Kamoo re ka Sebelisang Buka ea “Lerato la Molimo” ha re Khanna Lithuto Tsa Bibele
1. Morero oa buka ea “Lerato la Molimo” ke ofe?
1 Ruri re ile ra nyakalla Kopanong ea Setereke ea “Re Tataisoa ke Moea oa Molimo” ha re fuoa buka e ncha ea “Le Ipoloke Leratong la Molimo.” Joalokaha ho ile ha etsoa tsebiso, buka ena ha ea rereloa ho re ruta lithuto tsa motheo tsa Bibele, ho e-na le hoo, e reretsoe ho re thusa hore re tsebe melao ea Jehova ea boitšoaro re be re e rate. Re ke ke ra tsamaisa buka ena ka ntlo le ntlo.
2. Buka ee e tla sebelisoa joang, hona e tla ithutoa le bo-mang?
2 Buka ena e tla ba buka ea bobeli e tla ithutoa le liithuti tsa Bibele ha li qeta buka ea Seo Bibele e se Rutang. U hopole hore batho ha ba hatele pele moeeng ka lebelo le tšoanang. Hore na ho ithutoa boitsebiso bo bokae thutong ka ’ngoe ho tla itšetleha ka bokhoni ba seithuti. Etsa bonnete ba hore se utloisisa taba hantle. Maemong a mangata, buka ena ha ea lokela ho sebelisoa ho qala lithuto tsa Bibele le batho ba kileng ba ithuta libuka tse ’maloa nakong e fetileng empa ba sa be teng libokeng tsa phutheho le bao ho hlakileng hore ha baa ikemisetsa ho etsa hore tsela eo ba phelang ka eona e lumellane le linnete tsa Bibele tseo ba ithutileng tsona.
3. Re lokela ho etsa joang haeba hajoale re ntse re khanna thuto ka buka ea Rapela Molimo?
3 Haeba hajoale u khanna thuto ka buka ea Rapela Molimo ’me u se u le likhaolong tsa ho qetela, u ka ’na ua e qeta eaba u khothalletsa seithuti hore se ipalle buka ea “Lerato la Molimo.” Ho seng joalo, ho ka ba molemo ho fetela bukeng e ncha ’me le e qale qalong. Joaloka buka ea Seo Bibele e se Rutang, ho itsoela ho uena hore na le tla bala litaba tse sehlomathisong kapa che.
4. Re lokela ho etsa joang haeba seithuti se kolobetsoa pele se qeta buka ea Seo Bibele e se Rutang le ea “Lerato la Molimo”?
4 Haeba seithuti se kolobetsoa pele se qeta libuka tse peli, thuto e lokela ho tsoela pele ho fihlela se qetile buka ea “Lerato la Molimo.” Esita leha seithuti se se se kolobelitsoe, u ka tlaleha nako, leeto la ho boela le thuto. Mohoeletsi ea tsamaeang le uena a bile a nka karolo thutong a ka tlaleha nako eo.
5. Buka ea “Lerato la Molimo” e ka sebelisoa joang ho thusa bahoeletsi ba sa kopaneleng tšebeletsong?
5 Haeba setho sa Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho se u abela hore u khannele motho ea sa kopaneleng tšebeletsong thuto ea Bibele, ho ka etsahala hore u bolelloe likhaolo tse tobileng tseo u lokelang ho li bala le motho eo bukeng ea “Lerato la Molimo.” Ha ho hlokahale hore lithuto tse joalo li khannoe nako e telele. Buka ee e ncha e reretsoeng ho re thusa ho ‘ipoloka leratong la Molimo’ e molemo hakaakang!—Juda 21.