaNyamazane (lenaneo la lipuo tse peli ka Seafrikaanse/Senyesemane, Sezulu)
Maseru (likarolo tse ling ka Senyesemane, Sesotho)
Port Elizabeth (Seafrikaanse, Senyesemane, Sexhosa)
Pretoria (Seafrikaanse, Senyesemane, lenaneo la lipuo tse peli ka Sepedi/Sesotho, Sezulu)
Nkowankowa (Setsonga, likarolo tse ling ka Sevenda)
Umtata (Sexhosa)
January 8-10:
Inhambane (likarolo tse ling ka Sepotoketsi, Setsonga)
Xai-xai (Setsonga)
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
E bontša hore lenaneo le felletseng le tla fanoa ka lipuo tseo.