Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/04 leq. 1
  • Karolo ea 1: Thuto ea Bibele ke Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo ea 1: Thuto ea Bibele ke Eng?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khanna Lithuto Tse Hatelang Pele U Eme Monyako le ka Thelefono
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Karolo ea 12: Ho Thusa Liithuti ho Qalisa Lithuto Tsa Bibele le ho li Khanna
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Seo Bibele e se Rutang—Ke Buka ea Rōna e ka Sehloohong e Sebelisoang Lithutong Tsa Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Khanna Lithuto Tsa Bibele ka Buka ea Rapela Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 7/04 leq. 1

Karolo ea 1: Thuto ea Bibele ke Eng?

Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele

1 Lefatšeng lohle, batho ba Molimo ba khanna lithuto tsa Bibele tse ka bang limilione tse tšeletseng khoeli le khoeli. Ka ho sebelisa mekhoa ea ho ruta e atlehang, re ka thusa liithuti tsena tsa Bibele ho tsoela pele ho fihlela li inehela, li kolobetsoa le ho ‘tšoaneleha ka ho lekaneng ho ruta ba bang.’ (2 Tim. 2:2) Na u ka rata ho thusa seithuti sa hao ho etsa tsoelo-pele e joalo? Ho tloha tokollong ena, Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e tla ba le letoto la lihlooho tse tla hlalosa litšobotsi tsa motheo tsa ho khanna lithuto tsa Bibele tse tsoelang pele.

2 Nako ea ho Tlaleha Thuto ea Bibele: Haeba u e-ba le moqoqo oa kamehla oa Bibele o hlophisitsoeng, le hoja o le mokhutšoanyane, u sebelisa Bibele hammoho le libuka tse khothalletsoang, u khanna thuto ea Bibele. Ho joalo le haeba thuto e khanneloa monyako kapa ka thelefono. Thuto eo e ka tlalehoa ha e se e khanniloe ka makhetlo a mabeli ka mor’a hore ho bontšoe kamoo thuto e khannoang kateng ’me ho totobetse hore e tla tsoela pele.

3 Ho sebelisoa bukana ea Seo a se Hlokang le buka ea Tsebo bakeng sa ho khanna lithuto tsa Bibele tse ngata. Ka mor’a hore li phethoe, haeba ho totobetse hore motho eo o tsoela pele, esita le haeba a tsoela pele butle, le hore o ba le kananelo ka seo a ithutang sona, joale thuto e ka ’na ea ntšetsoa pele bukeng ea Rapela Molimo. Bukana ea U ka ba Motsoalle oa Molimo! e ka ’na ea sebelisoa bakeng sa ho ithuta le batho ba sa rutehang hakaalo kapa ba sa tsebeng ho bala hantle.

4 Mosebetsi oa ho khanna lithuto tsa Bibele o ’nile oa atleha ho thuseng ba limilione ho ba barutuoa ba ’nete ba Jesu Kreste. (Mat. 28:19, 20) Ka ho sebelisa litlhahiso tse tla fanoa lihloohong tse tlang, u ka khanna thuto ea Bibele e tsoelang pele.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela