Seo Bibele e se Rutang—Ke Buka ea Rōna e ka Sehloohong e Sebelisoang Lithutong Tsa Bibele
1 Ruri re ile ra thaba ha re le Kopanong ea Setereke ea “Ho Mamela Molimo” ’me re bona ha ho lokolloa buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Ba tlileng kopanong ba ile ba nyakalla ha ba fumana libuka tsa bona qetellong ea lenaneo ka Moqebelo. Buka ee e ncha eo batho ba rutoang ka eona e tla sebelisoa joang? Morero ke hore e be eona e ka sehloohong e sebelisoang lithutong tsa Bibele. Le hoja buka ena e ncha e tla qala ho tsamaisoa ka June, bahoeletsi ba khothalletsoa ho qala hang-hang ho e sebelisa ha ba qalisa lithuto tsa Bibele le ha ba li khanna.
2 Lithuto Tse Seng li Ntse li Tsoela Pele: Bahoeletsi ba khannang lithuto tsa Bibele ka buka ea Tsebo kapa ka bukana ea Seo a se Hlokang ba lokela ho ba le kahlolo e molemo ntlheng ea hore na ba tla qala ho ithuta ka buka ena e ncha joang le hore na ba tla qala neng. Haeba le sa tsoa qalisa thuto, le ka ’na la qala ho ithuta buka e ncha ho tloha qalong. Haeba le se le ithutile buka ea Tsebo haholo, le ka ’na la ntšetsa thuto pele khaolong e nyalanang le eo bukeng ea Seo Bibele e se Rutang. Haeba le se le habile ho qeta buka ea Tsebo, le ka ’na la etsa qeto ea ho khanna thuto ka eona ho fihlela e fela.
3 Ha ho pelaelo hore kaofela ha rōna re tseba batho ba bangata ba ka ruang molemo ka ho ithuta buka ea Seo Bibele e se Rutang. Ke hobane’ng ha u sa ba kōpe ka bomong hore ba ithute Bibele le uena ka buka ee e rutang ’nete mohato ka mohato? Ka mohlala, batho ba seng ba ithutile bukana ea Seo a se Hlokang kapa buka ea Tsebo empa ba e-s’o tsoele pele ho fihlela ba inehela le ho kolobetsoa, ba ka ’na ba thabela ho tsosolosa thuto ea bona ka buka ena e ncha. Batsoali ba ka ’na ba etsa qeto ea ho sebelisa buka ena ha ba ntse ba fa bana ba bona tsebo e nepahetseng ea thato ea Molimo.—Bakol. 1:9, 10.
4 Ho Ithuta Buka ea Bobeli: Na ho na le tokisetso ea hore seithuti sa Bibele se ithute buka ea bobeli ka mor’a hore se qete buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? E, e teng. Haeba ho hlakile hore seithuti se hatela pele, le hoja e se ka potlako, ’me se ananela seo se ithutang sona, thuto ea Bibele e ka ntšetsoa pele ka buka ea Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete. Re kholisehile hore buka ea Seo Bibele e se Rutang e tla ba kofuto e matla eo re tla e sebelisa ha re ntse re phetha thōmo ea rōna ea ho etsa barutuoa.—Mat. 28:19, 20.