Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/92 leq. 7
  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 4/92 leq. 7

Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

Tlhahlobo ea buka e koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa January 6 ho ea ho April 20,1992. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang nakong e lekanyelitsoeng.

[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ke ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]

Araba polelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:

1. Tlas’a Molao oa Moshe, libe tsohle le baetsalibe bohle ba ne ba talingoa ka tsela e tšoanang. [siSU leq. 29 ser. 34]

2. Lebitso Numere le supa ho baloa ha batho ho ileng ha etsoa Thabeng ea Sinai le Mahoatateng a Moabe hamorao. [siSU leq. 30 ser. 2]

3. Le hoja Numere e beha mohlala ka ho hloka leeme, Moshe o ile a pata mefokolo ea hae. [siSU leq. 31 ser. 7]

4. Tlas’a selekane sa Molao, ka mehla sebe se ne se hloka ho etsetsoa pheko ea sehlabelo, ho ipolela, ho baka, le ho ntlafatsa ho fihlela moo ho khonehang. [siSU leq. 29 ser. 32]

5. “Thohako ea pontšeng” e ne e hlile e le ho nyefola lintho tse halalelang. (Lev. 5:1, NW) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU87 9/1 leq. 13.]

6. Ho etsa sehlabelo ha moprista e moholo ka poho e le nyehelo bakeng sa libe molemong oa hae le ba “ntlo ea hae” ho ne ho tšoantšetsa sehlabelo sa Jesu joalokaha se sebetsa ho ba “ntlo ea hae” ea baprista ba tlaasana. (Lev. 16:6) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU87 3/1 leq. 28.]

7. Le ka mohla ha hoa nepahala ho batla tsoala ho moena bakeng sa chelete eo a e alimileng. (Lev. 25:35-37) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU84 4/1 maq. 11, 12]

8. Melao e neng e ama ho hloekisoa ha balepera le matlo a nang le mafu e ne e bontša ho hlokomela boteng ba likokoana-hloko ’me e sireletsa hore ho se be le tšoaetso ea mafu. (Lev., khao. 14) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona g81 9/22 leq. 25.]

9. Lipakeng tsa likerubime tse sekoahelong sa areka ea selekane kapa ka holim’a tsona, ho ne ho bonahala khanya ea mohlolo ea Shekina e le pontšo ea boteng ba Molimo Sehalalelisisong. (Num. 7:89) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona kj leq. 165.]

10. Baiseraele ba ne ba tlameha ho etsa “litjellane” liaparong tsa bona e le hore ba se tšoane le Bamoabe, Baegepeta, kapa le ba bang le hore ba hopotsoe hore e ne e lokela ho ba ba fapaneng. (Num. 15:38-40) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU84 4/15 maq. 20, 21.]

Arabela lipotso tse latelang:

11. Levitike e hōlisa lebitso la Jehova joang? [siSU leq. 26 ser. 9]

12. Jesu Kreste, Moprista e Moholo, le baprista ba hae ba tlaasana ba tla phetha mosebetsi ofe oa boprista Pusong ea Lilemo tse Sekete? [siSU leq. 30 ser. 39]

13. Thibelo ea ho se je mafura e hopotsa bahlanka ba Jehova eng kajeno? (Lev. 3:17) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU84 4/1 leq. 10.]

14. E ka ’na eaba sebe sa Nadabe le Abihu se ne se ama eng? (Lev. 10:1, 2) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU84 4/1 maq. 10, 11.]

15. Ke hobane’ng ha ho beleha ngoana ho ne ho etsa hore mosali a be “sesila”? (Lev. 12: 2, 5) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU84 4/1 leq. 11.]

16. Ke hobane’ng ha ho ne ho laetsoe hore mang kapa mang ‘ea rohakang’ batsoali ba hae a fuoe kahlolo ea lefu? (Lev. 20:9) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU84 4/1 leq. 11.]

17. Ho boleloa’ng ka hore ‘basali ba leshome ba tla apehela bohobe ka ontong e le ’ngoe’? (Lev. 26:26, NW) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU84 4/1 leq. 12.]

