Ho Jala le ho Nosetsa—Mehato e Isang ho Etseng Barutuoa
1 “’Na, ke hlomile, Apollose eena o noselitse, empa Molimo ke oona o melisitseng.” (1 Ba-Kor. 3:6) Moapostola Pauluse o ile a hlokomela mehato e meraro ea motheo mosebetsing oa ho etsa barutuoa ba Kreste. Mehato e ’meli ea pele, ho jala le ho nosetsa, e akarelletsa tokelo le boikarabelo boo bahlanka ba Molimo ba inehetseng le ba kolobelitsoeng ba nang le bona.
2 Sena se hloka hore ba bolele phatlalatsa le ka ntlo le ntlo, ka mokhoa o sa reroang, le ka litsela tse ling. Se boetse se akarelletsa ho ruta batho mohato ka mohato ho boloka lintho tsohle tseo Jesu a li laetseng. (Matt. 28:19, 20) Mohato ona oa ho ruta o ka finyelloa feela ka ho etsa maeto a ho boela ho ba bontšang thahasello, ho kopanela le bona lipuisanong tsa Bibele, le ho ba khannela lithuto tsa Bibele. Na u ipaka u le mosebetsi-’moho ea tšepahalang, ea sebelisanang le Jehova ka ho jala peō ea ’nete e be ua khutla bakeng sa ho nosetsa le ho hlaolela ho hlokahalang?—1 Ba-Kor. 3:9.
HLOKOMELA SE KA ETSAHALANG LE SE HLOKAHALANG
3 Selemong sa tšebeletso sa 1990 mona Afrika Boroa, re abile libuka le libukana tse ka bang 837 000 le limakasine tse fetang limillione tse 5,5! (Botswana ho abiloe libuka le libukana tse 18 148 le limakasine tse 65 690; Lesotho 12 812 le 79 729; Namibia 29 137 le 83 097; St. Helena 409 le 11 188 le Swaziland 14 961 le 82 654.) Hape, batho ba fetang 130 000 ba ile ba ba teng Sehopotsong, e leng palo e fetang hōle 46 595 e leng palo e akaretsang ea bahoeletsi bakeng sa selemo seo. Kabo ea lingoliloeng ke karolo ea bohlokoa ea mosebetsi oa rōna oa ho jala. Peō ea ’nete e jetsoeng ka tsela ena e na le menyetla e mengata ea ho hlahisa barutuoa ba bacha, empa na rōna, joaloka basebetsi-’moho le Molimo, re ikutloa re susumelletseha ho etsa maeto a ho boela ho batho baa le ho hlaolela thahasello ea bona litabeng tsa Bibele? Ka karolelano mohoeletsi ka mong liphuthehong tsa Afrika Boroa hona joale o na le lithuto tsa Bibele tse 0,6. (Ka karolelano mohoeletsi ka mong Botswana o khanna lithuto tsa Bibele tse 0,8; Lesotho 1; Namibia 0,7; St. Helena 0,5 le Swaziland 0,9.) Re kholisehile hore karolelano ena e ne e ka ntlafala haeba mohoeletsi e mong le e mong a ne a ka ela hloko boikarabelo ba hae ba botho ba ho fetela ka ’nģane ho bohato bo qalang ba ho jala peō ea ’nete feela ’me a hahamalla ho khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse tsoelang pele. Le hoja ba bang, ka baka la mefokolo e sa tšoaneng, ba ka ’na ba sitoa ho khanna thuto ea lehae ea Bibele e le ’ngoe kapa tse eketsehileng, ho molemo hore e mong le e mong a hlahlobe boemo ba hae ba botho.
4 Hoa thahasellisa ho bona se etsahalang libakeng tse ling. Liphutheho li na le tšimo e behang litholoana ’me li tlaleha karolelano ea thuto e le ’ngoe ea Bibele kapa tse peli bakeng sa mohoeletsi ka mong. Keketseho ea barutuoa ba bacha e lekana le ea lithuto tsa Bibele tse khannoang. Sena se ka bonoa ka ho bapisa karolelano ea palo ea bahoeletsi le palo ea lithuto tsa Bibele linaheng tse sa tšoaneng joalokaha e tlalehiloe ho 1991 Yearbook.
5 Se lokelang ho re susumelletsa ho khanna lithuto tsa Bibele ke lerato bakeng sa batho ba arabelang molaetseng oa ’Muso oo re o bolelang. Re tlameha hore ka tieo re be le kameho e lerato bakeng sa batho joaloka Jehova re be re ananele hore poloko ea bona e amana le khōlo ea moea. (1 Pet. 2:2) Joaloka limela tsa sebele tse hlokang metsi hore li hōle, hase ka mehla batho ba bontšang thahasello molaetseng oa ’Muso ba tla qala ho kopanela libokeng ka ntle le hore ka lithuto tsa Bibele ba tataisetsoe phuthehong ea Molimo ka mehla.
6 Ho bontša kutlo ha rōna hoa kenella tabeng ena. Jesu o itse bao e leng ba ’nete ba utloa lentsoe la hae. (Joh. 18:37) O ile a laela barutuoa ba hae ho bolela le ho ruta, ’me a ba hlomella bakeng sa ho etsa mosebetsi oo. Ka mohlala oa hae o hlahelletseng joaloka tichere le ka kameho ea hae e tebileng bakeng sa batho, Jesu o ile a re behela mohlala oo re lokelang ho o latela ha re thusa ba bang. (Luka 6:40; Joh. 13:13; 14:12) Boiteko ba rōna bo ka tlatsetsa polokong ea rōna esita le polokong ea bao re ba rutang.—1 Tim. 4:16.
LITHUSO TSA HO QALISA LITHUTO TSA BIBELE
7 Ho etsa hore mosebetsi oa hae e be o phethahetseng, setsebi sa mosebetsi oa matsoho se khetha lithulusi tsa sona ka har’a lithulusi tse sa tšoaneng tse fumanehang. Joaloka matichere, re na le libuka tse ngata tse lokiselitsoeng, tse akarelletsang libukana tse boholo ba makasine le lipampitšana, lithulusi tse lokiselitsoeng ho re thusa hore re finyelle lipelo tsa batho ba limelo le lipono tse sa tšoaneng.
8 Bahoeletsi ba bang ba bile le liphihlelo tse molemo ha ba sebelisa lipampitšana le libukana tse boholo ba makasine ho etsa kenyelletso ea lipuisano tsa Bibele. Ka mohlala, pampitšana ena ea Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso e bontša le ho qotsa mangolo a fetang 20 a fapaneng ha e thathamisa litšobotsi tsa bohlokoa tsa tšepo ena e babatsehang. Mangolo ana a ka sebelisoa bakeng sa ho hlophisa lipuisano tsa Bibele tse ngata tse susumetsang. Libukana tsa rōna tse boholo ba makasine, ka tsela e hapang tlhokomelo le e bonolo, le tsona li ka etsa hore batho ba tloaelane le linnete tsa motheo tsa Bibele le ho ba susumetsa hore ba tsoele pele ho etsa lipatlisiso.
9 Na u tseba e mong ea sa rutehang hakaalo kapa ea sa boneng hantle mahlong? Na u kile ua leka ho sebelisa bukana e boholo ba makasine Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! ho rala motheo oa puisano ea Bibele e tsoelang pele le motho ea joalo? Bukana “Bonang,” ke kofuto e ’ngoe e ntle, e na le lirapa tse qalang tseo ka bohlale li etsang hore mong’a ntlo a kenelle ho ithuteng ka litšepiso tsa Molimo bakeng sa bokamoso. ’Me ka sebele buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e hatisitsoeng ka 1982, e bile e sebetsang bakeng sa ho thusa karolo e khōlō ea batho ba fetang 1700 000 ba ileng ba kolobetsoa ho tloha ka nako eo.
HO JARA BOIKARABELO MABAPI LE BA THAHASELLANG
10 U ka ’na ua fumana ho le molemo hore u shebe karete ea hao ea Tlaleho ea Mohoeletsi oa Phutheho ’me u ngole lenane la libuka, libukana (ho akarelletsa le libukana tse boholo ba makasine), le limakasine tseo u nehelaneng ka tsona likhoeling tse 12 tse fetileng. Na haesale u qetella ka ho nehelana ka lingoliloeng tsee? Kapa u ile ua fetela ka ’nģane ho bohato ba ho jala? Ho batho ba bontšitseng thahasello ea ho nka lingoliloeng tsa rōna, ke ba bakae bao u ileng ua boela ho bona kapele-pele? Na u ile ua khutlela ka sepheo sa ho bona hore na peō eo u e jetseng e metse? Na u ile ua khutlela ho ea e nosetsa eaba u rapela Jehova hore a e melise?—Bapisa le Liketso 16:14 le 2 Ba-Thessalonika 3:1.
11 Mohlomong ha u etse maeto a ho boela kapa hona ho khanna lithuto tsa Bibele hobane u ikutloa u sa tšoanelehe. Mohlomong sena se bakoa ke boikutlo ba hao, hase hore u ke ke ua khona ho etsa seo. Jehova ha aa romela batho ba hae hore ba etse mosebetsi a sa ba hlomella ka ho lekaneng le ho ba etsa hore ba tšoanelehe. Ka lentsoe la hae le halalelang le phutheho, o re lokisetsa ho etsa ‘mesebetsi eohle e molemo.’ (2 Tim. 3:16, 17; 2 Ba-Kor. 3:5, 6) Ka moea o halalelang, lingoliloeng, le lipuo tse laeang le lipontšo tse etsoang sethaleng, re se re sa bue ka mehlala e phelang ea basebeletsi ba nang le tsebo le ba inehetseng ba ikemiselitseng ho re thusa, O re fa seo re se hlokang. Ha re hloke thuto e phahameng ea lefatše e le hore re ka khanna thuto ea Bibele. Ho hlokahala hore re arabele thutong e phahameng haholoanyane ea moea eo phutheho ea Jehova e fanang ka eona.—Bapisa le Liketso 4:13.
12 Ho sebelisa se fanoeng ho Tšebeletso ea Rona ea ’Muso, Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, Seboka sa Tšebeletso, le mecha e meng ea thuto hoa hlokahala. Moapostola Pauluse o ile a bolella Bakreste ba Baheberu ka tsela e tobileng: “Hobane, ruri, le hoja le ne le lokela ho ba matichere ho latela nako, le boetse le hloka hore e mong a le rute ho tloha qalong liphatlalatso tse halalelang tsa Molimo tseo ho qaloang ka tsona.” (Ba-Heb. 5:12, NW) Motho ea sebelitseng mosebetsi o itseng ka lilemo tse ngata o lebelletsoe hore e be o se a na le tsebo e itseng tšebelisong ea lithulusi tsa hae. Tsoelo-pele e bang teng ka ho ithuta mokhoa oa ho tšoara lipuisano tsa Bibele, e tla bonahala ha re bontša thahasello ea sebele le ho etsa boiteko bo matla.—Liprov. 12:24; 22:29.
13 Ho boela ho ba bontšang thahasello molaetseng oa ’Muso le ho buisana le bona ka ho eketsehileng ka litaba tsa Bibele ho hloka nako le boiteko. Empa re lokela ho ananela hore ho ba ha rōna ’neteng ke pontšo ea lerato la Jehova le mosa o sa tšoanelang. Sena se bontšitsoe ka motho ea ileng a qeta lihora tse ngata a re ruta ’nete ka mamello. Ka ho tšoanang, lerato le lokela ho re susumelletsa ho reka nako e hlokahalang le ho e nehela mosebetsing ona oa bohlokoa haholoanyane oa ho etsa barutuoa.—2 Ba-Kor. 5:14, 15; Ba-Ef. 5:15, 16.
14 Liphutheho tse ngata li sebelisitse tlhahiso ea Mokhatlo ea ho etsa litokisetso bakeng sa bopaki ba mantsiboea. Hangata lihora tse qalang tsa mantsiboea ke nako e molemo bakeng sa ho etsa maeto a ho boela ho ba bontšitseng thahasello. Tlaleho ea ntlo le ntlo, e fanang ka boitsebiso bo hlakileng ka batho ba paketsoeng, ea hlokahala bakeng sa ho etsa maeto a ho boela a atlehileng le ho qalisa lipuisano tsa Bibele. U se ke ua kenya litlaleho tse joalo ka bukeng kapa ka Bibeleng eaba ua li lebala. Ho lebala ho etsa leeto la ho boela ho fihlela libeke tse itseng hamorao ha ho etsahala hore u be sebakeng seo ho bula monyetla oa hore motho a eteloe ke mahlahana a Satane, a thabelang ho hlotha seo e ka ’nang eaba se jetsoe pelong ea motho. (Luka 8:12) Na u tla hanela maraba a Satane ka ho etsa maeto a ho boela kapele-pele? Haeba u lemoha boikarabelo ba hao ’me u ananela tokelo ea hao, u tla khutlela kapele-pele, haeba ho ka etsahala.—1 Ba-Kor. 9:16, 23.
KAMOO U KA QALISANG THUTO EA BIBELE
15 Ho qalisa thuto ea Bibele ha ho hloke mekhoa e thata, e rarahaneng. Batho ba bang ba ka ’na ba amohela memo e tobileng ea hore u ba khannele thuto ea lehae ea Bibele hang-hang. Leha ho le joalo, bahoeletsi ba bangata ba khetha hore ba se ke ba bua ka thuto empa ba lebise puisano ea Bibele thutong.
16 Ho hlokahala hore re rate batho ’me re be le takatso ea ’nete ea ho ba thusa. Tokisetso e ntle le eona ea hlokahala. Sena se lokela ho akarelletsa ho hlahloba lintlha tseo u li ngotseng ka seo le seng le buisane ka sona le motho eo le ho etsa qeto ka mokhoa oo u tla mo atamela ka ’ona ha u ntšetsa pele puisano ea Bibele. E-ba le mohopolo o akaretsang oa seo u batlang ho se finyella ka lintlha tsa hao. Na u tla khetha mangolo a seng makae a eketsehileng tabeng eo le buisaneng ka eona nakong e fetileng? Kapa u ka phetla pampitšana kapa buka eo a nang le eona le ho ithuta lirapa tse seng kae tse qalang le eena? U ka ’na ua khetha taba eo a bontšitseng thahasello ho eona. Qalong, nka feela metsotso e 10 kapa e 15. U ka eketsa nako butle-butle, u itšetlehile ka botebo ba thahasello eo a e bontšang. Kahlolo ea hao e molemo e lokela ho u thusa ho lemoha hore na u ka tsoela pele joang le hore na u lokela ho lula nako e telele hakae.
17 Ho ’nile ha fanoa ka litlhahiso tse ngata tse thusang ho theosa le lilemo ho u thusa ho nka mehato e tsoelang pele tabeng ea ho etsa barutuoa. E le karolo ea letoto la litlhahiso tseo, litokollo tsa Tšebeletso ea Rona ea ’Muso tsa October le November 1990 li na le lihlooho tsena tse thusang, “Finyella Lipelo ka Lithuto tse Atlehileng tsa Bibele” le “Ho Lebisa Liithuti tsa Bibele Mokhatlong o Hlophisitsoeng oa Jehova.” Tšebeletso ea Rona ea ’Muso ea February 1987 e ne e e-na le sehlooho “Ho Lokisetsa Lithuto tsa Mahae tsa Bibele le ho li Khanna.” Ho hlahloba Index ka potlako tlas’a sehlooho “Bible Studies” ho tla u lebisa boitsebisong bo eketsehileng bo thusang.
18 Hlokomela se etsoang Thutong ea Buka ea Phutheho joaloka mohlala oa mokhoa oa ho khanna lithuto tsa Bibele. Ho hlakile hore thutong ea lehae ea Bibele, ha ho na tekanyo ea boitsebiso boo u lokelang ho bo akaretsa. Kahoo u lokela ho lekanyetsa lebelo leo u khannang thuto ka lona ho latela matla a kutloisiso ea seithuti le litlhoko tsa sona. Ho phaella moo, molebeli oa tšebeletso le bahoeletsi ba bang ba nang le phihlelo le bo-pula-maliboho ba tla thabela haholo ho tsamaea le uena le ho fana ka litlhahiso tse sebetsang tabeng ea ho khanna lithuto tsa Bibele tse tsoelang pele.
19 Kaha rea hlokomela hore Jehova o phetha karolo e ka sehloohong boitekong ba rōna ba ho thusa batho, ha rea lokela ho rapella ho fumana motho eo re ka ithutang le eena feela empa hape re lokela ho rapella hore bao re ba fumaneng ba thahasellang ba tsoele pele. Maikutlo a rōna a lokela ho tšoana le a moapostola Pauluse ha a ne a pakela Morena Agrippa: “Hoja Molimo o ka etsa, kapa haufi, kapa khale, hore, e seng uena feela, empa le bohle ba ’mamelang kajeno, le be joale ka ’na.” (Lik. 26:29) Pauluse o ne a batla hore batho ba mo utloang e be barutuoa ba ’nete ba Kreste, ho sa tsotellehe hore na hoo ho ne ho ka hloka nako e khutšoanyane kapa e telele ea thuso ea botho.
20 Ho khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele ho re nolofalletsa hore re “fane ka bopaki bo phethahetseng ba litaba tse molemo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo.” (Lik. 20:24, NW) Batho ba bangata haholo ba e-song ho bolelloe ba ka ’na ba tloha lefifing ba kena leseling le ho tloha matleng a Satane ba sokolohela ho Molimo. (Lik. 26:18) Uena, mosebeletsi oa Jehova ea inehetseng le ea kolobelitsoeng, u lokela ho phetha karolo ea hao ka ho jala peō ea ’nete ’me u khutlele ho ea e nosetsa ka lipuisano tsa Bibele le lithuto tsa ka mehla tsa mahae tsa Bibele. Ka ho etsa joalo u tla fumana thabo e ngata ha u bona batho ba fetoha barutuoa ’me ba kopanela le uena ho thuseng ba bang ho fetoha barutuoa ba Jesu Kreste.