Lebokose la Lipotso
◼ Ke lingoliloeng life tse peli tse lokelang ho ithutoa le ba thahasellang?
Buka ea Seo Bibele e se Rutang ke eona e ka sehloohong eo re qalisang le ho khanna lithuto tsa Bibele ka eona. Le hoja e se phoso ho qalisa thuto ka sengoliloeng se seng, joaloka pampitšana e loketseng, re lokela ho etsa boiteko ba ho fetela bukeng ea Seo Bibele e se Rutang kapele kamoo ho ka khonehang. Ho qalisa lithuto ka buka ea Seo Bibele e se Rutang ho bile le liphello tse ikhethang.
Hang ha seithuti se qetile buka ea Seo Bibele e se Rutang ’me se hatela pele, se lokela ho khanneloa thuto ka buka ea Rapela Molimo. (Bakol. 2:7) Leqephe la 2 le totobatsa morero oa buka ena ka mantsoe ana: “Bibele e khothalletsa bohle ba ratang Molimo hore ba ‘utloisise ka ho phethahetseng kelellong bophahamo le botebo’ ba linnete tsa hae tsa bohlokoa. (Baefese 3:18) E le ho thusa ho finyella seo, ho lokiselitsoe buka ena. Re tšepa hore e tla le thusa ho hōla moeeng le hore le itlhomelle hamolemo ho tsamaea tseleng e tšesaane e isang bophelong lefatšeng le lecha la Molimo la ho loka.”
Haeba seithuti se tšoaneleha bakeng sa kolobetso pele se qeta libuka tsena ka bobeli, thuto e lokela ho tsoela pele ho fihlela buka ea bobeli e felile. Le hoja seithuti se kolobelitsoe, mokhanni a ka tlaleha nako, leeto la ho boela le thuto ea Bibele. Mohoeletsi ea tsamaeang le eena ’me a nka karolo le eena a ka tlaleha nako.