18. Ke hobane’ng ha Miriame a ile a bua Moshe hampe ka lebaka la mosali oa hae oa Mokushe? (Num. 12:1) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU84 6/1 maq. 30, 31.]

19. Kore o ile a iphapanyetsa ’nete efe ea bohlokoa? (Num. 16:1-3) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona w78 11/15 leq. 14.]

Fana ka lentsoe kapa polelo e hlokahalang ho qetela polelo ka ’ngoe ho tse latelang:

20. Levitike e ngotsoe ke Moshe selemong sa ․․․․․․․.[siSU leq. 25 ser. 4]

21. Sehlooho sa ․․․․․․․.se tletse ka hare ho Levitike kaofela, e buang ka tlhokahalo ena hangata ho feta buka leha e le efe ea Bibele. [siSU leq. 26 ser. 9]

22. Ho phethahala ha litšoantšetso tse ngata tsa boprofeta tse ho Levitike ho hlalosoa bukeng ea ․․․․․․․.. [siSU leq. 29 ser. 37]

23. Buka ea Numere e akaretsa nako ea ho tloha ho ․․․․․․․.ho ea ho ․․․․․․․.B.C.E. [siSU leq. 30 ser. 4]

24. Bukeng ea Numere, tsela ea ho se utloe ha Iseraele le ea borabele ba eona e sebelisoa ho hatisa tlhokahalo ea bohlokoa ea ․․․․․․․.[siSU leq. 31 ser. 9]

25. Melao e boletsoeng ho Levitike mabapi le ․․․․․․․.e senola tsebo ea linnete tseo banna ba lefatše ba phekolo ea meriana ba neng ba sa li utloisise ho fihlela lilemong tse likete hamorao. [siSU leq. 26 ser. 7]

Khetha karabelo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:

26. Buka ea Levitike e akaretsa (lilemo tse 40; selemo; khoeli). [siSU leq. 25 ser. 3]

27. Buka ea Numere e ile ea phethoa ke Moshe selemong sa (1513; 1512; 1473) B.C.E. [siSU leq. 30 ser. 4]

28. Ka ho totobetseng ‘ho hlokofatsa sephefumolohi’ ho ne ho bolela (ho itima lijo; ho ikotla; ho qoba ho etsa mesebetsi ea boikhathollo). (Lev. 16:29, NW) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU84 4/1 leq. 11.]

29. ‘Ho omeletsa letheka’ la mosali ha e le hantle ho ne ho bolela hore o tla (khaotsa ho sebeletsa Jehova; ha a sa tla tseba ho sebelisa leoto la hae; litho tsa hae tsa ho hlahisa bana li ne li tla senyeha, e leng ho neng ho tla etsa hore a se khone ho emola). (Num. 5:21) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU84 6/1 leq. 30.]

30. ‘Buka ea Lintoa tsa Jehova’ e ne e le (boitsebiso ba bokoenehi; tlaleho e tšepahalang ea histori; tlaleho eo e seng ea ’nete ea lipale tsa Bibele). (Num. 21:14, 15) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU84 6/1 leq. 31.]

Bapisa mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:

Lev. 2:11, 12, BPN; Lev. 17:10-14; Lev. 19:32; Num. 15:30, 31; Ba-Heb. 13:11

31. Kaha mali aa halalela, a ke ke a kenngoa ’meleng ka sebōpeho leha e le sefe. [siSU leq. 29 ser. 33]

32. Letsatsing la Lipheko litopo tsa liphoofolo tse neng li sebelisoa bakeng sa nyehelo ea sebe li ne li ntšetsoa ka ntle ho liahelo ’me li chesoa. [siSU leq. 29 ser. 38]

33. Ha “mahe a linotši” a ne a bolela lero le tsoekere la litholoana, le ne le ka bela ’me ka baka leo le ne le ke ke la amoheloa bakeng sa sehlabelo. [wSU84 4/1 leq. 10]

34. Ho hlompha ba hōlileng e ne e le leano la sechaba Iseraeleng. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU87 6/1 leq. 5.]

35. Batho ba tlōlang molao oa Molimo ka boomo, le ba sa bontšeng pako ba ne ba bolaoa [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU91 4/15 leq. 15.]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela