Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w22 February maq. 8-13
  • Mamela “Mantsoe a ba Bohlale”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mamela “Mantsoe a ba Bohlale”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BA ILE BA HANA HO MAMELA KELETSO
  • BA ILE BA MAMELA KELETSO
  • KE’NG E KA RE THUSANG HORE RE MAMELE KELETSO?
  • KOPA KELETSO ’ME E TLA U TSOELA MOLEMO
  • Na U Fana ka Keletso e Thabisang Pelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Na Kamehla Ua Utloisisa?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Mamela Keletso, U Amohele Taeo
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Baeletsi ba Bohlale—Tlhohonolofatso ho Baena ba Bona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
w22 February maq. 8-13

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 7

Mamela “Mantsoe a ba Bohlale”

“Sekeha tsebe ’me u utloe mantsoe a ba bohlale.”​—LIPROV. 22:17.

PINA EA 123 Lulang le Ikokobeletsa Molimo

SEO RE TL’O ITHUTA SONAa

1. Re ka fumana keletso maemong afe, hona ke hobane’ng ha kaofela ha rona re lokela ho eletsoa?

KAOFELA ha rona re hloka ho eletsoa. Ka linako tse ling, re ka kopa motho e mong eo re mo tšepang hore a re fe keletso. Athe ka linako tse ling, mor’abo rona ea tšoenyehileng ka rona a ka ’na a re hlokomelisa haeba re le haufi le ho nka “mohato o fosahetseng” oo re ka ikoahlaelang oona. (Bagal. 6:1) Mohlomong motho e mong a ka re khalemela ka mor’a hore re etse phoso e tebileng. Re lokela ho mamela ha re fuoa keletso ho sa tsotellehe lebaka leo re eletsoang ka lona. Ho etsa joalo ho tla re tsoela molemo ebile ho ka re pholosa.​—Liprov. 6:23.

2. Ho ea ka Liproverbia 12:15 ke hobane’ng ha re lokela ho mamela ha re eletsoa?

2 Lengolo la rona la sehlooho le re khothalletsa hore re mamele “mantsoe a ba bohlale.” (Liprov. 22:17) Ha ho na motho ea tsebang ntho e ’ngoe le e ’ngoe, kahoo ho tla lula ho e-na le motho ea tsebang ho re feta kapa ea nang le boiphihlelo bo fetang ba rona. (Bala Liproverbia 12:15.) Kahoo, ha re mamela keletso re tla be re bontša hore re ikokobelitse. Re tla be re bontša hore rea hlokomela hore ho na le lintho tseo re sa khoneng ho li etsa le hore re hloka thuso e le hore re finyelle lintho tse itseng. Jehova o ile a susumetsa Morena Solomone ea bohlale hore a re: “Ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyelloang.”​—Liprov. 15:22.

Litšoantšo: Mor’abo rona o nahana ka litsela tse fapaneng tseo a ka fuoang keletso ka tsona. Ho na le Bibele e butsoeng ’me ka tlas’a eona ho na le matšoao a mabeli a bontšang keletso e tobileng le e sa tobang eo a ka e fuoang. 1. Keletso e sa tobang: mor’abo rona o libokeng; o bala Bibele; o shebile lenaneo la JW Broadcasting; o ntse a bala sengoloa. 2. Keletso e tobileng: mor’abo rona o mametse ka hloko ha mor’abo rona e mong a ntse a bua le eena ’me a mo bontša ntho e itseng thaboleteng.

Ke keletso efe eo ho leng thata hore u e mamele? (Sheba serapa sa 3 le 4)

3. Re ka fuoa keletso ka litsela life?

3 Re ka ’na ra eletsoa ka tsela e tobileng kapa e sa tobang. Keletso e sa tobang ke e joang? Re ka ’na ra bala ntho e itseng ka Bibeleng kapa lingoloeng tsa rona, e tla etsa hore re nahane ka lintho tseo re li etsang ’me e re susumetse ho fetola tsela eo re nahanang le ho etsa lintho ka eona. (Baheb. 4:12) Re ka re keletso eo ke e sa tobang. Keletso e tobileng eona ke e joang? Moholo kapa mor’abo rona ea nang le boiphihlelo a ka ’na a re bontša ntho eo re lokelang ho sebeletsa ho eona. Re ka re keletso eo ke e tobileng. Haeba motho ea re ratang a susumelletseha ho re fa keletso e tsoang ka Bibeleng, re lokela ho bontša hore rea e ananela ka ho e mamela le ho e sebelisa.

4. Ho ea ka Moeklesia 7:9 re lokela ho qoba ho etsa’ng ha re fuoa keletso?

4 Ho ka ’na ha e-ba thata hore re mamele keletso e tobileng le ho e sebelisa. Re ka ba ra utloa bohloko ha re eletsoa. Hobane’ng? Le hoja ho le bonolo hore re lumele hore ha rea phethahala, ho ka ’na ha e-ba thata hore re amohele keletso haeba motho e mong a re bontša phoso e itseng eo re e entseng. (Bala Moeklesia 7:9.) Re ka ’na ra batla ho ikemela kapa ra belaella mabaka ao motho a re eletsang ka ’ona. Hape re ka utloisoa bohloko ke tsela eo a re elelitseng ka eona. Re ka ba ra tšoaea-tšoaea motho ea re eletsang liphoso ’me ra re: ‘Ebe o nahana hore ke mang eena hore a ka nkeletsa? Le eena o ntse a etsa liphoso!’ Haeba re sa thabele keletso eo re e fuoang, re ka ’na ra se e mamele kapa ra kopa motho e mong hore a re eletse hobane re e-na le tšepo ea hore o tla re bolella ntho eo re batlang ho e utloa.

5. Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

5 Sehloohong sena, re tl’o bua ka mehlala ea batho ba hlahang ka Bibeleng ba sa kang ba mamela keletso le ba ileng ba e mamela. Re tla boela re bue ka hore na ke’ng e ka re thusang ho mamela keletso e le hore e re tsoele molemo.

BA ILE BA HANA HO MAMELA KELETSO

6. Re ithuta’ng tseleng eo Morena Roboame a ileng a itšoara ka eona ha a ne a fuoa keletso?

6 A re bueng ka mohlala oa Roboame. Ha e e-ba morena oa Iseraele, batho bao a ba busang ba ile ba kopa hore a ba bebofalletse mosebetsi o boima oo ntate oa hae Solomone a neng a ba file oona. Roboame o ile a etsa hantle ka hore a botse banna ba baholo ba Iseraele hore na o lokela ho araba batho bao joang. Ba ile ba mo eletsa hore haeba a ne a ka lumela ntho eo batho bao ba e kopang ba ne ba tla lula ba mo sebeletsa. (1 Mar. 12:3-7) Ho bonahala Roboame a ne a sa thabela keletso eo a e fuoeng, kahoo o ile a kopa banna bao a hotseng le bona hore ba mo eletse. E ka ’na eaba banna bao ba ne ba le lilemo tse ka bang 40, kahoo e tlameha ebe ba ne ba e-na le boiphihlelo bo itseng. (2 Likron. 12:13) Leha ho le joalo, banna bana ba ile ba fa Roboame keletso e fosahetseng. Ba ile ba mo eletsa hore a ba hatelle le ho feta. (1 Mar. 12:8-11) Kaha Roboame o ne a fumane likeletso tse peli tse fapaneng, o ne a lokela ho kopa Jehova hore a mo thuse hore na a mamele keletso efe. Ho e-na le hore a etse joalo, o ile a khetha ho mamela keletso eo a e ratang e leng ea banna bao a hotseng le bona. Seo se ile sa tlisetsa Roboame le sechaba sa Iseraele litla-morao tse bohloko. Le rona ha se kamehla re ka fumanang keletso eo re e thabelang empa haeba e thehiloe Lentsoeng la Molimo re lokela ho e mamela.

7. Mohlala oa Morena Uzia o re ruta’ng?

7 Morena Uzia le eena o ile a hana ho mamela keletso. O ile a kena ka tempeleng ea Jehova, sebakeng seo ho neng ho lumelletsoe baprista feela eaba o leka ho fana ka libano. Baprista ba Jehova ba ile ba re ho eena: “Uzia, ha se mosebetsi oa hao ho chesetsa Jehova libano, empa ke mosebetsi oa baprista.” Uzia o ile a itšoara joang? Hoja o ile a ikokobetsa ’me a mamela keletso eo a e fuoeng eaba o tsoa ka tempeleng hang-hang, Jehova a ka be a ile a mo tšoarela. Empa Uzia ha aa ka a etsa joalo, ho e-na le hoo o ile “a halefa.” Ke hobane’ng ha a ile a hana ho mamela keletso? O ne a nahana hore kaha ke morena, o ne a ka etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang empa Jehova o ne a sa lumellane le taba eo. Kaha Uzia o ile a iketelletsa pele, o ile a otloa ka lepera ’me “a tsoela pele e le molepera ho fihlela letsatsing la lefu la hae.” (2 Likron. 26:16-21) Mohlala oa Uzia o re ruta hore haeba re sa mamele keletso ea Bibele, re tla senya kamano ea rona le Jehova ho sa tsotellehe hore na re bo-mang.

