Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/03 leq. 2
  • Khanna Lithuto Tsa Bibele ka Buka ea Rapela Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khanna Lithuto Tsa Bibele ka Buka ea Rapela Molimo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo Bibele e se Rutang—Ke Buka ea Rōna e ka Sehloohong e Sebelisoang Lithutong Tsa Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • “Nka Tseba Joang Ntle Leha e Mong a ka Ntataisa?”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Lebokose la lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
  • Pono e Tsoelang Pele ka Mosebetsi o Potlakileng oa ho Etsa Barutuoa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 4/03 leq. 2

Khanna Lithuto Tsa Bibele ka Buka ea Rapela Molimo

Buka ea Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete e hatisitsoe ka morero oa ho thusa ba bacha ho hatela pele ’neteng le ho tebisa kananelo ea bona ka Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. E ka sebelisoa e le buka ea bobeli e ithutoang le liithuti. Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 2000, leqepheng la 4, e hlalositse: “Haeba ho totobetse hore motho o tsoela pele, le hoja e le ka tsela e iketlileng, le hore o hlaolela kananelo ea seo a ithutang sona, joale tsoela pele ka thuto ea Bibele bukeng ea bobeli ka mor’a hore a qete bukana ea Seo a se Hlokang le buka ea Tsebo. . . . Maemong ana kaofela, bukana ea Seo a se Hlokang le buka ea Tsebo li tla ithutoa pele. Thuto ea Bibele, maeto a ho boela le nako e qetiloeng ho ntšetsoa pele thuto li lokela ho baloa le ho tlalehoa, esita leha seithuti se ka kolobetsoa pele se qeta buka ea bobeli.”

Ke bo-mang hape ba ka ruang molemo thutong ea Bibele ka buka ea Rapela Molimo? Sehlooho sona seo se re: “Haeba u tseba ba bang ba ileng ba ithuta [bukana ea Seo a se Hlokang le] buka ea Tsebo nakong e fetileng empa ho se mohla ba kileng ba tsoela pele ho leba boinehelong le kolobetsong, u ka ’na ua nka bohato ba pele ho bona hore na ba ka rata ho qala thuto ea bona ea Bibele hape.” A re etseng boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto ka buka ea Rapela Molimo le batho ba joalo ka April le May.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela