Khaolo ea Leshome le Metso e Mehlano
Mamela Keletso, U Amohele Taeo
1. (a) Ke hobane’ng ha kaofela ha rōna re hloka keletso le taeo? (b) Ho hlokahala hore re hlahlobe potso efe?
BIBELE ho Jakobo 3:2 e re: “Kaofela re khoptjoa hangata.” Re ka nahana ka makhetlo a mangata ao re ileng ra hlōleha ho ba kamoo Lentsoe la Molimo le re phehellang ho ba kateng. Kahoo re lumela hore Bibele e nepile ha e re: “Mamela keletso ’me u amohele taeo, e le hore u ka hlalefa bokamosong ba hao.” (Liproverbia 19:20) Ha ho pelaelo hore re se re fetotse bophelo ba rōna hore bo lumellane le lithuto tsa Bibele. Empa re itšoara joang ha Mokreste-’moho a re eletsa ka taba e ’ngoe e tobileng?
2. Re lokela ho etsa eng ha re eletsoa?
2 Ba bang ba arabela ka ho leka ho itokafatsa, ba bebofatsa ho teba ha boemo, kapa ba jarise ba bang molato. Empa ho molemo ho mamela keletso le ho e sebelisa. (Baheberu 12:11) Ke ’nete hore ha ho motho ea lokelang ho lebella phetheho ho ba bang, kapa hona ho lula a fana ka keletso le linthong tse nyenyane kapa litabeng tseo Bibele e li sieang boikhethelong ba motho. Hape, mohlomong ea fanang ka keletso ha aa ka a hlahloba lintlha kaofela, ’me sena a ka se hlokomelisoa ka tsela e hlomphehang. Empa puisanong e latelang, a re nkeng hore keletso kapa taeo e fanoeng e loketse, e thehiloe Bibeleng. Motho o lokela ho arabela joang?
Mehlala eo re Lokelang ho e Nahana ha re Eletsoa
3, 4. (a) Bibele e fupere eng e ka re thusang ho hlaolela pono e nepahetseng ka keletso le taeo? (b) Morena Saule o ile a itšoara joang ha a eletsoa, hona e le ka phello efe?
3 Lentsoe la Molimo le na le liphihlelo tsa sebele bophelong tsa batho ba ileng ba fuoa keletso e hlokahalang. Ka linako tse ling, keletso e ne e tsamaea le taeo. Motho e mong ea joalo e ne e le Morena Saule oa Iseraele. O ile a hlōleha ho mamela Jehova mabapi le sechaba sa Amaleke. Baamaleke ba ne ba ile ba hanyetsa bahlanka ba Molimo, ’me kahlolo ea Jehova e ne e le hore ho se ke ha bolokoa Baamaleke kapa mehlape ea bona. Empa Morena Saule o ile a boloka morena oa bona le liphoofolo tse ling tsa bona tse ntlehali.—1 Samuele 15:1-11.
4 Jehova o ile a romela moprofeta Samuele ho ea khalemela Saule. Saule o ile a arabela joang? O ile a pheha khang ea hore o hlōtse Baamaleke, empa o ile a mpa a boloka morena oa bona feela. Empa seo se ne se le khahlanong le taelo ea Jehova. (1 Samuele 15:20) Saule o ile a leka ho jarisa batho molato bakeng sa ho boloka mehlape, a re: “Ke ile ka tšaba batho ’me ka mamela lentsoe la bona.” (1 Samuele 15:24) Ho ne ho bonahala a amehile haholo ka seriti sa hae, o bile a kōpa Samuele hore a mo hlomphe ka pel’a sechaba. (1 Samuele 15:30) Qetellong, Jehova o ile a lahla Saule e le morena.—1 Samuele 16:1.
5. Ho ile ha etsahala’ng ka Morena Uzia ha a hana keletso?
5 Morena Uzia oa Juda o ile “a etsa ka ho se tšepahale ho Jehova Molimo oa hae ’me a kena ka tempeleng ea Jehova hore a chese libano.” (2 Likronike 26:16) Empa ke baprista feela ba neng ba lumelletsoe ho chesa libano. Ha moprista ea ka sehloohong a leka ho thiba Uzia, morena o ile a halefa. Ho ile ha etsahala eng? Bibele e re: “Lepera la hlaha ka tšohanyetso phatleng ea hae . . . hobane Jehova o ne a mo otlile. Morena Uzia a tsoela pele e le molepera ho fihlela letsatsing la lefu la hae.”—2 Likronike 26:19-21.
6. (a) Ke hobane’ng ha Saule le Uzia ba hanne keletso? (b) Ke hobane’ng ha ho hana keletso e le bothata bo tebileng kajeno?
6 Ke hobane’ng ha Saule le Uzia ba ile ba ho fumana ho le thata ho amohela keletso? Bothata bo ka sehloohong e ne e le boikhohomoso, e mong le e mong o ne a inahana ho tlōla. Ba bangata ba ipitsetsa masoabi ka lebaka la tšobotsi ena. Ho bonahala ba e-na le maikutlo a hore ho amohela keletso ho fana ka maikutlo a hore ba haelloa ke ho hong kapa ho senya botumo ba bona. Empa boikhohomoso ke bofokoli. Boikhohomoso bo fifatsa monahano oa motho e le hore a batle ho hana thuso e fanoang ke Jehova ka Lentsoe la hae le ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. Kahoo, Jehova oa lemosa: “Boikakaso bo etella ho oa pele, ’me moea o ikhohomosang o etella ho khoptjoa pele.”—Liproverbia 16:18; Baroma 12:3.
Ho Amohela Keletso
7. Ke thuto efe e molemo e ka ithutoang tseleng eo Moshe a ileng a itšoara ka eona ha a eletsoa?
7 Mangolo a boetse a na le mehlala e metle ea ba ileng ba amohela keletso, ’me re ka ithuta ho eona. Nahana ka Moshe, eo mohoe oa hae a ileng a mo eletsa mabapi le ho sebetsana le mosebetsi oa hae o boima. Moshe o ile a mo mamela ’me a e sebelisa hang-hang. (Exoda 18:13-24) Le hoja Moshe a ne a e-na le matla a maholo, ke hobane’ng ha a ile a amohela keletso? Hobane o ne a ikokobetsa. “Moshe o ne a le bonolo haholo ho feta batho bohle ba neng ba le holim’a lefatše.” (Numere 12:3) Bonolo ke ba bohlokoa hakae? Sofonia 2:3 e bontša hore bo bolela bophelo ba rōna.
8. (a) Davida o ile a etsa libe life? (b) Davida o ile a itšoara joang ha a khalemeloa ke Nathane? (c) Liphello tsa libe tsa Davida ke life?
8 Morena Davida o ile a feba le Bathe-sheba ’me a leka ho koahela seo ka ho etsa hore monna oa hae Uria, a bolaoe. Jehova o ile a romela moprofeta Nathane ho ea khalemela Davida. O ile a baka ’me kapele-pele a lumela: “Ke sitetsoe Jehova.” (2 Samuele 12:13) Le hoja Molimo a ile a amohela ho baka ha Davida, o ne a tla latsoa liphello tsa phoso ea hae. Jehova o ile a mo bolella hore sabole ‘e ke ke ea tloha ntlong ea hae,’ hore basali ba hae ba ne ba tla fuoa ‘oa habo’ le hore ngoana eo a neng a mo tsoaletsoe bofebeng boo “ka sebele o tla shoa.”—2 Samuele 12:10, 11, 14.
9. Ha rea lokela ho lebala eng haeba re eletsoa kapa re khalemeloa?
9 Morena Davida o ne a tseba molemo oa ho mamela keletso e utloahalang. Ka lekhetlo le leng, o ile a leboha Molimo ka eo e tlileng ka eena. (1 Samuele 25:32-35) Na re joalo? Haeba ho joalo, re tla sireletseha khahlanong le ho bua le ho etsa lintho tse ngata tseo re tla ikoahlaela tsona. Empa ho thoe’ng haeba re e-ba maemong a ka etsang hore re eletsoe kapa hona ho khalemeloa? A re se keng ra lebala hore hoo ke bopaki ba hore Jehova oa re rata, ’me hona ho tla fella ka hore re iketle ka ho sa feleng.—Liproverbia 3:11, 12; 4:13.
Litšoaneleho Tsa Bohlokoa Tse ka Hlaoleloang
10. Ke tšoaneleho efe eo Jesu a bontšitseng hore ea hlokahala ho ba tlang ho kena ’Musong?
10 Ho ba le kamano e ntle le Jehova le barab’abo rōna ba Bakreste, ho re hloka ho hlaolela litšoaneleho tse itseng. Jesu o totobalitse e ’ngoe ea tsona ha a beha ngoana e monyenyane har’a barutuoa ba hae ’me a re: “Ntle le hore le sokolohe ’me le be joaloka bana ba banyenyane, ho hang le ke ke la kena ’musong oa maholimo. Ka hona, mang kapa mang ea tla ikokobetsa joaloka ngoana enoa e monyenyane ke eena e moholo ’musong oa maholimo.” (Matheu 18:3, 4) Ho ne ho hlokahala hore barutuoa ba Jesu ba hlaolele boikokobetso, kaha ba ne ba ile ba pheha khang ka hore na e moholo ho bona ke mang.—Luka 22:24-27.
11. (a) Ho hlokahala hore re ikokobetse ka pel’a mang, hona hobane’ng? (b) Haeba re ikokobetsa, re tla arabela joang ha re eletsoa?
11 Moapostola Petrose o ile a ngola: “Kaofela ha lōna itlameng ka ho ikokobetsa kelellong e mong ho e mong, hobane Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobelitseng.” (1 Petrose 5:5) Rea tseba hore ho hlokahala hore re ikokobeletse Molimo, empa lengolo lena le bontša hore hape ho hlokahala hore re ikokobelletse balumeli-’moho le rōna. Haeba re etsa joalo, re ke ke ra hlonamisoa ke litlhahiso tse loketseng tseo ba bang ba re fang tsona empa re tla ithuta ho bona.—Liproverbia 12:15.
12. (a) Ke tšoaneleho efe ea bohlokoa e amanang haufi-ufi le boikokobetso? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho ameha ka phello ea boitšoaro ba rōna ho ba bang?
12 Tšoaneleho e ’ngoe e amanang haufi-ufi le boikokobetso ke ho ameha ka boiketlo ba ba bang. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “E mong le e mong a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong. . . . Ka hona, ebang lea ja kapa lea noa kapa le etsa ntho leha e le efe e ’ngoe, le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo. Phemang ho ba lisosa tsa khopiso ho Bajuda hammoho le Bagerike le phuthehong ea Molimo.” (1 Bakorinthe 10:24-33) Pauluse o ne a sa bolele hore re lokela ho lahla lintho tsohle tseo re li ratang, empa o ne a re phehella hore re se ke ra etsa ntho leha e le efe e ka etsang hore motho e mong a be sebete hore a etse seo letsoalo la hae le ntseng le mo bolella hore se phoso.
13. Ke mohlala ofe o ka ’nang oa bontša hore na re tloaetse ho sebelisa keletso ea Mangolo kapa che?
13 Na u etelletsa boiketlo ba batho ba bang ka pele ho seo u se ratang? Kaofela ha rōna re lokela ho ithuta ho etsa joalo. Ho na le litsela tse ngata tsa ho etsa sena. Ka mohlala, nahana ka moaparo le boitlhopho. Tsena ke litaba tse amang khetho ea motho a sa tlōle lintlha tse tataisang tsa Mangolo tsa ho ba ea itekanetseng, ea makhethe le ea hloekileng. Empa haeba u utloela hore, ka lebaka la mokhoa o tloaetsoeng tikolohong ea heno, tsela eo u aparang ka eona le ho itlhopha e thibetse ba bang ho mamela molaetsa oa ’Muso, na u ka etsa liphetoho? Ka sebele, ho thusa motho e mong hore a fumane bophelo bo sa feleng ke habohlokoa haholo ho feta ho ikhahlisa.
14. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho hlaolela boikokobetso le ho ameha ka ba bang?
14 Ka ho ikokobetsa le ka ho bontša ho ameha ka ba bang, Jesu o ile a beha mohlala, o bile a hlatsoa barutuoa ba hae maoto. (Johanne 13:12-15) Lentsoe la Molimo le bua tjena ka eena: “Bolokang boikutlo bona ba kelello ho lōna bo neng bo le teng le ho Kreste Jesu, eo, le hoja a ne a le teng ka sebōpeho sa Molimo, a sa kang a nahana ho inkela ka mahahapa, e leng, hore o lokela ho lekana le Molimo. Che, empa o ile a ikhokhotha ’me a nka sebōpeho sa lekhoba ’me a tšoana le batho. Ho feta moo, ha a iphumana ka sebōpeho e le motho, o ile a ikokobetsa ’me a mamela ho isa lefung.”—Bafilipi 2:5-8; Baroma 15:2, 3.
U se ke Ua Hana Taeo ea Jehova
15. (a) Ke liphetoho life tseo ho hlokahalang hore re Ii etse e le hore re ka ba le botho bo thabisang ho Molimo? (b) Jehova o re lokiselitse keletso le taeo kaofela ha rōna ka mekhoa efe?
15 Kaha kaofela re baetsalibe, ho hlokahala hore re fetole boikutlo ba rōna le boitšoaro hore re tle re bonahatse botho ba Molimo oa rōna. Ho hlokahala hore re apare “botho bo bocha.” (Bakolose 3:5-14) Keletso le taeo li re thusa hore re tsebe moo ho hlokahalang hore re etse liphetoho teng ebe joale re bona mokhoa oa hore na re li etsa joang. Mohloli o moholo oa taeo eo re e hlokang ke Bibele ka boeona. (2 Timothea 3:16, 17) Lingoliloeng tsa Bibele le liboka tse lokiselitsoeng ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova li re thusa ho sebelisa Lentsoe la Molimo. Esita le haeba re kile ra utloa keletso eo pele, na re tla hlokomela hore rea e hloka ’me re leke ho ntlafatsa?
16. Ke thuso efe eo Jehova a e fang e mong le e mong oa rōna?
16 Jehova o re thusa ka mathata a rōna ka ho ameha ka lerato. Ba limilione ba thusitsoe ka lithuto tsa mahae tsa Bibele. Batsoali ba eletsa le ho laea bana ba bona ka ho ba sireletsa boitšoarong bo ka ba bakelang masoabi. (Liproverbia 6:20-23) Ka phuthehong, hangata ba bang ba kōpa keletso le litlhahiso ho basebeletsi ba nang le phihlelo e le hore ba ka ntlafatsa boiteko ba bona tšebeletsong ea tšimo. Ka linako tse ling, baholo ba ka kōpa ba bang keletso kapa ba e kōpa ho ba bang ba nang le phihlelo tšebeletsong. Ba nang le litšoaneleho tsa moea ba sebelisa Mangolo ho thusa ba e hlokang, ba etsa joalo ka moea o bonolo. Haeba le fana ka keletso, hopolang ho lula le “ipehile leihlo, esere le lōna le ka lekoa.” (Bagalata 6:1, 2) E, kaofela re hloka keletso le taeo e le hore re rapele Molimo a le mong feela oa ’nete re kopane.
Tlhahlobo
• Jehova o re thusa joang ka lerato ho bona moo re hlokang ho etsa liphetoho teng?
• Ke hobane’ng ha ba bangata ba thatafalloa ke ho amohela keletso e hlokahalang, hona see se tebile hakae?
• Ke litšoaneleho life tsa bohlokoahali tse tla re thusa ho amohela keletso, hona Jesu o ile a re behela mohlala joang ho see?
[Litšoantšo tse leqepheng la 142]
Uzia o ile a hana keletso ’me a otloa ka lepera
Moshe o ile a rua molemo ka ho amohela keletso e tsoang ho Jethro