BA ILE BA MAMELA KELETSO

8. Jobo o ile a itšoara joang ha a ne a eletsoa?

8 Ho fapana le mehlala e mebe eo re sa tsoa bua ka eona, Bibele e boetse e bua ka mehlala e metle ea batho ba ileng ba hlohonolofatsoa hobane ba ile ba mamela keletso. A re ke re bueng ka Jobo. O ne a etsa liphoso le hoja a ne a tšaba Molimo. Ha a ne a le tlas’a khatello e matla, o ile a bua lintho tse fosahetseng. Elihu le Jehova ba ile ba mo eletsa ka ho toba. Jobo o ile a itšoara joang? O ile a ikokobetsa ’me a amohela keletso. O ile a re: “Ke buile, empa ke ne ke sa utloisise . . . ‘ke hula mantsoe, ke baka ke le leroleng le moloreng.’” Jehova o ile a hlohonolofatsa Jobo hobane a ile a ikokobetsa.​—Jobo 42:3-6, 12-17.

9. Moshe o re behetse mohlala ofe o motle oa ho mamela keletso?

9 Moshe ke mohlala o motle oa motho ea ileng a mamela ha a ne a khalemeloa ka mor’a hore a etse phoso e tebileng. Ho na le nako eo a ileng a halefa ’me a hloleha ho tlotlisa Jehova. Seo se ile sa etsa hore a lahleheloe ke monyetla oa ho kena Naheng e Tšepisitsoeng. (Num. 20:1-13) Ha Moshe a bolella Jehova hore na o ikutloa joang ka qeto eo a e entseng, Jehova o ile a re ho eena: “U se ke oa hlola u bua le ’na hape ka taba ena.” (Deut. 3:23-27) Moshe ha aa ka a halefa, ho e-na le hoo o ile a amohela qeto ea Jehova ’me Jehova o ile a tsoela pele a mo sebelisa hore a tataise Baiseraele. (Deut. 4:1) Jobo le Moshe ba ile ba mamela keletso ’me ke mehlala e metle eo re ka e etsisang. Jobo ha aa ka a ikemela, ho e-na le hoo o ile a fetola tsela eo a neng a nahana ka eona. Moshe o ile a bontša hore o mametse keletso ea Jehova ka hore a lule a tšepahala esita le ka mor’a hore a lahleheloe ke monyetla oo a neng a ka o thabela.

10. (a) Liproverbia 4:10-13 e bontša hore melemo ea ho mamela keletso ke efe? (b) Batho ba bang ba ile ba itšoara joang ha ba fuoa keletso?

10 Ho etsisa mohlala oa banna ba tšepahalang e leng Jobo le Moshe ho ka re tsoela molemo. (Bala Liproverbia 4:10-13.) Bara le barali babo rona ba bangata ba etsisitse mehlala ea bona ea ho mamela keletso. Hlokomela hore na Mor’abo rona Emmanuel ea lulang Congo o reng ka keletso eo a ileng a e fuoa, o re: “Bara babo rona ba nang le boiphihlelo ba phuthehong ea heso, ba ile ba hlokomela hore ke haufi le ho senya kamano ea ka le Jehova ’me ba ile ba nthusa. Ke ile ka mamela keletso ea bona ’me seo se ile sa nthusa hore ke qobe mathata a mangata.”b Morali oabo rona Megan eo e leng pula-maliboho Canada ha a bua ka ho fuoa keletso o re: “Hangata ke ne ke fuoa keletso eo ke sa e batleng empa ke e hloka.” Mor’abo rona Marko oa Croatia eena o re: “Ke ile ka kopuoa hore ke khaotse ho etsa mosebetsi o itseng ka phuthehong empa ha ke hetla morao kea hlokomela hore keletso eo ke ileng ka e fuoa e ile ea nthusa hore ke matlafatse kamano ea ka le Jehova.”

11. Mor’abo rona Karl Klein o ile a re’ng ka ho mamela keletso?

11 Mohlala o mong oa motho ea ileng a thusoa ke ho mamela keletso ke oa Mor’abo rona Karl Klein, eo e neng e le setho sa Sehlopha se Busang. Paleng ea hae ea bophelo, Mor’abo rona Klein o ile a bontša hore ho na le nako eo motsoalle oa hae e leng Mor’abo rona Joseph F. Rutherford a ileng a mo fa keletso e matla. Mor’abo rona Klein o ile a lumela hore qalong ha aa ka a itšoara hantle ha a ne a fuoa keletso. O ile a re: “Lekhetlo le latelang ha [Mor’abo rona Rutherford] a kopana le ’na o ile a ntumelisa a thabile a re, ‘Lumela Karl!’ Empa kaha ke ne ke ntse ke utloile bohloko ke ile ka arabela ka marameng. Mor’abo rona Rutherford o ile a re, ‘Karl, u itlhokomele! Diabolose o u chehetse leraba.’ Ke ile ka soaba eaba ke re, ‘Che Mor’abo rona Rutherford ha kea u koatela.’ Empa o ne a tseba hore ke ntse ke mo koatetse kahoo o ile a boela a re, ‘Ho lokile empa itlhokomele. Diabolose o u chehetse leraba.’ Mor’abo rona Rutherford o ne a nepile hakaakang! Haeba re koatela mor’abo rona hobane a buile ntho eo a lokelang ho e bua, . . .  re tla etsa hore ho be bonolo hore Diabolose a re tšoase.”c (Baef. 4:25-27) Mor’abo rona Klein o ile a mamela keletso ea Mor’abo rona Rutherford ’me e ile ea lula e le metsoalle ea hlooho ea khomo.

KE’NG E KA RE THUSANG HORE RE MAMELE KELETSO?

12. Ho ikokobetsa ho ka re thusa joang hore re mamele keletso? (Pesaleme ea 141:5)

12 Ke’ng e ka re thusang hore re mamele keletso? Re lokela ho ikokobetsa ’me re hopole hore ha rea phethahala ebile ka linako tse ling re na le ho etsa lintho tse booatla. Joalokaha re bone lirapeng tse fetileng, Jobo o ne a e-na le maikutlo a fosahetseng empa o ile a a fetola ’me Jehova o ile a mo hlohonolofatsa. Hobane’ng? Lebaka ke hobane Jobo o ne a ikokobelitse. O ile a bontša seo ka hore a mamele keletso ea Elihu le hoja Elihu a ne a le monyenyane ho eena. (Jobo 32:6, 7) Ho ikokobetsa ho tla re thusa hore le rona re sebelise keletso eo re e fuoang le haeba re nahana hore ha re e hloke kapa re e fuoa ke motho e monyenyane ho rona. Moholo e mong oa Canada o re: “Re ke ke ra khona ho ntlafatsa haeba ho se na motho ea re eletsang hobane batho ba khona ho bona lintho tseo re sa li boneng ho rona.” Kaofela ha rona re lokela ho sebetsa ka thata hore re be le litholoana tsa moea le ho ntlafatsa mosebetsing oa boboleli.​—Bala Pesaleme ea 141:5.

13. Re lokela ho nka keletso joang?

13 Nka keletso e le tsela eo Molimo a u bontšang hore oa u rata. Jehova o re batlela se molemo. (Liprov. 4:20-22) O bontša hore oa re rata ka ho re fa keletso a sebelisa Lentsoe la hae, lingoloa tse thehiloeng Bibeleng kapa Bakreste ba nang le boiphihlelo. Baheberu 12:9, 10 e re: “O etsa joalo molemong oa rona.”

14. Ke’ng eo re lokelang ho nahana ka eona ha re eletsoa?

14 Nahana ka keletso eseng tsela eo e fanoeng ka eona. Ka linako tse ling, re ka ’na ra nahana hore ha rea fuoa keletso ka tsela e nepahetseng. Ke ’nete hore motho ea fanang ka keletso o lokela ho etsa hore ho be bonolo hore motho e mong a e amohele.d (Bagal. 6:1) Leha ho le joalo, haeba e le rona ba eletsoang re lokela ho nahana ka keletso eo re e fuoang le hoja re ka nka hore re ka be re elelitsoe ka tsela e fapaneng. Re ka ’na ra ipotsa lipotso tsena: ‘Le hoja ke sa rata tsela eo keletso e fanoeng ka eona, na ho na le ntho eo nka ithutang eona ho eona? Na nka iphapanyetsa liphoso tsa motho ea nkeletsang ebe ke ithuta ho hong ho keletso eo a mphang eona?’ E ka ba bohlale hore re fumane ntho eo re ka ithutang eona ho keletso leha e le efe eo re e fumanang.​—Liprov. 15:31.

KOPA KELETSO ’ME E TLA U TSOELA MOLEMO

15. Ke hobane’ng ha re lokela ho kopa keletso?

15 Bibele e re khothalletsa hore re kope keletso. Liproverbia 13:10 e re: “Ho ba rerisanang hammoho ho na le bohlale.” Taba ena ke ’nete hobane hangata batho ba kopang keletso ’me ba sa emele ho eletsoa, ba etsa liqeto tse bohlale ho feta batho ba sa e kopeng. Kahoo, ikemisetse ho kopa keletso ho batho ba bang.

Litšoantšo: 1. Morali oabo rona e mocha o reka liaparo Inthaneteng. O shebile bolause bo ntšitseng liphaka le borikhoe bo penyang. 2. Morali oabo rona e mocha o bontša morali oabo rona ea holileng lintho tseo a ka ratang ho li reka.

Ke hobane’ng ha morali oabo rona e mocha a kopa morali oabo rona ea holileng hore a mo eletse? (Sheba serapa sa 16)

16. Re ka kopa keletso maemong afe?

16 Re ka kopa hore Bakreste-’moho ba re eletse maemong afe? A re bueng ka a mang a ’ona. (1) Morali oabo rona o kopa mohoeletsi ea atlehang tšimong hore a tsamaee le eena ha a il’o ithuta Bibele le motho. Hamorao o kopa hore a mo eletse hore na a ka ntlafatsa tsela eo a rutang ka eona joang. (2) Morali oabo rona oa lesoha o batla ho reka liaparo ’me o kopa morali oabo rona ea holileng hore a mo thuse ho li khetha. (3) Mor’abo rona o tl’o fana ka puo ea hae ea pele ea phatlalatsa. O kopa mor’abo rona ea seng a e-na le nako a fana ka lipuo hore a mamele puo ea hae ’me a mo eletse hore na a ka ntlafatsa hokae. Mor’abo rona eo e seng e le nako a fana ka lipuo, le eena ka ho tšoanang o lokela ho kopa keletso ho bara babo rona ba fanang ka lipuo tse atlehang ’me a e sebelise.

17. Ho mamela keletso ho ka re thusa joang?

17 Nakong e tlang, kaofela ha rona re tla fuoa keletso e tobileng kapa e sa tobang. Ha u eletsoa hopola lintlha tseo re buileng ka tsona sehloohong sena. Lula u ikokobelitse. Nahana ka keletso eseng tsela eo e fanoeng ka eona ’me u e sebelise. Ha rea hlaha re le bohlale empa haeba re ‘mamela keletso ’me re amohela taeo,’ Lentsoe la Molimo le re tšepisa hore re tla “hlalefa.”​—Liprov. 19:20.

U KA ARABA JOANG?

  • Re ka ithuta’ng mehlaleng e ka Bibeleng ea batho ba ileng ba hana ho mamela keletso?

  • Re ka ithuta’ng mehlaleng e ka Bibeleng ea batho ba ileng ba mamela keletso?

  • Ke’ng e ka re thusang hore re mamele keletso?

PINA EA 124 Tšepahalang Kamehla

a Bahlanka ba Jehova baa tseba hore ke habohlokoa hore ba mamele keletso ea Bibele le ho e sebelisa bophelong ba bona. Empa ka linako tse ling ha ho bonolo hore re mamele keletso. Ebe ke hobane’ng ha ho se bonolo? Hona ke’ng e ka re thusang hore keletso eo re e fuoang e re tsoele molemo?

b Mabitso a mang a fetotsoe.

c Sheba Molula-Qhooa oa Senyesemane oa October 1, 1984 leq. 21-28.

d Sehloohong se latelang re tl’o bua ka hore na batho ba fanang ka keletso ba ka fana ka eona joang ka tsela e bohlale.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela