Khanna Lithuto Tse Hatelang Pele U Eme Monyako le ka Thelefono
1. Sepheo sa rōna sa ho khanna lithuto tsa Bibele ke sefe?
1 Ruri hoa thabisa ho qalisa thuto ea Bibele! Leha ho le joalo, ho fumana motho ea thahasellang ho ithuta Bibele ke qalo feela. Sepheo sa ho khanna thuto ke ho thusa motho ho ba morutuoa oa ’nete oa Kreste. (Mat. 28:19, 20) Ke eng e ka re thusang ho finyella sepheo see?
2. Lithuto tsa Bibele tse khanneloang monyako le ka thelefono ke tse joang, hona ke hobane’ng ha li atleha?
2 Batho ba Phathahaneng: Mehleng ena, batho ba ntse ba phathahana le ho feta. Libakeng tse ling, hase batho ba bangata bao ho tloha qalong ba thabelang ho behella hora ka thōko hore ba ithute Bibele. E le hore re thuse batho bao, re ’nile ra khothalletsoa ho qalisa le ho khanna lithuto tsa Bibele re eme monyako kapa ka thelefono. Qalong, lithuto tsena li batla li le khutšoanyane ’me li ka akarelletsa ho tšohla litemana tsa Bibele tse seng kae re sebelisa serapa se le seng kapa tse peli tsa sengoliloeng se kang buka ea Seo Bibele e se Rutang. Ka sebele hoa babatseha hore ebe hona joale bahoeletsi ba bangata ba khanna lithuto tse joalo ba eme monyako le ka thelefono!
3. Ke hobane’ng ha re lokela ho ikitlaelletsa ho eketsa nako eo re e qetang thutong e khanneloang monyako?
3 Leha ho le joalo, na re lokela ho khotsofalla ho khannela lithuto monyako ho ea ho ile? Che. Le hoja ho se bohlale ho bua lolololo ha re qalisa thuto, Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea May 1990, leqepheng la 4 e ile ea bua tjena ka taba ena: “Ha thuto e se e qalisitsoe ’me khahleho ea mong’a ntlo e hōlisitsoe, re ka sebelisa nako e teletsana thutong.” Ntlha ena ke ea bohlokoa. Ka mohlala: Qalong ngoana ea lapang a ka ’na a feptjoa lijo tse nyenyane ho fihlela a e-ba le takatso ea lijo hape, empa re ke ke ra lebella hore a boele a fepehe hantle le ho hōla ka tsela e tloaelehileng haeba a feptjoa lijo tse nyenyane joalo ka nako e telele. Ka ho tšoanang, ho hlokahala hore seithuti sa Bibele se khanneloe thuto e tloaelehileng le ea kamehla e le hore e be mohlanka oa Molimo ea hōlileng ka ho feletseng.—Baheb. 5:13, 14.
4. Ke melemo efe e fumanoang ka ho tšoarela thuto ea Bibele ka tlung?
4 Lithuto Tsa Bibele Tse Khanneloang ka Tlung: Re khothalletsoa ho khannela lithuto moo ho khutsitseng—ebang ke ka tlung kapa sebakeng se seng se loketseng. Sena se tla etsa hore ho be bonolo ho ithuta ebile se tla thusa seithuti ho utloisisa Lentsoe la Molimo. (Mat. 13:23) Se tla boela se thuse mosuoe ho feto-fetola boitsebiso bo ithutoang hore bo amane le seo seithuti se se hlokang. Ho feta moo, ho ba le thuto e teletsana ho tla fana ka monyetla oa ho pharalla haholoanyane le ho tšohla Lentsoe la Molimo ka tsela e matlafatsang tumelo.—Bar. 10:17.
5. Re ka etsa joang hore thuto eo re e khannelang monyako re qetelle re e khannela ka tlung?
5 U ka etsa joang e le hore thuto eo u e khannelang monyako u qetelle u e khannela ka tlung? Ka mor’a ho khannela motho thuto e khutšoanyane ka makhetlo a ’maloa, ke hobane’ng ha u sa etse tlhahiso ea ho ithuta le eena ka nako e teletsana le e tobileng? Kapa mohlomong u ka sebelisa mokhoa o sa tobang ka ho mo botsa potso e reng, “Na kajeno u ka ba le nako ea ho lula fatše ’me re tšohle taba ee hammoho?” kapa “Kajeno u ka rata hore re nke nako e kae re tšohla taba ee?” Haeba boiteko ba hao bo sa atlehe, u ’ne u tsoele pele ho khannela motho eo thuto e khutšoanyane u eme monyako. Ha monyetla o hlaha, leka hape ho kōpa hore thuto e khanneloe ka tlung.
6. Re lokela ho phetha tšebeletso ea rōna re e-na le sepheo sefe, hona litlhahiso tse sehloohong see li ka re thusa joang hore re finyelle sepheo seo?
6 Ha re ntse re tsoela pele ho batla batho ba tšoanelehang, a re se keng ra lebala hore na sepheo sa rōna sa ho qalisa le ho khanna lithuto tsa Bibele ke sefe. Sepheo sa rōna ke ho thusa batho ba lipelo li ntle ho ba bahlanka ba Jehova ba inehetseng le ba kolobelitsoeng. E se eka a ka hlohonolofatsa boiteko ba rōna ha re ntse re phetha tšebeletso ea rōna re e-na le sepheo sena.—2 Tim. 4:5.