Na Kamehla Ua Utloisisa?
MOENA e moholo o ne a halefile hampe. O ne a halefetse moena oa hae. E be sesosa sa khalefo eo e ne e le sefe? Moena oa hae o ne a filoe tlhokomelo eo a e tinngoeng. Ha khalefo ea hae e ntse e hōla, motho eo a tloaelaneng le eena ea bohlale a mo eletsa hore a laole maikutlo a hae a kotsi. Ho seng joalo ho ne ho tla etsahala ntho e ’ngoe e mpe. Empa monna eo a hlokomoloha keletso eo e ntle. Ho e-na le hoo, ka sehlōhō, a bolaea moena oa hae.
Monna eo e ne e le Kaine, mora oa letsibolo oa batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva. Kaine o ile a bolaea moena oa hae Abele ha Jehova a amohela sehlabelo sa Abele ’me a hana sa Kaine. Motho ea bohlale ea tloaelaneng le eena e ne e se mang kapa mang ha e se Jehova Molimo, ea ileng a fana ka keletso e lerato eo Kaine a ileng a e hana. Ka baka leo, polao ea futuhela lelapa la motho le se nang phihlelo, ’me Kaine o ile a ahloleloa ho phela bophelo bohle ba hae bo bolelele e le ea lahliloeng. Ke phello e bohloko hakaakang ka lebaka la ho hlōleha ho utloisisa keletso!—Genese 4:3-16.
Lilemo tse makholo-kholo kamor’a Kaine, Morena Davida oa Iseraele o ile a feba le Bathe-Sheba mosali oa Uria Mohethe, ’me mosali eo a ima. Davida a leka ho itšebeletsa bothata bona ka ho leka ho khothaletsa Uria hore a kene ho mosali oa hae. Ha a hana, Davida a lokisetsa hore Uria a shoele lebaleng la ntoa e be joale o nyala Bathe-Sheba, ho qoba hore Bathe-Sheba a tle a se ke a shoa e le sefebe. Moprofeta oa Molimo a tla ho Davida ’me a mo hlokomelisa ka botebo ba seo a se entseng. Davida a utloisisa keletso eo kapele-pele. Kahoo, le hoja bophelo bohle ba hae a ile a utloa liphello tsa tlōlo eo ea hae, Jehova o ile a amohela pako ea hae e tlohang botebong ba pelo.—2 Samuele 11:1–12:14.
Mehlala ena e ’meli ea histori e bontša bohlokoa ba ho mamela keletso. E ka etsa phapang pakeng tsa katleho le ho hlōleha, thabo le masoabi, esita le lefu le bophelo. Hase feela Bibele e reng: “Tsela ea leoatla e lokile mahlong a lona, empa ea amohelang keletso o bohlale.” (Liproverbia 12:15) Empa ha ho bonolo ho mamela keletso. Hobane’ng? Ntlheng ee re ka hlaolela boikutlo bo botle ba Morena Davida joang le ho qoba mohlala o mobe oa Kaine?
Boikokobetso boa Thusa
Ke hangata haholo batho ba ho fumanang ho le thata ho mamela keletso hobane ba ke ke ba amohela ’nete ea hore ba hloka thuso. Kapa haeba ba e amohela, ba sitoa ho bona hore na ke hobane’ng ha ba lokela ho amohela keletso e tsoang ho motho enoa. Ka sebele, hona ke boikhohomoso, ’me ho nahana haholoanyane ho ka thusa ho bo hlōla. Ka mohlala, Pauluse o itse: “Hobane bohle ba sitiloe, ’me ha ba tšoaneloe ke khanya ea Molimo.” (Ba-Roma 3:23) Hoo ho re bolella hore e mong le e mong o hloka keletso nako le nako. Hape ho re bolella hore le bona ba re eletsang ba na le mefokolo. Ha ho na mokhelo. Kahoo, u se ke ua lumella mefokolo e bonahalang ea motho e mong hore e u thibele ho amohela thuso leha e le efe eo a ka bang boemong ba ho u fa eona.
Jesu o ile a hatisa hore hoa hlokahala ho loantša boikhohomoso ha a bolella balateli ba hae hore: “Ha le sa fetohe, la ba joale ka bana, ha le ka ke la kena ’musong oa maholimo.” (Mattheu 18:3) Bana ba banyenyane ba ikutloa ba sireletsehile ha batsoali ba bona ba ba eletsa le ho ba tataisa. Na u ikutloa ka tsela e tšoanang ha motho e mong a u eletsa, u hlokomela hore keletso e joalo e paka hore motho eo oa u rata e bile o amehile ka uena? (Ba-Heberu 12:6) Morena Davida, ea ileng a ithaopela hore ka boikokobetso a amohele keletso o ile a bula tsela bakeng sa hore Jehova a amohele pako ea hae, o ile a susumelletseha ho ngola: “Ea lokileng a ke a nkotle, ke molemo; a ke a ntaee, ke oli hlohong ea ka.”—Pesaleme ea 141:5.
Boikutlo bo bonolo joalo bo ka re thusa ha keletso eo re e fumanang e ama libaka tse sa beeloang melao. Ka mohlala, haeba re eletsoa hore mokhabo oa rōna kapa moaparo oa rōna o kholokhothehisa ba bang ka phuthehong, ho ka ’na ha hlokahala boikokobetso ba sebele hore u utloisise. Leha ho le joalo, ho etsa joalo e tla be e le ho latela keletso ea moapostola Pauluse: “Ho se ke ha e-ba motho ea batlang tse tšoanelang eena a ’notši, empa motho ka mong a ke a batle le tse tšoanelang ba bang.”—1 Ba-Korinthe 10:24.
Ka thabo, Jehova o fane ka Bibele, e tletseng likeletso tse molemohali. Ha e le hantle, lentsoe “keletso” ka mekhoa ea lona e sa tšoaneng le fumanoa ka ho eona ka makhetlo a fetang 170. Hape, o fane ka balisa ba lerato ho re thusa ho sebelisa keletso ena. Tokisetso ea lelapa ke tokisetso e ’ngoe e tsoang ho Jehova bakeng sa ho fana ka thuso e lerato ka keletso e tsoang ho batsoali ba hlokomelang boikarabelo ba bona. Kamehla a re mameleng keletso e joalo ka boikokobetso.
‘E Ba Mafolofolo ho Utloa’
Jakobo 1:19 ea eletsa: “Motho ka mong a ke a be mafolofolo ho utloa, a liehe ho bua, a liehe le ho halefa.” Hona ke ’nete haholo-holo ha re fuoa keletso. Hobane’ng? Ka lebaka le le leng, na hase ’nete hore hangata re hlokomela mefokolo ea rōna, ’me hase ho re makatsang ka ho feletseng ha motsoalle ea amehileng a re supisa eona ’me a fana ka keletso? Ka sebele ho nolofaletsa bohle ba amehileng haeba ka potlako re lemoha seo a lekang ho se bua ’me ka boikokobetso re amohela thuso e lerato.
Ha motsoalle a re atamela ka keletso, re lokela ho hopola hore e ka ’na eaba o tšoenyehile kelellong. Ho eletsa ha ho bonolo. Mohlomong ea tlang ho eletsa o nahanne haholo ka mantsoe kapa katamelo e ka sebelisoang. Moholo a ka ’na a qala moqoqo ka ho re babaletsa karolo e ’ngoe ea tšebeletso ea Bokreste eo re etsang hantle ho eona. Empa hoo ha hoa lokela ho re etsa hore re belaelle sepheo sa hae ha a tsoela pele ho fana ka keletso. Ea fanang ka keletso a ka ’na a qala a koekoetla taba, a leka hore e be ea bohlale kapa ea sa tobeng habohloko. Ho lemoha ha rōna ka ho lekaneng hore re ka utloisisa ka potlako ho tla thusa ea eletsang mosebetsing oa hae ’me mohlomong ho tla re fokoletsa maikutlo a bohloko.
Ka linako tse ling moeletsi a ka ’na a sebelisa mohlala kapa lipapiso ho re thusa hore re utloisise taba. Mohlankana e mong e ne e e-so ho be mofosi ea etsang liphoso tse tebileng, empa o ne a le tseleng e fosahetseng. Ha a behelana mabaka le eena, monna oa Mokreste ea hōlileng a nka rulara e neng e beiloe tafoleng. A temekisa rulara eo ka letsohong la hae, a botsa: “Haeba ke koba rulara ka tsela ena, na nka ’na ka metha mola o otlolohileng ka eona?” Mohlankana eo a utloisisa. O ile a ’na a leka ho koba melao hore e tšoanelehele litakatso tsa hae. Papiso ena e ile ea mo thusa ho latela keletso e bohlale ea Liproverbia 19:20: “Mamela keletso, u amohele taeo.”
Hlokomela Keletso e sa Tobang
Masene a joalo a ka ’na a re thusa ho rua molemo keletsong e sa tobang, leha motho e mong a sa kenella. Hona ho etsahetse tabeng e ’ngoe ea mohlankana e mong Portugal. O ne a ithuta Bibele ’me a fumana kopi ea buka Bocha ba Hao—Ho Fumana se Molemohali ho Bona. Matsatsi a seng makae feela hamorao, o ile a senola hore o se a balile buka eo ka makhetlo a mararo ’me e mo thusitse. Ka tsela efe? Mocha enoa o buile tjena:
“Ke ne ke se na tšepo ea sebele ka bokamoso, empa khaolo 2 [“Lebaka Leo ka Lona U ka Lebellang Nako e Tlang ka Tšepo”] e file bophelo ba ka moelelo. Hape, ke ’nile ka pholla litho tsa ka tsa botona bakeng sa ho ikhotsofatsa ka lilemo tse ’maloa joale ’me ha ho na motho ea kileng a mpolella hore hona ha ho khahlise Molimo le hore ho kotsi ho ’na. Kamor’a hore ke bale khaolo ea 5 [“Ho Pholla Litho tsa Botona le Botšehali ho li Khotsofatsa le Bosodoma”], ke ile ka etsa qeto ea ho khaotsa tloaelo ena. Khaolo ea 7 [“Liaparo tsa Hao le Ponahalo—Lia U Hlalosa”] e nthusitse ho nka ponahalo ea ka ea botho e le ea bohlokoa, ’me joalokaha le ka bona, ke se ke kutile moriri.”
O ile a tsoela pele: “Ke ’nile ka tsuba ka lilemo. Khaolo ea 15 [“Meriana e Thethefatsang—Na ke Senotlolo se Isang Bophelong ba Sebele?”] e nthusitse haholo ntlheng eo. Ke ile ka rapela Jehova, ’me ho tloha ka Sontaha ha ke e-so ho tsube sakerete le e ’ngoe. Ka nako e telele ke ’nile ka kopanela liphate le kharebe ea ka, empa khaolo ea 18 [“Na Boitšoaro ba Botona le Botšehali bo na le Kelello?”] e ile ea ntlhokomelisa pono ea Molimo ka taba ena. Ke se ke buile le eena ka taba ena, ’me o entse qeto ea ho khaotsa kamano ea rōna.”
Ke thabo e kaakang ho bona liphetoho tse joalo ka nako e khutšoanyane hakaalo bophelong ba motho e mocha! Ke eng ho entseng hore ho be bonolo? ’Nete ea hore o ile a khona ho hlokomela seo a se balang e le keletso e sebetsang ho eena ka seqo.
Ho Mamela Keletso ho Tlisa Melemo
Keletso—ho sa tsotellehe hore na e tla ho rōna ka mokhoa o sa tobang ka Bibele kapa ka libuka tsa Bibele, kapa ka ho toba ho tsoa ho motsoalle—e ka ba molemo. Hona ho bonoa phihlelong ea ntate e mong ea ileng a batla thuso ho banna ba hōlileng moeeng phuthehong ea habo hobane mora oa hae ea lilemo li 18 o ne a sa arabele boitekong ba hae ba ho mo khalemela. Baholo ba Bakreste ka lerato ba behelana mabaka le ntate enoa, ea neng a e-na le cheseho ea ho sebeletsa Molimo empa eo ho bonahalang a ne a hloka ho leka-lekana bakeng sa ho sebelisana le lelapa la hae.
O ile a balloa mantsoe a Pauluse: “’Me lōna bo-ntat’a bana, le se ke la halefisa bana ba lōna; le mpe le ba hōlise ka ho ba laea le ka ho ba rutela Moreneng.” (Ba-Efese 6:4) Ntate enoa o ile a kōptjoa hore a nahane: Na tsela eo a lekileng ho khothaletsa mora oa hae ka eona, le hoja a ne a mo khalemela ka maikutlo a matle, ha e le hantle e ile ea khopisa mora? Na e bile taba ea ho lebella hore mora a oele boemong bo tšoanang ba cheseho eo ntat’ae a nang le eona libokeng tsa Bokreste le tšebeletsong ea Bokreste ntle le ho leka ho kenya lerato la lintho tse joalo pelong ea hae? Na o thusitse mora oa hae ho ‘ithuta ho tšaba Jehova Molimo oa hae?’—Deuteronoma 31:12, 13.
Ntate eo o ile a mamela keletso eo ’me a e sebelisa. Phello? Mora oa hae ea lilemo li 18 hona joale o kopanela libokeng tsa Bokreste, ’me ntate o khanna thuto ea Bibele ea beke le beke le eena. ’Me joalokaha ntate enoa a hlalositse, “Hona joale re na le kamano e ntle ea ntate le mora.” E, ka bobeli ntate le mora ba ile ba utloisisa keletso eo.
Ha ho pelaelo hore bohle re etsa liphoso ’me re hloka keletso nako le nako. (Liproverbia 24:6) Haeba re utloisisa ’me re ela hloko keletso e bohlale, re tla thabela mahlohonolo a mangata. Har’a oona e tla ba tlhohonolofatso ea bohlokoa ho feta tsohle: ho hlaolela le ho boloka kamano e molemo ea botho le Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova. Kahoo, re tla pheta mantsoe a Morena Davida: “Ke rorisa Jehova, hobane e bile moeletsi oa ka.”—Pesaleme ea 16:7.